Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/97 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa November

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa November
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 3 November
  • Beke e Qalang ka la 10 November
  • Beke e Qalang ka la 17 November
  • Beke e Qalang ka la 24 November
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 11/97 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa November

Beke e Qalang ka la 3 November

Pina 48

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. “Litaba Tse Molemo ho Internet.” Bua ka tlaleho ea morao-rao ea tšebeletso ea tšimo ea naha le ea phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo ea October kapele-pele.

15 mets: “Monyako o Moholo oa Tšebetso o Butsoe.” Puo ka moholo, akarelletsa le puisano le bamameli. Khothalletsa bohle ba ka khonang ho kopanela ka ho eketsehileng mosebetsing oa boboleli. Akarelletsa le tse ling tsa likeletso tse fanoeng ho Molula-Qhooa oa August 15, 1988, leqepheng la 22.

20 mets: “Latella Thahasello e Bontšitsoeng ho Kingdom News.” Lipotso le likarabo. Etsa lipontšo ka litlhahiso tse boletsoeng serapeng sa 6. Ho e ’ngoe ea tsona, bontša moo ho qalisoang thuto ea Bibele.

Pina 144 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 10 November

Pina 51

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Tsebisa phutheho ka tšimo e setseng e lokelang ho akaretsoa ka Kingdom News No. 35. Khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo bekeng ena ea ho qetela ea phutuho e khethehileng.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Ho Finyella Balekane Bao e Seng Lipaki.” Puisano mahareng a baholo ba babeli ba amehileng ka ho batla ho tseba balekane bao e seng balumeli ka ho itloaetsa bona haholoanyane. Ba boetse ba tšohla litlhahiso tseo ho fanoeng ka tsona ho Molula-Qhooa oa May 15, 1989, leqepheng la 17-18, serapeng sa 6-9. Akarelletsa le liphihlelo tse tsoang ho Molula-Qhooa oa October 1, 1995, leqepheng la 10-11, serapeng sa 11-12.

Pina 148 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 17 November

Pina 53

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Pheta tse ling tsa liphihlelo tsa sebakeng sa lōna tse fumanoeng nakong ea phutuho ka Kingdom News No. 35.

20 mets: Sebelisa Monyetla Ona o Ikhethang! Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa November 15, 1996, leqepheng la 21-3.

15 mets: “Ke Tla Re’ng?” Puisano le bamameli. Bala serapa sa pele leqepheng la 8 bukeng ea Ho Bea Mabaka, hlalosa kamoo buka ena e reretsoeng ho re thusa kateng ho paka ka katleho ka lihlooho tse fapaneng tsa Bibele. Etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse lokiselitsoeng hantle.

Pina 151 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 24 November

Pina 56

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleha ka phutuho ea tšimo e sa abuoang.

15 mets: Mekhoa e Metle Thutong ea Buka ea Phutheho. Re ananela kamohelo e mofuthu ea baeti ea malapa a butseng mahae a ’ona bakeng sa thuto ea buka. Sena se ka ’na sa akarelletsa tokisetso e khōlō le litšitiso. Ha re e-ea thutong, re lokela ho bonahatsa mekhoa e metle, tlhompho le ho nahanela, tse tla akarelletsa lintho tse latelang: (1) Re lokela ho hlakola maoto a rōna ka hloko pele re kena ho qoba ho silafatsa fatše kapa k’hapeteng. (2) Batsoali ba lokela ho beha bana ba bona leihlo, ba etse bonnete ba hore bana ba bona ba itšoara hantle le ho fella karolong e reretsoeng thuto ea buka feela. (3) Le hoja sehlopha se ka ba senyenyane ’me boemo ea e-ba bo tloaelehileng, sena e sa ntse e le seboka sa phutheho ’me re lokela ho apara hantle joalokaha re e-ea Holong ea ’Muso. (4) Ho thabela botsoalle ka mor’a thuto ho lokela ho bolokoa ho le hokhutšoanyane e le hore lelapa leo le ka ba le nako. (5) Le hoja lelapa la moo ho tšoareloang thuto ea buka teng ka linako tse ling le ka ’na la khetha ho fana ka lijonyana tse bobebe ka mor’a thuto, bohle ba lokela ho utloisisa hore sena hase se lebeletsoeng kapa se hlokahalang.

20 mets: Ho Etsa Barutuoa le ho ba Ruta. Moholo o buisana le sehlopha sa bahoeletsi ba bararo kapa ba bane, ba araba lipotso tse thehiloeng bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 88-92: (1) Ke hobane’ng ha ho etsa maeto a ho boela ho le bohlokoa bakeng sa boboleli bo atlehileng? Motho a ka sebetsana ka katleho joang le phephetso ea mosebetsi oa ho etsa maeto a ho boela? (2) Ke hobane’ng ha re hatisa haholo bohlokoa ba ho qalisa lithuto tsa Bibele? Re ka bontša bokhoni joang ha re khanna lithuto? (3) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho lebisa liithuti mokhatlong o hlophisitsoeng? Re ka etsa sena joang? Sehlopha se boetse se bolela kamoo likenyelletso tsa haufinyane tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso tsa June 1996 le March le April 1997 li se thusitseng kateng litšobotsing tsena.

Pina 160 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela