Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/96 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa July

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa July
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 1 July
  • Beke e Qalang ka la 8 July
  • Beke e Qalang ka la 15 July
  • Beke e Qalang ka la 22 July
  • Beke e Qalang ka la 29 July
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 7/96 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa July

Beke e Qalang ka la 1 July

Pina 90

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlalehe tšebeletso ea bona ea tšimo ea June kapele-pele. Mongoli le batsamaisi ba thuto ea buka ba lokela ho hlahloba ho bona hore litlaleho tsohle tse saletseng tsa tšebeletso ea tšimo tsa khoeli e ka pele lia tlisoa.

15 mets: “Ho Phethahatsa Kano ea Rōna ka Matsatsi ’Ohle.” Lipotso le likarabo. Kopanyelletsa le litlhaloso tse tsoang ho Insight, Moqolo oa 2 leqepheng la 1162, serapa sa 6-7, ho bontša hore na ke hobane’ng ha kano e le boitlamo bo tebileng.

18 mets: “Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete.” (Serapa sa 1-3) Sebelisa serapa sa pele ho hōlisa sehlooho sa taba. Fumana hore na ke libukana life tse teng setokong phuthehong tse ka amoheloang hantle tšimong ea lōna. Ebe u hlahloba serapa sa 2-3 feela, ’me u bontše kamoo leeto la pele le leeto la ho boela le ka etsoang kateng ka bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Bontša kamoo bahoeletsi ba ka iketsetsang linehelano tsa bona kateng ka bukana e ’ngoe e tla lokela tšimo ea lōna.

Pina 112 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 8 July

Pina 43

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: “Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete.” (Serapa sa 4-5) Tšohla serapa sa 4-5 feela le lintlha tsa sehlooho tsa bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Ebe u etsa pontšo ka linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso tsa tsona bakeng sa leeto la pele le leeto la ho boela.

20 mets: “Ho Hlokahala Barab’abo Rōna ba Eketsehileng Tšebeletsong ea Bopula-maliboho.” Lipotso le likarabo. Ha nako e lumela, hlahloba litlhahiso tsa mokhoa oa ho hlokomela litlhoko tsa lichelete, joalokaha ho buisanoe ka tsona ho Molula-Qhooa oa September 15, 1993, leqepheng la 28-31.

Pina 16 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 July

Pina 162

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Molebeli oa tšebeletso o lokela ho tsebisa phutheho ka litokisetso tsa ho qetela bakeng sa tšimo e sa abuoang—letsatsi, sebaka se tla sebetsoa, marobalo, litokisetso tsa ho tsamaea le mpho ea lingoliloeng.

20 mets: “Na U Kile Ua Leka Bopaki ba Mantsiboea?” Puo eo bamameli ba kopanelang ho eona, hape ho be le lipuisano ka lipotso. Pheta se hlokometsoeng sebakeng seo ha ho sebetsoa tšimo mantsiboea. Kopanyelletsa liphihlelo tse bontšang liphello tse ntle ka bopaki ba mantsiboea. Lokolisa kemiso ea moo ea beke le beke ea liboka tsa tšebeletso.

15 mets: “Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete.” (Serapa sa 6-8) Sebelisa serapa sa ho qetela sa sehlooho seo ho khothaletsa bohle ho etsa maeto a ho boela ka potlako ho ba tsamaiselitsoeng libukana. U sebelisa serapa sa 6-7, bontša mokhoa oa ho nehelana ka bukana ea Morero oa Bophelo leetong la pele le mokhoa oa ho qala thuto khaolong ea pele ea buka ea Tsebo leetong la ho boela. Hopotsa bahoeletsi hore ba ka iketsetsa linehelano tsa bona bakeng sa libukana tse ling, ba latela mohlala oa linehelano tse hlahisitsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

Pina 64 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 July

Pina 108

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ka bokhutšoanyane hlahloba litokollo tsa morao-rao tsa limakasine, u supa lintlha tse thahasellisang tse ka sehloohong tse ka ’nang tsa sebelisoa ha ho nehelanoa ka tsona matlong.

15 mets: Hahamalla Pakane ea Tšebeletso ea Nako e Tletseng. Puisano pakeng tsa moholo le mocha a le mong kapa ba babeli, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa December 15, 1988, leqepheng la 25-7. Bacha ba leka ho etsa qeto ea hore na ba tla hahamalla lipakane life ka mor’a hore ba qete sekolong se phahameng. Ba bontša thahasello menyetleng ea lintho tse bonahalang eo mesebetsi ea lefatše e fanang ka eona. Moholo o supa mabaka a matla a hore na ke hobane’ng ha ho ne ho tla ba molemo haholo ho hahamalla tšebeletso ea bopula-maliboho. Bacha baa lumela empa baa belaela hore na ba ka bula maliboho ’me ba ba ba ’na ba itlhokomela nameng. Moholo o arolelana le bona liphihlelo tse tsoang sehloohong sa Molula-Qhooa, a bontša hore tšebeletso ea bopula-maliboho ke pakane e utloahalang, e ka finyelloang e tlisetsang ba bangata thabo. Puisano e qetella ka hore bacha ba bontše kananelo ka litlhaloso tsa moholo le boikemisetso ba bona ba ho nahana ka ho teba ka ho hahamalla pakane ea ho ba le karolo e feletseng tšebeletsong ea ’Muso.

20 mets: “Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo.” Puo e akaretsang serapa sa 12-16 sa kenyelletso ea June 1996. Kopanyelletsa lipontšo tse peli tsa thuto e tsoelang pele ea Bibele. Ea pele e bontša mokhoa oa ho koetlisetsa seithuti ho lokisetsa thuto ka ho thalla kapa ho sehella mantsoe a sehlooho le lipoleloana tseo ka ho toba li arabelang lipotso tse hatisitsoeng. Ea bobeli e bontše seo u ka se buang ho khothaletsa seithuti sa Bibele ho ba teng Sebokeng sa Phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa.

Pina 116 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 July

Pina 212

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho.” Khopotso ea litokisetso tsa ho ea sebetsa tšimong e ka thōko. Hopotsa bohle ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa July. Ka mofuthu khothatsa bohle hore ba be le karolo e tletseng tšebeletsong ea tšimo nakong ea khoeli ea ho qetela ea selemo sa tšebeletso.

20 mets: Ho Hloka Eng Hore Motho a Fumane Thuto ea Bibele? Moholo o tsamaisa puisano pakeng tsa ba babeli kapa ba bararo ba ileng ba atleha mosebetsing oa thuto ea Bibele, ba hlahloba litsela tsa ho atleha haholoanyane ho qaliseng lithuto: (1) Rapella thuso ea Jehova. (2) Kopanela kamehla litšobotsing tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ho fumana ba thahasellang. (3) Tlaleha bohle ba thahasellang, ’me u khutlele ka potlako. (4) Kamehla buella thuto moo ho bontšitsoeng thahasello. (Bona sehloohoana se reng “Ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele,” leqepheng la 20 la Molula-Qhooa oa February 15, 1996.) (5) Haha kholiseho tsebong ea hao ea ho ruta ka ho sebelisa litlhahiso tse ’ne tse thathamisitsoeng leqepheng la 27-31 la Molula-Qhooa oa March 15, 1985.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa moholo o fana ka puo holim’a “Matšeliso le Khothatso—Mahakoe a Nang le Litšobotsi Tse Ngata,” ho Molula-Qhooa oa January 15, 1996, leqepheng la 21-3.

Pina 165 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela