Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/95 maq. 2-3
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa July

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa July
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 3 July
  • Beke e Qalang ka la 10 July
  • Beke e Qalang ka la 17 July
  • Beke e Qalang ka la 24 July
  • Beke e Qalang ka la 31 July
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 7/95 maq. 2-3

Liboka tsa Tšebeletso tsa July

Beke e Qalang ka la 3 July

Pina 194

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlalehe tšebeletso ea bona ea tšimo ea June hang-hang. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho netefatsa hore litlaleho tsohle tsa likhoeling tse fetileng tsa tšebeletso ea tšimo tse fihlileng morao ho nako li fanoe.

17 mets: “Le Falimehe.” Lipotso le likarabo.

18 mets: “Sebelisa Libukana Tse Lekanang le Makasine Tse sa Tšoaneng Tšebeletsong ea Hao.” Buisana le bamameli ka linehelano tse hlahisitsoeng. Etsa litlhaloso tse khutšoanyane mabapi le litšobotsi tse thahasellisang ka libukana tse lekanang le makasine. E-ba le lipontšo tse peli kapa tse tharo tse khutšoanyane tse bontšang kamoo ho ka nehelanoang ka tsona.

Pina 213 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 10 July

Pina 110

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bua ka litokisetso tsa ho qetela tsa tšimo e sa abuoang. Sebelisa lintlha tse tsoang tlatsetsong ea lengolo la la 12 May, 1995. Ka mofuthu khothalletsa malapa ’ohle haesita le bo-pula-maliboho hore ba kopanele ’me ba thabele phutuho. Moo liphutheho li sa khoneng ho sebetsa tšimong e sa abuoang, buisana ka lipotso le bahoeletsi ba bang mabapi le liphihlelo tsa phutuho e sa tsoa feta ea pampitšana e khethehileng.

15 mets: “Na Likhopotso Tsa Jehova Lia re Tsosolosa Moeeng?” lipotso le likarabo.

15 mets: Itokisetse ho Tšelisa ba Siameng (e thehiloe maqepheng a 221-3 bukeng ea Ho Bea Mabaka). (3 mets.) Moena ea tšoereng karolo ena o bontša hore Lipaki tsa Jehova ha li hane litloaelo tsohle tse amanang le lefu. (5 mets.) Etsa pontšo ea kamoo Paki e ka hlalosetsang mosebetsi-’moho lebaka leo ka lona Lipaki tsa Jehova li qobang litloaelo tse ling tsa ho siamela bafu, e thehe puisano ea eona bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqepheng a 221-2. (7 mets.) Buisana le bamameli ka karolo e tlas’a sehlooho se reng “Haeba e Mong a Re—” maqepheng a 222-3.

Pina 154 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 17 July

Pina 192

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

20 mets: “Etsang Maeto a ho Boela Hohle Moo le Tsamaisitseng Libukana Tse Lekanang le Makasine.” Moena ea abetsoeng karolo ena o tla buisana le bahoeletsi ba bararo ka hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho boela moo ho bontšitsoeng thahasello le moo ho tsamaisitsoeng lingoliloeng. Ba hlahloba linehelano tse hlahisitsoeng ’me ba etsa pontšo ea kamoo li ka sebelisoang kateng.

15 mets: Ho Khanna Thuto ea Bibele ea Lehae. Puo ka moholo ea khannang lithuto tse tsoelang pele tsa Bibele. Khothalletsa boiteko bo boholoanyane ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. Hlahloba litlhahiso tse fanoeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, maqepheng a 89-91. Li ka akarelletsa liphihlelo tse khutšoanyane tsa sebaka seo. (Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, bua ka Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, August-December 1993, leqepheng la 1.)

Pina 164 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 24 July

Pina 126

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho.”

15 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa fana ka puo tlas’a sehlooho sa “Ho Bontša Lerato la Bokreste ho ba Hōlileng,” e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa August 1, 1994, maqepheng a 27-30.

20 mets: Baahisani ba Tla Re’ng? Puo le pontšo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa October 1, 1974, maqepheng a 447-50. Fana ka puo e bontšang lebaka leo ka lona hangata re hatelloang ke baahisani ba rōna ba lefatše. (Akarelletsa leqephe la 447 ho fihlela ho 448 serapeng sa 6.) Joale ebe u ba le pontšo ea banyalani ba nang le phihlelo ba leng thutong ea Bibele le lelapa le sa tsoa thahasella le tšosoang ke baahisani ba lefatše ba hanyetsang ho ithuta ha bona Bibele le Lipaki tsa Jehova. (Hlahloba lintlha tse khōlō tse qetellang sehlooho.) Hatisa mabaka ao ka ’ona lelapa le sa tsoa thahasella le sa lokelang ho nyahama kapa ho tela.

Pina 169 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 31 July

Pina 136

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Li fanoe ke mongoli kapa molebeli oa tšebeletso. Hopotsa bohle hore ba tlise litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa July. Ka mofuthu khothatsa bohle hore ba be le karolo e tletseng tšebeletsong ea tšimo khoeling ea ho qetela ea selemo sa tšebeletso. Na ho teng leha e le bafe ba sa tsoa kopanela, haesita le bana ba ntseng ba kena sekolo bao batsoali ba bona ba kolobelitsoeng, ba ka tšoanelehang ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang ka August? Bua ka monyetla o teng oa sena phuthehong. Lokolisa litokisetso tse entsoeng bakeng sa ho thusa bana ba bacha ka August.

15 mets: “E-ba ea Hahang.” Puisano le puo ka moholo.

15 mets: Hlahloba Lingoliloeng Tse Tla Sebelisoa ka August. Bolela libukana tse lekanang le makasine tse maqephe a 32 tse ka ’nang tsa sebelisoa. Mema bahoeletsi hore ba phete liphihlelo leha e le life tse thahasellisang tsa ha ba nehelana ka libukana tse lekanang le makasine ka July. Etsa pontšo ea kamoo ho ka qalisoang thuto ea Bibele ho sebelisoa bukana e lekanang le makasine ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Botsa potso e hlahileng serapeng sa 1 sa Karolo 1. Utloa maikutlo a mong’a ntlo mabapi le mehopolo e boletsoeng lirapeng tsa 2-4. Hlalosa hore bukana e lekanang le makasine e bontša hore ehlile Molimo o-oa re tsotella le hore re ka thabela bophelo bo se nang bohloko lefatšeng la hae le lecha le tlang. Ithaopele ho khutla bakeng sa ho ba le puisano e tsoelang pele.

Pina 179 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela