Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/97 maq. 5-6
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 4/97 maq. 5-6

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 6 January ho ea ho la 21 April, 1997. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Arabela polelo e ’ngoe le e ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Lilemo pele Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se hlongoa, litaba tse molemo li ile tsa tlisoa masimong a linaha lisele ke Lipaki tse neng li ithutile ’nete linaheng tsa mose le ho khutlela linaheng tsa habo tsona ho bolela. [jv-SU leq. 428 ser. 2]

2. Boikhohomoso e ka ba mokoallo oa hore re amohele liphoso tsa rōna tsa botho le ho amohela keletso. [rs-SU leq. 322 ser. 3]

3. Phethahatsong ea Zakaria 9:2-4, Tyre e ile ea timetsoa ka ho feletseng ke Nebukadnezare. [si-SU leq. 169 ser. 4]

4. Ha ho matla a ho laela lefatšeng a neng a ka tšoarela libe ho fihlela ha Jesu a e-shoa le ho nehelana ka thekollo. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 4/15 leq. 29.]

5. Le hoja C. T. Russell a ne a tsejoa ka ho pharaletseng joaloka sebui sa phatlalatsa se nang le neo, e bile thahasello ea hae e tšepahalang bathong e ileng ea mo etsa ’moleli oa evangeli ea atlehileng. [jv-SU leq. 404 ser. 2]

6. Molimo ha a jare molato bakeng sa “likoluoa tsa tlhaho” tse boletsoeng esale pele bakeng sa mehla ea rōna feela joalokaha balepi ba boemo ba leholimo ba sa jare molato bakeng sa boemo ba leholimo boo ba bolelang esale pele ka bona. [rs-SU leq. 134 ser. 5-leq. 135 ser. 2]

7. Har’a “lipōli“ tse boletsoeng ho Matheu 25:31-46, tse tla ea ho khaoloeng ho sa feleng, ho tla ba le litho tse mafolo-folo tsa Babylona e Moholo le baeta-pele ba tsona ba bolumeli. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 10/15 leq. 26 lir. 13-15.]

8. Ka lebaka la tlhoriso e sehlōhō Europe, lenane la bahoeletsi moo le ile la fokotseha ka sekhahla se seholo nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. [jv-SU leq. 454 ser. 2]

9. Ho tšoarela ba bang ho bula tsela ea hore Molimo a re tšoarele libe tsa rōna. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w94-SU 9/15 leq. 7.]

10. Libe tsohle tsa batho ba sa phethahalang li koaheloa ke thekollo. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 12/15 leq. 29.]

Arabela lipotso tse latelang:

11. Ke mokhoa ofe o hapang tlhokomelo o ileng oa sebelisoa London, Engelane, ka 1938 ho phatlalatsa puo ea kopano “Tobang Linnete”? [jv-SU leq. 447 ser. 2]

12. Ke likarolo life tse peli tse ileng tsa phethahatsoa ke Jesu Kreste tse neng li hlalositsoe ho Zakaria 6:12, 13? [si-SU leq. 171 ser. 25]

13. Tokisetso ea hore liphutheho li kopanele ho ntšeng menehelo Letlōleng la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso ke mohlala oa tšebeliso ea molao-motheo ofe? [jv-SU leq. 344 lir. 3-4]

14. Ke ka litsela life batho ba ruang molemo sehlabelong sa Jesu hona joale? [kl-SU maq. 68-9 lir. 17-19]

15. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tsila-tsila ho hlalosetsa beng ba matlo hore mosebetsi oa rōna o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo? [jv-SU leq. 349 ser. 4]

16. Ke ka kutloisiso efe “Elija moprofeta” a ileng a bonahala lekholong la pele la lilemo, phethahatsong ea Malakia 4:5, NW? [si-SU leq. 174 ser. 15]

17. Ke joang sebe se ileng sa namela ho batho bohle? [kl-SU leq. 58 ser. 13]

18. Ke hokae bukeng ea Matheu moo re fumanang keletso e molemo eo Jesu a faneng ka eona mabapi le ho lokisa mathata a tebileng? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 7/15 leq. 22.]

