Liboka tsa Tšebeletso tsa December
TLHOKOMELISO: Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke e ’ngoe le e ’ngoe ka December. Liphutheho li ka etsa liphetoho tse hlokahalang bakeng sa ho fana ka nako ea ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Barorisi ba Thabileng” le ho ikhopotsa ka metsotso e 30 lintlha tsa sehlooho tsa lenaneo la kopano Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e latelang. Esale pele tlhahlobo ea letsatsi le letsatsi ea lenaneo la kopano ea setereke e tla abeloa baena ba babeli kapa ba bararo ba tšoanelehang ba tla lebisa tlhokomelo lintlheng tse khōlō. Tlhahlobo ena e lokiselitsoeng hantle e tla thusa phutheho ho hopola lintlha tsa sehlooho tseo e ka itšebelisetsang tsona le ho li sebelisa tšimong. Litlhaloso le liphihlelo tse tsoang ho bamameli li lokela ho ba khutšoaane ’me e be tse tobileng.
Beke e Qalang ka la 4 December
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hopotsa bohle ka phuthehong ka tlhokahalo ea hore ba kopanele tšebeletsong mathoasong a December le ho tiisa hore ba fana ka litlaleho tsa bona pele ba e-ea phomolong kapa kopanong. Ka kōpo tlisang litlaleho ho sa tsotellehe hore na le sebelitse nako e kae tšebeletsong. Bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho hopotsa bohle ba leng lihlopheng tsa bona ka sena.
15 mets: “Rorisa Jehova Letsatsi le Letsatsi.” Lipotso le likarabo. Lirapa li baloe. Mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba pheta liphihlelo tse khothatsang tseo ba li thabetseng ha ba ntse ba paka ka mokhoa o sa reroang.
20 mets: “Ho Nehelana ka Buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.” Ka mafolo-folo buella ho tsamaisa buka ena ka December. Ba eang phomolong kapa likopanong ba ka ’na ba lakatsa ho fumana likopi tse eketsehileng tseo ba ka li sebelisang ha ba kopanela bopaking bo sa reroang. Hlahloba linehelano tse khothallelitsoeng ’me ho etsoe pontšo ka e le ’ngoe kapa tse peli tsa tsona.
Pina 224 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 11 December
13 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Ka bokhutšoaane hlahloba a mang a mabaka ao re lokelang ho lokisetsa ho kopanela ka botlalo le ka tsela e nang le moelelo tšebeletsong ea tšimo. Ho e-na le ho lekanyetsa nako ho hora e le ’ngoe kapa ho feta moo ha re e-ea tšebeletsong, ke hobane’ng ha re sa sebetse lihora tse peli kapa ho feta haeba ho khoneha? Hangata katleho e itšetlehile ka ho lokisetsa maeto a ho boela esale pele le ho lokisetsa ho sebetsa le ba bang ba rerileng ho sebetsa lihora tse peli kapa ho feta.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa puo e thehiloeng sehloohong “Moputso oa ho Phehella,” ho Molula-Qhooa oa August 1, 1995, maqepheng a 25-9.
17 mets: “Lokisetsa Liboka Tsa Phutheho le ho li Thabela.” Puo le puisano. Mema mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ho pheta seo ba se etsang se ba thusang ho thabela liboka le ho rua molemo o moholo ho tsona.
Pina 28 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 18 December
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Fana ka litlhahiso tsa kamoo ho ka arabeloang ka bohlale kateng litumelisong tsa matsatsi a phomolo. Tsebisa ka litokisetso tse khethehileng tsa ho paka ka la 25 December liphuthehong tse tla beng li sa ea kopanong.
15 mets: “Etsa Hore Tsoelo-pele ea Hao e Bonahale.” Lipotso le likarabo.
20 mets: “Khutlela ho ba Bontšitseng Thahasello.” Hlahloba linehelano tse khothallelitsoeng ’me ho etsoe pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoaane. Khothalletsa bohle ho etsa maeto a ho boela ka sepheo sa ho qalisa lithuto tsa Bibele.
Pina 44 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 25 December
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Haeba linako tsa lōna tsa liboka li tla fetoha ka la 1 January, khothalletsa bohle ho tšehetsa sena ka botlalo ka ho etsa liphetoho leha e le life tse hlokahalang. (Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea December 1994, leqepheng la 2.) Tsebisa ka litokisetso tse khethehileng tsa ho paka ka la 1 January liphuthehong tse tla beng li sa ea kopanong.
15 mets: Lebokose la Lipotso. Puo. Etsa hore boitsebiso bo sebetse phuthehong.
25 mets: “Ho Khantša Leseli la Rōna ka ho Tsoelang Pele.” Theha kenyelletso e khutšoaane ho lirapa 1-5. Lirapa 6-16 li akaretsoe ka lipotso le likarabo. Bala lirapa 6-9, 15 le 16. Sebelisa lirapa 17-19 bakeng sa sephetho. E fanoe ke molebeli oa tšebeletso haeba ho khoneha.
Pina 3 le thapelo e koalang.
Se tsoela pele leqepheng la 7
Seboka sa Tšebeletso (ho tsoa leqepheng la 2)