Liboka Tsa Tšebeletso Tsa July
Beke e Qalang ka la 7 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Babatsa barab’abo rōna ka ho ikitlaetsa ka matla tšimong khoeling ea April le ho tsebisa phutheho se ileng sa finyelloa likhoeling tse tharo tsa mosebetsi o khethehileng.
15 mets: “Botšepehi Boa Putsoa.” Lipotso le likarabo. Akarelletsa le mohlala o boletsoeng ho Tsoha! (ea Senyesemane) ea January 22, 1993, leqepheng la 18-21.
20 mets: “Thusa ba Bang ho Fumana Matšeliso.” Puisano le bamameli. Etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli ka linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona. Kōpa bamameli hore ba bolele tse ling tsa litsela tseo ba ’nileng ba qalisa lipuisano ka tsona, ba sebelisa libukana tsona tseo. Khothalletsa ho sebelisa mantsoe a bonolo, a hloailoeng hantle bakeng sa ho tsosa thahasello. (Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 7, serapeng sa 9-11.) Bolela libukana tse ling tseo ho ka nehelanoang ka tsona tseo phutheho e nang le tsona setokong.
Pina 70 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 14 July
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Hlahloba “Re Tla Ithuta Buka ea Thabo ea Lelapa.”
18 mets: “Paka Hohle Moo Batho ba Leng Teng.” Puo. Ha nako e lumela, ho ka phetoa liphihlelo tse eketsehileng tse tsoang ho Buka ea Selemo ea 1997, leqepheng la 43-6.
15 mets: Lokisetsa Esale Pele Bakeng sa Tšimo e sa Abuoang. Puo ka molebeli oa tšebeletso. Hlahloba lengolo la la 30 May, 1997. Bua ka mpho ea lingoliloeng tse khethehileng, matsatsi a phutuho, sebaka se tla sebetsoa, litokisetso tsa marobalo le tsa lipalangoang. Na ba bang e ka ba bo-pula-maliboho ba thusang? Liphutheho tse ke keng tsa ea tšimong e sa abuoang li lokela ho buisana ka litokisetso tsa ho akaretsa tšimo e sa sebetsoeng kamehla.
Pina 71 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 21 July
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho.”
13 mets: Ke Mang ea Tla ea Bakeng sa Rōna? Puo e hahang, e khothatsang bao e ka khonang ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla ho tloha ka la 1 September. Akarelletsa le phihlelo e leng kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1997, serapeng sa 16-17. Ba ke keng ba khona ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla ba ka rera hore na ke (li)khoeli efe eo ka eona e ka bang bo-pula-maliboho ba thusang selemong se tlang sa tšebeletso.
20 mets: Itokisetse ho Paka ka Mokhoa o sa Reroang. Letsatsi le leng le le leng, re fumana menyetla ea ho pakela batho bao re teanang le bona. Ha monyetla o hlaha, re ka ’na ra iphumana re se na Bibele kapa likhatiso tseo re ka li sebelisang. Lokisetsa esale pele. Lapeng, boloka lingoliloeng moo li ka finyelloang habonolo teng haufi le monyako moo u khahlametsang baeti. Kenya mefuta e fapa-fapaneng ea lingoliloeng ka mokotlaneng oa libuka kapa ka mokotlaneng oa letsoho, ’me u lule u li tšoere kapa li le teng koloing ea hao, mosebetsing kapa lok’hareng ea hao sekolong. Nka tse ling ha u palama lipalangoang tsa sechaba. Nka lingoliloeng tse ling ha u nka leeto la khoebo, ha u ea kopanong kapa ha u ea phomolong. Tšohla litlhahiso tse eketsehileng tse leng ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 80-2, serapeng sa 11-16. Etsa pontšo e khutšoanyane e bontšang litsela tse ngata tsa ho atamela bo-rakhoebo, mosebetsi-’moho, eo u kenang sekolo le eena, motsamai e mong kapa motho ea leng phomolong.
Pina 72 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 28 July
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka August. Lebisa tlhokomelo ho latelleng thahasello moo ho tsamaisitsoeng libukana ka July le ho etsa maeto a ho boela ka August, le ho etseng boiteko ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. Lithuto li lokela ho qalisoa ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa ka buka ea Tsebo.
15 mets: Batsoali—Rutang Bana ba Lōna ho Tloha Boseeng. Moholo o tšohla melao-motheo ea Mangolo e bontšang tlhokahalo ea hore batsoali ba rute bana ba bona ho tloha boseeng. (Liprov. 22:6; 2 Tim. 3:14, 15) Batsoali ba bang ba ikutloa hore thuto e tiileng ea Bibele bakeng sa bana ha ea lokela ho fanoa ho fihlela ha bana ba hōlile ka ho lekaneng hore ba ka iketsetsa liqeto. Maemong a joalo bana ba bangata ba qalile ho itšoara joaloka lefatše. Taeo ea moea e lokela ho qalisa boseeng. (g97-SU 3/8 20-1; w88-SU 8/1 12-13) Buisana ka lipotso le banyalani ba bontšang kameho mabapi le bomoea ba bana ba bona. Bontša kamoo ntate a etellang pele kateng le hore batsoali ka bobeli ba ka phethahatsa karolo ea bona ea ho fana ka lenaneo la kamehla, le feletseng la thuto baneng ba bona. Banyalani ba pheta kamoo ba ’nileng ba etsa boiteko ba ho ruta bana ba bona ’nete kateng, ba sebelisa litlhahiso tseo mokhatlo o hlophisitsoeng o faneng ka tsona mabapi le lenaneo le atlehileng le le sebetsang la ho ruta lapeng. Moholo o hatella bohlokoa ba ho sebelisa seo Lentsoe la Molimo le phehellang hore batsoali ba se etse.—w85 4/1 23; Baef. 6:1-4.
18 mets: Phetha Tšebeletso ea Hao ka Botlalo. Puo ka molebeli oa tšebeletso e thehiloeng bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 5-8. Hatella bohlokoa esita le ho potlaka ha mosebetsi oa boboleli, susumelletsa bohle ho nka ka botebo boikarabelo ba bona ba ho ba baboleli. Hopotsa bohle ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa July. Ka mofuthu khothalletsa bohle ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka botlalo ka August kaha e le khoeli ea ho qetela ea selemo sa tšebeletso.
Pina 75 le thapelo e koalang.