Re Ameha ka Uena!
1 Ka linako tse ling re ka ’na ra ba sieo sebokeng se le seng kapa ho feta tsa phutheho, re ikutloa hore ‘ha ho motho ea tla ameha ka ’na; ba ke ke ba hlokomela le hore ha ke eo.’ Seo hase ’nete! Joaloka setho sefe kapa sefe sa ’mele ea rōna, e mong le e mong o phetha karolo ea bohlokoa hore phutheho e sebetse. (1 Bakor. 12:12) Bosieo ba rōna sebokeng sa beke le beke bo ka ’na ba ama boiketlo ba moea ba ba bang ba bang teng libokeng. Haeba u le sieo, kholiseha hore re ameha ka uena!
2 Karolo ea Bohlokoa eo U e Phethang: Pauluse o ne a hloloheloa ho ba har’a barab’abo. Baroma 1:11, 12 e hlalosa lebaka: “E le hore nka le fa mpho e ’ngoe ea moea . . . e le hore ho ka ba le phapanyetsano ea khothatso har’a lōna, e mong le e mong ka tumelo ea e mong, ka bobeli ea lōna le ea ka.” Ka ho tšoanang, ka litlhaloso tsa rōna, likabelo tsa rōna libokeng le ka boteng ba rōna, re etsa ho hongata ho ahana hore re tsoele pele ka botšepehi.—1 Bathes. 5:11.
3 Na ha u lebelle ka thabo hore u bone ba bang libokeng tsa phutheho? U mamela litlhaloso tsa bona ka hloko ’me u ananela ha ba hlalosa tumelo ea bona. Lineo tsa bona tsa moea li tlatsetsa hore u ahehe. Haeba ba bang ba ne ba le sieo libokeng, u ne u tla utloa hore ho na le ho hong ha bohlokoa ho sieo. Bara le barali beno ba ikutloa joalo ka uena, ha u le sieo.
4 Karolo ea Bohlokoa e Phethoang ke Liboka: Molula-Qhooa o kile oa hlalosa kamoo liboka e leng tsa bohlokoa kateng bakeng sa hore re lule re phela moeeng, o re: “Lefatšeng lena le harasoantsoeng ke ntoa, le le itšoereng hampe, phutheho ea Bokreste ke tširelo ea ’nete ea moea . . . , ke setšabelo sa khotso le lerato. Ka hona, e-ba teng kamehla libokeng tsohle tsa eona.” (w93-SU 8/15 11) Letsatsi ka leng, re tobana le maemo a re qetang matla moeeng. Haeba re se hlokolosi, re ka nkeha ke matšoenyeho a rōna hoo re ka fifalloang ke pono ea hore na lintho tsa bohlokoa haholo tseo re lokelang ho ameha ka tsona moeeng ke life. Kaofela ha rōna re itšetlehile ka ba bang bakeng sa khothatso eo re e hlokang e le hore re lule re kopane ’me re cheseha tšebeletsong ea Molimo.—Baheb. 10:24, 25.
5 Ke habohlokoa hore re be teng libokeng. Ho kula kapa maemo a sa lebelloang li ka ’na tsa etsa hore re be sieo ka linako tse ling. Ntle ho moo, a re ikemisetseng hore kamehla re tla ba har’a matšoele a rorisang Jehova hammoho!—Pes. 26:12.