Liboka tsa Tšebeletso tsa August
Beke e Qalang ka la 7 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bontša lihlooho tse leng litokollong tsa morao-rao tsa limakasine tse ka ’nang tsa buelloa ha ho etsoa linehelano.
15 mets: “Le Tšoanela ho ba Batho ba Mofuta Ofe?” Lipotso le likarabo.
20 mets: “E-bang Matichere a Lentsoe la Molimo—Le Sebelisa Libukana.” Moena ea abetsoeng karolo ena o tla buisana le bahoeletsi ba bang ba babeli kapa ba bararo ka litšobotsi tse fapaneng tsa libukana. Joale ba tla etsa lenaneo la ho ikoetlisa ka linehelano tsa bona e mong ho e mong.
Pina 137 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 14 August
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
10 mets: Sebelisa Sekolo Hamolemo. Moholo o bontša kamoo motsoali a ka buisanang le mora kapa morali ea leng ka tlaase ho lilemo tse 20 ka ho khetha lithuto tsa sekolo. Bua ka tlhokahalo ea ho khetha lithuto tse tla thusa ho hahamalla tšebeletso e le oona mosebetsi.—Bona Molula-Qhooa oa November 1, 1992, maqepheng a 16-18, lirapeng tsa 3-11.
15 mets: “Batsoali ba Thabileng!” Puo ka moholo. Akarelletsa litlhaloso tse tsoang ho Molula-Qhooa oa August 15, 1987, maqepheng a 13-15, lirapeng tsa 14-23.
15 mets: “Boitšoaro ba Bokreste Sekolong.” Lipotso le likarabo. Khothalletsa batsoali ho hlahloba Molula-Qhooa oa July 15, 1991, maqepheng a 23-6, le bana ba bona, haholo-holo likarolo tse sebetsanang le litseko tseo ho ka etsahalang hore bana ba tobane le tsona.
Pina 157 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 21 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Letsatsi le Khethehileng.” Haeba le tsejoa, bolela letsatsi le tlang la kopano. Khothalletsa bohle ho ba teng.
15 mets: “Ho Inehela ka Boithatelo Mosebetsing o Mong le o Mong o Molemo.” Puo e chesehang ka moholo lirapeng tsa 1-9.
20 mets: “Ho Inehela ka Boithatelo Mosebetsing o Mong le o Mong o Molemo.” Lirapa tsa 10-15 li akaretsoe ka lipotso le likarabo. Totobatsa moo phutheho e haelloang le litsela tseo ka tsona bohle re ka thusang.
Pina 156 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 28 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Fana ka tlaleho bakeng sa khatelo-pele e entsoeng tšimong e sa abuoang. Tsebisa phutheho litokisetso tsa September. Buisana ka lipotso le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ka katleho eo ba bileng le eona nakong ea phutuho. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ea phutheho ba lokela ho bona hore litlaleho tsohle tse saletseng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1995 lia honyella. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlalehe tšebeletso ea bona ea tšimo ea August hang-hang.
15 mets: “Maeto a ho Boela a Atlehang a Hloka ho Ruta ka Katleho.” Hlahloba lintlha tsa sehlooho ’me u be le pontšo e le ’ngoe kapa tse peli. Khothalletsa ba tšoarang liboka tsa tšebeletso ea tšimo ho hlahloba lintlha tsena le sehlopha se eang tšebeletsong, ba se thuse ho sebelisa litlhahiso tse fanoeng ho ntlafatsa maeto a ho boela.
20 mets: Nehelana ka Buka ea Phela ka ho sa Feleng ka September. Hlalosa kamoo buka ena e phethang karolo ea bohlokoa ho fetiseng molaetsa oa Jehova oa kahlolo. (Bona Molula-Qhooa oa April 1, 1988, maqepheng a 25-6, lirapeng tsa 17-18.) Pheta phihlelo e leng lirapeng tsa 3-4 leqepheng la 15 ho Molula-Qhooa oa April 1, 1992. Lebisa tlhokomelo litšoantšong tse hlollang tse hlahang maqepheng a 3, 11-13, le 156-8 bukeng ena. Bua ka litsela tseo ka tsona litšoantšo tsena li ka sebelisoang ho qala moqoqo. E re mohoeletsi ea nang le bokhoni a etse pontšo e khutšoanyane ka nehelano a sebelisa le leng la Mangolo a bontšitsoeng maqepheng a 156-8. Hatisa pakane ea ho leka ho qala lithuto tsa Bibele. Hopotsa bohle hore ba fumane likopi tseo ba tla li sebelisa mafelo-bekeng ana.
Pina 178 le thapelo e koalang.