Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/96 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa October

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa October
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 7 October
  • Beke e Qalang ka la 14 October
  • Beke e Qalang ka la 21 October
  • Beke e Qalang ka la 28 October
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 10/96 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa October

Beke e Qalang ka la 7 October

Pina 47

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka tlaleho ea phutheho ea tšebeletso ea tšimo bakeng sa August. October ke khoeli ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. Khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo.

15 mets: Lebokose la Lipotso. Molebeli oa tšebeletso kapa moholo e mong ea tšoanelehang o tšohla boitsebiso le bamameli.

20 mets: “Lokisetsa Nehelano ea Hao ea Makasine.” (Serapeng sa 1-7) Botsa lipotso serapeng sa 1-4, ebe joale u ba le lipontšo tse peli kapa tse tharo tse khutšoanyane ho bontša hore na ho ka nehelanoa ka peeletso joang, u sebelisa litlhahiso tse serapeng sa 5-7. Kopanyelletsa le litlhaloso tse tsoang ho Molula-Qhooa oa March 1, 1987, leqepheng la 17, serapeng sa 8-9.

Pina 222 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 14 October

Pina 39

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: “Ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ho Hong ho Molemonyana.” Lipotso le likarabo. Totobatsa tse ling tsa lihlooho tsa bohlokoa tse hlahileng ho Molula-Qhooa.—Bona Molula-Qhooa oa March 1, 1987, leqepheng la 13.

20 mets: “Lokisetsa Nehelano ea Hao ea Makasine.” (Serapeng sa 8-11) Lipotso le likarabo. Kopanyelletsa le litlhaloso tse ’nè tse ho Molula-Qhooa oa January 1, 1994, leqepheng la 24-5, serapeng sa 18-21. U sebelisa litokollo tsa October tsa makasine ena, bontša mokhoa oa ho lokisetsa nehelano: (1) Khetha sehlooho se ka ’nang sa hapa thahasello tšimong ea heno, (2) sheba ntlha e thahasellisang eo u tla e buella, (3) nahana ka potso e ka sebelisoang ho lebisa tlhokomelo ntlheng eo, (4) qōlla lengolo leo u tla le bala ha u fuoa monyetla, le (5) lokisetsa mantsoe ao u tlang ho qala ka ’ona le seo u tlang ho se bua ka makasine eo e le hore u tle u khothalletse mong’a ntlo ho amohela peeletso. E-ba le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba tšoanelehelang hore ka mong a etse pontšo ea nehelano. Kopanyelletsa le mocha ea tlang ho etsa pontšo e bonolo ea nehelano ea makasine.

Pina 82 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 21 October

Pina 169

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlalosa mokhoa oa ho qala tselana ea makasine: (1) Tlaleha makasine e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaisitsoeng le sehlooho se bueletsoeng, (2) lokisetsa ho khutlela u e-na le litokollo tse latelang, hape (3) behella nako ka thōko kemisong ea hao ea tšebeletso ea beke le beke ho etsa maeto ana. Hopola ho nehelana ka lipeeletso ha ho hlaha monyetla o mong le o mong. Haeba peeletso e hanoa, nehelana ka limakasine tse peli. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlalehe leeto le leng le le leng la tselana ea makasine e le leeto la ho boela.

13 mets: “Sebetsa Tšimo ea Hao ka Botlalo.” Bua ka sehlooho seo le ka hore na litokisetso tsa sebaka seo ke life mabapi le ho sebetsa likhoebo. Mema bamameli hore ba phete liphihlelo tse khothatsang tseo ba li thabetseng ha ba sebetsa mabenkele a akarelelitsoeng tšimong ea bona.

20 mets: “Kopano ea Setereke ea ‘Manģosa a Khotso ea Bomolimo’ ea 1996.” Kakaretso ea lipotso le likarabo serapeng sa 1-17. Bala serapa sa 10-11, 16.

Pina 12 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 28 October

Pina 27

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kaha ho na le matsatsi a phomolo a lefatše a mangata a tlang ka December, mohlomong a fanang ka nako ea ho ba sieo mosebetsing oa boipheliso le sekolong, khothalletsa bohle ho nahana ka monyetla oa ho ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang. Khothalletsa bohle ho fana ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa October bofelong ba beke ena. Molebeli ea okamelang le mongoli ba lokela ho etsa bonnete ba hore likhoeling tse tlang ho romeloa tlaleho e feletseng ho Mokhatlo.

15 mets: “Mokhoa oa ho Reka Nako e Loketseng.” Lipotso le likarabo. Kopanyelletsa le litlhaloso tse tsoang ho Molula-Qhooa oa December 1, 1989, leqepheng la 16-17, serapeng sa 7-11.

20 mets: “Kopano ea Setereke ea ‘Manģosa a Khotso ea Bomolimo’ ea 1996.” Kakaretso ea lipotso le likarabo serapeng sa 18-24. Bala serapa sa 23. Hlahloba “Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke.”

Pina 162 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela