Liboka Tsa Tšebeletso Tsa May
Beke e Qalang ka la 6 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Litsebiso tse Khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
15 mets: “E-ba ka Soule Eohle!” Lipotso le likarabo. Ha nako e lumela, hlahloba “Lintlha Tseo le ka li Buisanang le le Lelapa,” ho Molula-Qhooa oa June 1, 1982, leqepheng la 26.
20 mets: “Bua ’Nete le Moahelani oa Hao.” Lipotso le likarabo. Hlahloba linehelano tse hlahisitsoeng. Khothalletsa ba bacha ’neteng hore ba kopanele kabong ea limakasine, ba qala ka ho sebelisa linehelano tse khutšoanyane. E-ba le lipontšo tse peli tse akarelletsang “Morero oa Molula-Qhooa” leqepheng la 2.
Pina 148 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 13 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
20 mets: “Ha ho Mohla re Kileng ra Kena-kena Hakana Moeeng!” Lipotso le likarabo. E-ba le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo, ho akarelletsa le mocha, ba bolele a mang a mahlohonolo a bona. Qetella ka ho bontša kamoo kananelo e eketsehileng e re susumeletsang tšebeletsong e chesehang kateng tšebeletsong e halalelang.
15 mets:Litlhoko tsa phutheho. Kapa puo ka moholo ka sehlooho “Ke Hobane’ng ha ho le Bonolo Hakaale ho Bua Leshano?” tokollong ea December 15, 1992, ea Molula-Qhooa, maqepheng a 21-3.
Pina 193 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 20 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa bohle ho kopanela kabong ea limakasine.
20 mets: “Tsoelang Pele le Bua ’Nete.” Hatella tlhokahalo ea ho etsa maeto a ho boela, ka sepheo sa ho qala lithuto. Nehelana ka lipeeletso ho ba thabelang ho bala Molula-Qhooa le Tsoha! E-ba le lipontšo tse khutšoanyane tse peli.
15 mets: “Na U Tšoarehile Haholo?” Lipotso le likarabo. Ha nako e lumela, kopanyelletsa le litlhaloso tse tsoang ho Tsoha! ea June 8, 1990, maqepheng a 29-31. E-re mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba phete ka bokhutšoanyane seo ba se entseng hore ba sebetsane ka katleho le kemiso e phathahaneng ea puso ea Molimo.
Pina 28 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 27 May
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo ea May kapele.
15 mets: Ho Nehelana ka Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka June. Molebeli oa tšebeletso o qala ka ho bua ka hore na ke hobane’ng ha buka ea Tsebo e ile ea hatisoa. Joale o hlahloba tse ling tsa lintlha tsa eona tsa sehlooho le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba tšoanelehang. Buka e arabela lipotso ka bokamoso ba rōna, mahlomola a batho, ’Muso oa Molimo, boitšoaro ba bomolimo, bophelo ba lelapa le melemo ea thapelo. Ba babeli sehlopheng seo ba etse lipontšo tse sa tšoaneng tse bontšang kamoo ho ka qalisoang thuto leetong la pele kapa la ho boela. Joale molebeli oa tšebeletso o akaretsa lintlha tse latelang. Ho hlokahala ho khannoe lithuto tse eketsehileng tse tsoelang pele tsa Bibele ka nako e khutšoanyane. Buka ena e entsoe ka ho khetheha bakeng sa morero oo. E hlahisa ’nete ka mokhoa o nepahetseng le o tobileng. Lipotso serapeng se seng le se seng, hammoho le qetellong ea khaolo e ’ngoe le e ’ngoe li re thusa ho tsepamisa maikutlo lintlheng tsa sehlooho. Buka ena e akaretsa likarabelo lipotsong tse botsoang ke ba sa tsoa inehela ba lakatsang ho kolobetsoa. Khothalletsa bohle ho sebetsa ba e-na le pakane ea ho qala lithuto ka June.
10 mets: Lebokose la Lipotso. Bala ’me u buisane le bamameli.
15 mets: E-ba le Karolo Beke le Beke ho Etseng Maeto a ho Boela. Puisano e khothatsang ka molebeli oa tšebeletso kapa moholo e mong ea etsang maeto a ho boela kamehla. Balebeli ba tsamaeang ba bangata ba bontšitse ho ameha ka hore barab’abo rōna ba bangata ha ba etse maeto a ho boela. Boemo ke bofe phuthehong ea heno? Fana ka lipalo. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e ba le sehlooho ka tšobotsi ena ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna. Na u sebelisa litlhahiso tsee? Ho boetse ho hlokometsoe hore bakhanni ba thuto ea buka ba seng bakae baa latella ho tiisa hore bahoeletsi ba sehlopheng seo ha ba etse maeto a ho boela feela empa ba boetse ba sebelisa litlhahiso tse leqepheng le ka morao la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle hore ba be hlokolosi haholoanyane ka ho etsa maeto a ho boela, re habile ho qeta halofo ea tšebeletso ea rōna ea tšimo mosebetsing oa ho latella. Ha nako e lumela, hlahloba boitsebiso bo bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, maqepheng a 88-9.
Pina 155 le thapelo e koalang.