Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/97 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa October

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa October
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 6 October
  • Beke e Qalang ka la 13 October
  • Beke e Qalang ka la 20 October
  • Beke e Qalang ka la 27 October
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 10/97 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa October

Beke e Qalang ka la 6 October

Pina 39

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. October ke khoeli ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. Khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo.

15 mets: “Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?” Lipotso le likarabo. Hlahloba lintlha tsa sehlooho tsa Kingdom News No. 35. Bontša mabaka ao ka ’ona batho tšimong ba tlang ho rua molemo boitsebisong bona. Hatella tlhokahalo ea ho etsa litokisetso hona joale bakeng sa ho kopanela ka botlalo kabong ea pampitšana ena le ho khothalla ho latella thahasello eohle e fumanoang.

20 mets: “Aba Kingdom News No. 35 ka ho Pharaletseng.” Puo ea selelekela ka molebeli oa tšebeletso. Akaretsa serapa sa 5-8 ka lipotso le likarabo. Hlahloba litokisetso tsa phutheho bakeng sa mosebetsi o eketsehileng. Tšohla litsela tsa ho tiisa hore tšimo eohle ea akaretsoa. Kingdom News No. 35 e ka sebelisoa ke bahoeletsi ha ba pakela batho boemelong ba libese, likhoebong tse nyenyane, moo ho pakoang makoloi le libakeng tse ling. Fana ka litlhahiso tsa kamoo ho ka thusoang ba bacha ba lakatsang ho qalisa mosebetsing oa boboleli. Akarelletsa le boitsebiso bo leng kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1995, serapeng sa 11. Masimong a mang ho ka ba molemo ho sebetsa u le mong le ho se nke mokotlana oa libuka ha u tsamaisa Kingdom News. Etsa lipontšo tse peli kapa tse tharo tse khutšoanyane.

Pina 126 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 13 October

Pina 41

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Hlahloba lintlha tse ka buelloang litokollong tsa morao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Hopotsa bohle hore mosebetsing oa mafelo-beke ho tla tsamaisoa limakasine hammoho le Kingdom News No. 35. Re lokela ho latella thahasello eohle.

20 mets: “Kopano ea Setereke ea 1997 ea ‘Tumelo Lentsoeng la Molimo.’” (Lirapa 1-12) Lipotso le likarabo. Bala serapa sa 7 le 9. Hatella bohlokoa ba Mangolo ba ho boloka ka hloko ponahalo ea rōna e leka-lekaneng ea Bokreste hammoho le boitšoaro esita le ho laola bana ba rōna ka tšoanelo.

15 mets: “U Arabela Joang ha ho se Thahasello?” Puisano mahareng a baholo ba babeli.

Pina 130 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 20 October

Pina 42

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba tse ling tsa liphihlelo tse ho 1996 Yearbook, leqepheng la 6-8, sehloohong se reng “Kabo ea Lefatše Lohle ea Kingdom News.” Totobatsa boiteko bo ileng ba etsoa ke mohoeletsi ka mong kabong ea Kingdom News e fetileng. Khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo kabong ea Kingdom News No. 35.

15 mets: “Kopano ea Setereke ea 1997 ea ‘Tumelo Lentsoeng la Molimo.’” (Lirapa 13-19) Lipotso le likarabo. Bala serapa sa 13 le mangolo a bontšitsoeng. Hatella tlhokahalo ea ho ba ea hlophisehileng le ho nahanela ba bang, haholo-holo tabeng ea litulo. Phetha ka puo e khutšoanyane e hlahlobang “Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke.”

15 mets: “Na U Paki ea Nako e Tletseng?” Puo ka moholo.

Pina 133 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 27 October

Pina 43

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba khatelo-pele e entsoeng kabong ea Kingdom News No. 35. Kōpa bamameli ho pheta liphihlelo tse khothatsang. Bolela hore na ho se ho sebelitsoe tšimo e kae ho fihlela hona joale le hore na ke eng se tla hlokahala hore e be e akarelitsoe ka la 16 November. Hang ha tšimo e sebelitsoe kaofela, re tla nehelana ka buka ea Tsebo matsatsing a setseng a khoeli. Hatella bohlokoa ba ho qalisa lithuto maetong a ho boela moo ho fumanoeng karabelo e ntle ka Kingdom News. Khothalletsa bohle ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa October mafelo-bekeng ana.

15 mets: Tsela ea ho Fumana Tšepo Nakong ea ho Nyahama. Puo ka moholo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa May 15, 1997, leqepheng la 22-5.

18 mets: Etsa Hore Leseli la Hao le Khanye. Puo le puisano bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 84-8. Lokisetsa esale pele hore bahoeletsi ba fane ka litlhaloso tse tobileng lipotsong tse latelang: (1) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li bolela ka ntlo le ntlo? (2) Mokhoa ona o sebelisitsoe ka ho pharaletseng hakae lekholong la pele la lilemo? (3) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ho boleloe ka ntlo le ntlo kajeno? (4) Ke maemo afe a ka re thatafalletsang ho kopanela kamehla? (5) Re ka fumana thuso ea hore re phehelle joang? (6) Re hlohonolofatsoa joang ka ho etsa hore leseli la rōna le khanye? (7) Ke eng seo re ka se etsang hore re atlehe haholoanyane ho kopaneng le batho? Kōpa bahoeletsi ba bararo kapa ba bane ho pheta liphihlelo tse khothatsang tseo ba li thabetseng ha ba ntse ba paka mabenkeleng kapa seterateng.

Pina 136 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela