Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/97 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 6/97 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka June: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R4,00. Lebisa tlhokomelo tabeng ea ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang ka monehelo oa R1,20 e le ’ngoe: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Tšimong e sa abuoang: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R4,00 le U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R8,00. Libuka tse nyenyane ke R4,00. September: Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka monehelo oa R4,00.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba tlaleho ea lichelete ea phutheho ka la 1 June kapa kapele ka mor’a moo. Etsa tsebiso phuthehong ha sena se entsoe.

◼ Bethele e hloka ka potlako setsebi sa motlakase oa makoloi se nang le phihlelo. Na u mahareng a lilemo tse 19 le 35, ’me u lesoha, kapa haeba u nyetse, ha u na ba leng tlas’a tlhokomelo ea hao? Na u ka iketsa ea fumanehang bakeng sa tšebeletso ena e khethehileng ea Bethele? Ka kōpo letsetsa Mokhatlo kapa u o ngolle haeba ua fumaneha.

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Matsatsi a macha bakeng sa likopano tse latelang tsa setereke ke ana:

La 12-14 December: George, Germiston, Johannesburg

La 19-21 December: Durban (Senyesemane), Pretoria, Soweto (Sezulu)

La 26-28 December: Durban (Sezulu), Soweto (Sesotho)

La 2-4 January, 1998: Soweto (Sezulu)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela