Ha ho Mohla re Kileng ra Kena-kena Hakana Moeeng!
1 Batho ba bangata ba laba-labela letsatsi leo ba ka reng, “Ha ho mohla re kileng ra kena-kena hakana!” Likelellong tsa bona, letsatsi leo le tla tla ha ba e-na le matletse-tletse a lintho tse bonahalang, tse ba lumellang ho ‘khatholoha, ho ja, ho noa le ho ithabisa.’ (Luka 12:19) Ha ho bapisoa, hona joale ka kutloisiso ea moea re khona ho bolela hore ha re haelloe ke letho le molemo. (Pes. 34:10) Hoo ho ka etsahala joang?
2 Liproverbia 10:22 e bolela hore “lehlohonolo la Jehova le entša motho.” Rōna ba fumanang mohau o joalo oa bomolimo kannete re ka re Molimo o ‘re fa lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.’ (1 Tim. 6:17) Sena se re etsa batho ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng!
3 Ho Nahana ka Mahlohonolo ao re Nang le ’Ona: Ke ba fokolang ho rōna ba nang le matletse-tletse a lintho tse bonahalang. Empa, re hlohonolofalitsoe hobane ha re amehe haholo ka litlhoko tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi. Jehova o tseba lintho tseo re li hlokang, ’me o tšepisa ho re fa tsona. (Mat. 6:31-33) Ho re tiisetsa ha hae ho re fa khotso ea kelello eo e leng ea bohlokoahali e le kannete.
4 Leha ho le joalo, mahlohonolo a rōna a moea a maholo le ho feta. Bophelo ba rōna bo itšetlehile ka lijo tsa moea tse tsoang ho Jehova. (Mat. 4:4) Ba talimang mehloling ea lefatše bakeng sa lijo tsa moea ba lula ba lapile ha rōna re e-ja ’me re e-noa hore re khotsofale. (Esa. 65:13) “Lekhoba le tšepahalang” le re buletse phepelo e sa feleng ea tsebo e isang bophelong bo sa feleng.—Mat. 24:45; Joh. 17:3.
5 Kamano ea rōna ea bara ba motho ea bohlokoa ea lefatše ka bophara e re fa botsoalle bo mofuthu ba barab’abo rōna le baralib’abo rōna ba lerato ba phelang karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše. (Joh. 13:35) Phutheho ea sebaka ka seng ke setšabelo sa khotso, moo re ka fumanang matšeliso le khatholoho. Baholo ba lebela lisoule tsa rōna, ba re thusa ho sebetsana ka katleho le mefuta e mengata ea mathata. (Baheb. 13:17) Ho atamela ha rōna haufi le barab’abo rōna ho fella ka ho khothatsana, ho re matlafaletsa hore re tiisetse.—Baroma 1:11, 12.
6 Esita le mosebetsi oa rōna ke tlhohonolofatso. Mesebetsi e mengata ea boipheliso ke e tenang le e sa khotsofatseng. Ho arolelana litaba tse molemo ho nyakallisa ba bang ’me ho re tlisetsa thabo. (Lik. 20:35) Ka sebele re khona ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa rōna o thata.—Moek. 2:24.
7 Ka holim’a tsohle, re na le tšepo e babatsehang bakeng sa bokamoso. (Baroma 12:12) Re lebelletse lefatše le lecha le phethahetseng la ho loka, moo re tlang ho phela le baratuoa ba rōna ka thabo le ka khotso ka ho sa feleng! Tšepo ena ke letlotlo le fetang ntho leha e le efe eo lefatše lena le ka fanang ka eona.—1 Tim. 6:19.
8 Re ka Bontša Kananelo ea Rōna Joang? Le ka mohla re ke ke ra lefa Jehova bakeng sa seo a re etselitseng sona. Seo re ka mpang ra se etsa feela ke ho bontša kananelo ka (1) ho mo leboha letsatsi le leng le le leng bakeng sa mosa oa hae o sa tšoanelang (Baef. 5:20), (2) ho bontša lerato la rōna ka ho ba ba mamelang (1 Joh. 5:3), (3) ho halaletsa lebitso la hae ka ho bolela litaba tse molemo (Pes. 83:18) le ka (4) ho tšehetsa phutheho ea Bokreste ka tšebelisano ea rōna eohle e tlohang botebong ba pelo.—1 Tim. 3:15.
9 Re na le mabaka ’ohle a ho ba batho ba thabileng ka ho fetisisa lefatšeng. (Pes. 144:15b, NW) E se eka boikutlo ba rōna, boitšoaro ba rōna le tšebeletso ea rōna li ka bonahatsa thabo eo re e utloang paradeiseng ea rōna ea moea. Ha ho mohla re kileng ra kena-kena hakana!