Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/97 leq. 6
  • Ke Hobane’ng Ha Ba Ho Etsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng Ha Ba Ho Etsa?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Bo-pula-maliboho Ba Fana ka Mahlohonolo Ebile Baa Amohela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ena ke Nako ea ho Bolela!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • “Bopula-maliboho bo ka U Tšoanela!”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 4/97 leq. 6

Ke Hobane’ng Ha Ba Ho Etsa?

1 Ho ile ha boleloa esale pele ka Kreste hore ‘cheseho ea ntlo ea Molimo e ne e tla mo ja.’ (Pes. 69:9) Ho chesehela ha Jesu borapeli ba ’nete ba Jehova ho ile ha mo susumelletsa ho etelletsa tšebeletso pele. (Luka 4:43; Joh. 18:37) Eona cheseho eo ea ho pakela ’nete e bonahatsoa kajeno tšebeletsong ea Lipaki tsa Jehova. Selemong se fetileng sa tšebeletso, ka karolelano ba 645 509 ba ile ba kopanela mofuteng o mong oa tšebeletso ea bopula-maliboho khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Ka lebaka la boinehelo ba rōna ho Molimo, e mong le e mong oa rōna o lokela hore ka thapelo a nahanele hore na re ka lokisa maemo a rōna e le hore re ka sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba thusang kapa ba kamehla.—Pes. 110:3; Moek. 12:1; Baroma 12:1.

2 Ka lebaka la ho phela tsamaisong ea lintho eo ka boithati e ratang lintho tse bonahalang, ba bangata lefatšeng ba thatafalloa ke ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha motho a ka sebetsa ka thata hakaalo tšebeletsong e se nang melemo ea chelete kapa botumo. Ke hobane’ng ha bo-pula-maliboho ba ho etsa? Baa tseba hore ba tšoarehile mosebetsing o pholosang bophelo. Ba susumelitsoe ke lerato le tebileng ho Jehova le batho ba bang, ba ikutloa ba tlamehile ho thusa ho pholosa bophelo. (Baroma 1:14-16; 1 Tim. 2:4; 4:16) Banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba ile ba arabela hantle ka ho re: “Ke hobane’ng ha re bula maliboho? Na ho na le mohla re ka ikemelang ka pel’a Jehova haeba re sa ho etse?”

3 Morali e mong oabo rōna o ile a ngola sena ka qeto ea hae ea ho qala ho bula maliboho: “’Na le monna oa ka re ile ra rera ho phela ka moputso oa motho a le mong, ho ileng ha bolela ho tela lintho tsohle tse sa hlokahaleng. Leha ho le joalo, Jehova o ile a re hlohonolofatsa ka ho enneng, ha ho mohla a kileng a re lahla kherehloa hore re sotlehe kapa re hloke. . . . Ke fumane lebaka la sebele la ho phela—e leng la ho thusa ba hlokang hore ba tsebe hore Jehova, Molimo oa ’nete, ha a hōle le ba mo batlang.” Ka lebaka la ho bona hore linako li potlakile, bo-pula-maliboho ba khotsofetse ka litlhoko tsa bophelo ha ka tieo ba ntse ba batla ho fumana matlotlo a moea a tlang ho ba teng ka ho sa feleng.—1 Tim. 6:8, 18, 19.

4 Haeba maemo a hao a u lumella, ke hobane’ng ha u sa kopanele le bara beno le barali beno ba makholo a likete lefatšeng ka bophara ba bulang maliboho? Ka tsela eo u ka latsoa thabo e tšoanang le eo ba e latsoang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela