Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June
Beke e Qalang ka la 2 June
8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo ea khoeli le khoeli ea naha le phutheho ka kakaretso. Hopotsa bahoeletsi ho tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo ea May kapele-pele. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho hlahloba hore litlaleho tsohle tse saletseng tsa tšebeletso ea tšimo tsa likhoeli tse fetileng lia tlisoa.
15 mets: “Etsa Sohle se Matleng a Hao.” Lipotso le likarabo.—Bona hape le Molula-Qhooa oa April 15, 1993, leqepheng la 28-30.
22 mets: “Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata.” Molula-setulo o tšohla sehlooho sena le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo, ho akarelletsa le mocha. Bua ka serapa sa 1, ’me u hatelle lebaka leo buka ea Tsebo e leng molemo ka lona ho re thusa ho araba lipotso. Etsa pontšo ea lenaneo la ho itlhakisa, ’me u fane ka litlhahiso tsa ho ntlafatsa ka mor’a pontšo ka ’ngoe.
Pina 200 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 9 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bolela litokisetso tse khethehileng tsa tšebeletso ea tšimo ka la 16 June.
15 mets: Na U ka Kopanela Haholoanyane Tšebeletsong Likhoeling Tse Tlang? Puo le puisano le bamameli. Boholo ba rōna re etsa litokisetso bakeng sa mesebetsi e mengata likhoeling tsa nako ea phomolo ea mariha, ’me mesebetsi ena e ka akarelletsa nako ea phomolo, ho etela beng ka rōna kapa ho thabela boikhathollo. Re ka hlophisa lintho joang hore mesebetsi ea puso ea Molimo e se hlokomolohuoe? Bua ka lintlha tse latelang: (1) Ho ba teng kamehla libokeng, ebang u teng lapeng kapa u etile. (2) Ho lokisetsa ho kopanela kamehla tšebeletsong, ’me haeba u tsamaile, u romele litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo phuthehong. (3) Ho nka lingoliloeng tse lekaneng bakeng sa bopaki bo sa reroang nakong ea leeto. (4) Ho kopanela bopaking thapama kapa ka shoalane moo ho khonehang. (5) Ho ngolisa joaloka pula-maliboho ea thusang khoeli e le ’ngoe kapa ho feta, haholo-holo nakong ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. (6) Baholo ba boloke mesebetsi ea phutheho e hlophisehile hantle le ho tiisa hore mesebetsi ea motho ka mong ea hlokomeloa ha a le sieo.
20 mets: Ho Ruta ba Bang—Tlhokahalo e Potlakileng. Puo ka moholo. Hlahloba tlaleho ea tšebeletso ea lefatše ka bophara ea 1996 leqepheng la 33 la Buka ea Selemo ea 1997. Boiteko bo matla ba ho pakela batho hohle moo ba fumanoang teng bo hlahisa litholoana. Hona joale tlhokahalo ena e potlakileng ke ho khutlela moo re tsamaisitseng lingoliloeng le ho ruta batho ’nete. Ha re teana le bona libakeng tsa sechaba, ka bohlale kōpa mabitso a bona le liaterese e le hore ho khutleloe ho bona. Ho hlokahala ho fetang feela ho jala peō ea ’Muso; hape re lokela ho e nosetsa. (1 Bakor. 3:6-8) Ha peō e jaloa mobung o motle, thuto e atlehileng e ka thusa motho ho utloisisa. (Mat. 13:23) Re lokela ho kopanela ka botlalo le kamoo re ka khonang mosebetsing oa ho ruta. (Baheb. 5:12a) Akarelletsa lintlha tse tsoang ho kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, serapeng sa 25-6. Hatella ho ikitlaetsa ka matla ho qalisa lithuto ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa ka buka ea Tsebo.
Pina 204 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 16 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Etsa tlhahiso ka lintlha tse ka buelloang limakasineng tsa morao-rao.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: Ho Khetholla Bolumeli ba Hao e le ba ’Nete Kapa ba Bohata. Moholo o etella pele puisano e akarelletsang bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba nang le bokhoni, e thehiloeng ho Tsoha! ea January 8, 1990, leqepheng la 26. Ho eteloa ka makhetlo-khetlo ho batho ba bangata bao ho bonahalang ba tšepahala. Leha ho le joalo, ha ho mohla ba kileng ba amohela thuto ea Bibele. Bontša kamoo lintlha tsa sehlooho sena sa Tsoha! li ka sebelisetsoang ho ba hlokomelisa ka bohlokoa ba ho sebetsa tumellanong le tsebo e nepahetseng. Bua ka lintlha tsa bohlokoa tse leng bukeng ea Tsebo, khaolo ea 5: “Molimo o Amohela Borapeli ba Bo-mang?” Bala serapa sa 20. Ho ka etsoa maeto a ho boela ho batho ba joalo ho ba khothatsa ka bonolo le ka bohlale ho amohela thuto le ho tla libokeng.
Pina 201 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 23 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Ba Re’ng ka Rōna? Puo e thehiloeng boitsebisong bo fumanoang ho Watch Tower Publications Index 1986-1995, leqepheng la 341-3. Khetha sehlooho se hlaheletseng sa “Statements by Others” mabapi le Lipaki tsa Jehova—boitšoaro ba rōna le mosebetsi oa rōna. Bontša kamoo ba bang ba ileng ba khahloa kateng ke seo ba se bonang ho rōna. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha sena se lokela ho re susumelletsa hore ka linako tsohle re itšoare hantle le ho phehella mosebetsing oa rōna. Bontša kamoo re ka sebelisang litlhaloso tse ntle joalo ha re buisana le metsoalle le batho ba thahasellang ba batlang ho tseba ho eketsehileng ka rōna.
20 mets: “Batsoali—Koetlisetsang Bana ba Lōna ho Bolela.” Lipotso le likarabo. Akarelletsa le tataiso e leng bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 99-100, tlas’a sehloohoana “Ho Thusa Bacha.”
Pina 211 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 30 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa June.
20 mets: “Bacha—Lipakane Tsa Lōna Tsa Moea ke Life?” Bo-ntate ba babeli ba tšohla sehlooho sena hammoho. Ba hlalosa kamoo ba tla thusa bana ba bona ho utloisisa lebaka leo ka lona ho leng bohlokoa ho ipehela lipakane tsa puso ea Molimo, e leng tse tla tlisa litlhohonolofatso tsa moea ho e-na le ho phehella lithahasello tsa lintho tse bonahalang.—Bona hape le buka ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 116-18.
15 mets: Ho Lokisetsa Mpho ea Buka ea July. Khetha bukana e le ’ngoe kapa tse peli tse tsositseng thahasello tšimong ea phutheho ea lōna, ’me u hlahlobe tse ling tsa lintlha tse khethehileng ka bukana ka ’ngoe. Etsa litlhahiso ka litsela tseo libukana tsena li ka akarelletsoang tabeng eo ho buuoang ka eona. Hopotsa bohle ho boloka tlaleho ea lingoliloeng tse tsamaisitsoeng, esita le hore ba khutlele ho ea hlaolela thahasello.
Pina 109 le thapelo e koalang.