19. “Denari” e boletsoeng setšoantšong sa Jesu se tlalehiloeng ho Matheu 20:1-16 ke eng? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona gt-SU 97 ser. 6.]

20. Bolela lintho tse peli tse pakiloeng ke ho lumella ha Molimo bokhopo. [jv-SU maq. 77-8 lir. 18-20]

Fana ka (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Likosepele tsa pele tse tharo hangata li bitsoa “․․․․․․․․.” e leng ho bolelang hore li talima litaba ka tsela e tšoanang. [si-SU leq. 175 ser. 3]

22. Haeba motho ea ipolelang hore o na le moea oa Molimo a sa bontše ․․․․․․․․ tsa moea bophelong ba hae ’me a sa ipoloke a arohile ․․․․․․․․ le mekhoeng ea lona, boipolelo ba hae ha bo na motheo. [rs-SU leq. 127 lir. 4-7]

23. Le hoja bonneteng Jesu a sa ka a fuoa lebitso la botho la ․․․․․․․․, karolo eo a e phethileng e le motho e phethahalitse ․․․․․․․․ ke lebitso leo. (Esa. 7:14; Mat. 1:22, 23) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 1/15 leq. 22.]

24. Ka lebaka la ho nahanela ․․․․․․․․ ba mo sebeletsang ka botšepehi, Molimo o talima ․․․․․․․․ ba bona ba banyenyane ba ․․․․․․․․. (1 Bakor. 7:14) [rs-SU leq. 134 ser. 4]

25. “Moea” o tsoang ho batho lefung ke ․․․․․․․․ a simolohileng ho Molimo. (Pes. 146:4) [kl-SU maq. 81-2 lir. 5-6]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Ho na le bopaki ba hore Matheu o ile a ngola Kosepele ea hae ka (Seheberu; Searame; Segerike) ’me hamorao a e fetolela (Seheberung; Searameng; Segerikeng). [si-SU leq. 176 ser. 6]

27. Moeklesia 9:11 e re thusa ho utloisisa hore hangata batho ba tsoa likotsi le ho utloa bohloko ka lebaka la (Diabolose; batho ba khopo; tsietsi, ho ba sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng). [rs-SU leq. 131 ser. 2]

28. Maafrika a mangata a Bophirimela a ile a tseba ’nete ka lekhetlo la pele ka lipuo tsa Bibele tse susumetsang tsa (Edwin Skinner; W. R. Brown; Juan Muniz). [jv-SU leq. 433 lir. 2-5]

29. Moputso oo Jesu a o tšepisitseng ba amohelang barutuoa ba hae e le baprofeta, joalokaha ho tlalehiloe ho Matheu 10:41, ke (bophelo bo sa feleng; tšireletso ea bomolimo; ho utloa molaetsa oa ’Muso). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 1/1 leq. 24.]

30. Jesu e bile Mesia nakong ea (tsoalo; kolobetso; tsoho) ea hae e etsahetseng ka selemo sa (2 B.C.E.; 29 C.E.; 33 C.E.). [kl-SU leq. 65 ser. 12]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Zak. 4:6; Mat. 4:8-10; Mat. 16:19; Jak. 1:13; 1 Joh. 5:19

31. Molimo hase mohloli oa mathata a mangata a hlasetseng moloko oa batho. [kl-SU leq. 71 ser. 3]

32. Balateli ba ’nete ba Jesu ba hana ho kenella litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše lena. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 5/1 leq. 12 ser. 9.]

33. Tsebo mabapi le ’Muso oa Molimo e ne e tla bula tsela e eang leholimong bakeng sa Bajuda, Basamaria le Balichaba. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 3/15 leq. 5.]

34. Khanyetso ea lefatše lohle ea mosebetsi oa rōna oa boboleli e hlōtsoe, eseng ka boiteko ba motho, empa ka tataiso le ka tšireletso ea Jehova. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w94-SU 8/15 leq. 17 ser. 4.]

35. Bakreste ba na le lebaka le utloahalang la ho ipoloka ba arohile lefatšeng. [kl-SU leq. 60 ser. 18]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela