Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/96 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 3 June
  • Beke e Qalang ka la 10 June
  • Beke e Qalang ka la 17 June
  • Beke e Qalang ka la 24 June
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 6/96 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Beke e Qalang ka la 3 June

Pina 181

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo ea khoeli le khoeli bakeng sa naha ka kakaretso le ea phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo ea May ka potlako. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho hlahloba hore litlaleho tsohle tse saletseng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa likhoeli tse ka pele lia tlisoa.

15 mets: “Etsisa Tumelo ea Bona.” Lipotso le likarabo. Hlahloba bopaki ba tumelo, bo akarelitsoeng lebokoseng le leqepheng la 13 ho Molula-Qhooa oa September 15, 1991. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ho fumana hore na ba thusitsoe ke eng ho lula tšebeletsong ea bona ea kamehla ea ’Muso ka lilemo tse ngata.

20 mets: “Ho Hasa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.” (Serapa sa 1-3) Akaretsa serapa sa 1. (Akarelletsa litlhaloso tse tsoang ho Molula-Qhooa oa January 15, 1996, leqepheng la 12-13, serapeng sa 11-12.) Hlalosa hore sebōpeho se secha bakeng sa leqephe la ho qetela la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso se reretsoe ho re thusa ho ba ba itokisellelitseng hamolemo ha re etsa maeto a ho boela. Kaha hangata ke bohlale ho etsa leeto la ho boela ka mor’a letsatsi kapa a mabeli, ho e-na le ho leta halelele, re tla hlahloba linehelano tse hlahisitsoeng bakeng sa leeto la ntlo le ntlo le leeto la ho boela Sebokeng sa Tšebeletso se tšoanang. Ka bokhutšoanyane hlahloba serapa sa 2 le sa 3, ho latele pontšo ea serapa ka seng. Linehelano tse setseng sehloohong li tla akaretsoa Libokeng tsa Tšebeletso tse latelang tse peli.

Pina 143 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 10 June

Pina 63

7 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

8 mets: Ho Koetlisa Bana Tšebeletsong ea Tšimo. Puo ka moholo. Ho tloha lilemong tse qalang, bana ba rōna ba lokela ho ba mafolo-folo le rōna tšebeletsong. Koetliso le phihlelo tseo ba li fumanang li tla fana ka motheo o matla bakeng sa tumelo le cheseho ea bona lilemong tse latelang. Ke habohlokoa hore ba ananele hore hoa hlokahala ho nka tšebeletso eo ka ho teba le hore ba itšoare ka ho loketseng. Bana ba tlameha ho qoba boitšoaro ba ho ba morusu; tšebeletso hase nako ea ho bapala. Ho molemong oa bona hore ba sebetse le batho ba baholo. Ba lokela ho thusoa hore ba kopanele ho faneng ka linehelano ho ea ka matla a bona. (Bona Molula-Qhooa oa August 1, 1988, leqepheng la 15, serapeng sa 20.) Batsoali baa ikarabella bakeng sa ho ba lebela; ha baa lokela ho romela bana libokeng tsa tšebeletso ho se na motho e moholo ea tla ba laola. Babatsa bana ha ba etsa hantle.

10 mets: “Ho Hasa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.” (Serapa sa 4-5) Ka mor’a kenyelletso e khutšoanyane, etsa pontšo ea linehelano tsa leeto la pele le leeto la ho boela ka serapa sa 4 le sa 5. Khothaletsa bahoeletsi ho latella ka potlako hohle moo ho tsamaisitsoeng buka ea Tsebo.

20 mets: “Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo.” Etsa litlhaloso tse qalang tse khutšoanyane tse thehiloeng serapeng sa 1-2. Akaretsa serapa sa 3-11 ka lipotso le likarabo. Hlalosa hore karolo e setseng ea kenyelletso e tla hlahlojoa Libokeng tsa Tšebeletso ka July le August. Khothaletsa bohle ho e boloka.

Pina 92 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 17 June

Pina 157

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Lebokose la Lipotso.

15 mets: “Meqoqo ea Botsoalle e ka Finyella Pelo.” Lipotso le likarabo. Mema mohoeletsi a le mong kapa ba babeli hore ba phete liphihlelo tse khothatsang tse bontšang kamoo ba fumaneng karabelo e molemo kateng ka katamelo e nang le botsoalle.

20 mets: “Ho Hasa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.” (Serapa sa 6-7) Hatisa lipakane tsa ho etsa leeto la ho boela: Hlaolela thahasello, qala thuto, etsa litokisetso tse tobileng tsa ho khutlela. Ka mor’a hore ka bokhutšoanyane u hlahlobe linehelano tse serapeng sa 6 le sa 7, e-ba le pontšo ka e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona, ho bontša mokhoa oa ho qala thuto. Bala serapa sa 17 leqepheng la 14 ho Molula-Qhooa oa January 15, 1996.

Pina 211 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 24 June

Pina 6

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tšohla lintlha tsa sehlooho tsa lengolo la la 1 May, 1996, le eang ho liphutheho tsohle ka phutuho ea tšimo e sa abuoang. Lokolisa litokisetso tsa phutheho tsa ho sebetsa tšimo e sa abuoang. Khothaletsa bohle ho ba le karolo e tletseng selemong sena. Hape lokolisa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa bofelong ba beke, khothalletsa bohle ho ba le karolo e tletseng tšebeletsong le ho tlaleha tšebeletso ea bona ka potlako qetellong ea khoeli.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho. (Kapa fana ka puo ka “Ho Tšoara Lentsoe la ’Nete ka Nepo,” e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa January 1, 1996, leqepheng la 29-31.)

18 mets: “Ba Thuseng ho Sebeletsa Hape.” Puo le puisano ka moholo. Etsa tlhahiso ea ho sebelisa sehlooho sa Molula-Qhooa oa August 1, 1992, “Khutlelang ho ’na, ’me ke tla Khutlela ho Lōna” ho khothatsa ba sa tsoeng. Bolela tse ling tsa lintlha tsa sehlooho.

Pina 71 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela