Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/97 maq. 2-7
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa December

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa December
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 1 December
  • Beke e Qalang ka la 8 December
  • Beke e Qalang ka la 15 December
  • Beke e Qalang ka la 22 December
  • Beke e Qalang ka la 29 December
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 12/97 maq. 2-7

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa December

TLHOKOMELISO: Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla thathamisa kemiso ea Liboka tsa Tšebeletso bakeng sa beke ka ’ngoe ka December. Liphutheho li ka etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore li bule sebaka sa ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Tumelo Lentsoeng la Molimo” le bakeng sa tlhahlobo ea metsotso e 30 ea lintlha tsa sehlooho tsa lenaneo Sebokeng sa Tšebeletso sa beke e latelang. Barab’abo rōna ba babeli kapa ba bararo ba tšoanelehang, ba ka khonang ho lebisa tlhokomelo lintlheng tse hlaheletseng, ba tla abeloa esale pele tlhahlobo ea letsatsi ka leng ea lenaneo la kopano ea setereke. Tlhahlobo ena e lokiselitsoeng hantle e tla thusa phutheho hore e hopole lintlha tsa sehlooho hore motho ka mong a li sebelise le hore li sebelisoe tšimong. Litlhaloso le liphihlelo tse tsoang ho bamameli li lokela hore li be khutšoanyane ’me li tobe taba.

Beke e Qalang ka la 1 December

Pina 57

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle ho kopanela tšebeletsong ea tšimo qalong ea khoeli. Ba tla beng ba le sieo kapa ba le kopanong ea setereke bofelong ba khoeli ba lokela ho fana ka litlaleho tsa bona pele ba tsamaea. Hatisa bohlokoa ba hore bohle ba fane ka litlaleho tsa bona tsa December khoeling ena.

15 mets: “Bua ka Jehova Letsatsi le Leng le le Leng.” Lipotso le likarabo. Ha u akaretsa serapa sa 4, akarelletsa litlhaloso tse tsoang ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, thutong ea 16, serapeng sa 14-16.

20 mets: “Bibele—Tataiso ea Molimo ho Batho Bohle.” Moholo o bua ka sehlooho sena le mabaka ao ka ’ona e mong le e mong a lokelang ho susumelletsoa hore a hlahlobe Bibele. Ka bokhutšoanyane buisana le bahoeletsi ba babeli ka hore na ba lokiselitse joang hore ba sebelise linehelano tse serapeng sa 3-8. Etsa pontšo ka e ’ngoe ea tsona bakeng sa leeto la pele le leeto la ho boela le tla latela. Khothalletsa bohle hore ba iphumanele likopi tsa Mangolo a Segerike a Bakreste ka lipuo tse hlano tsa mona le hore ba nehelane ka tsona neng le neng ha monyetla o itlhahisa.

Pina 165 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 8 December

Pina 58

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

20 mets: Ho Bula Menyetla ea ho Paka. Bongata ba rōna re na le monyetla oa ho tsamaea re e-ea likopanong le phomolong ka December le ka January, ’me ho ee ho hlahe menyetla e metle ea bopaki bo sa reroang. U sebelisa Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 80-2, serapeng sa 11-16, hlahloba litlhahiso tsa kamoo ho ka qalisoang meqoqo kateng le basele. Bontša kamoo ho lokisetsa esale pele ho thusang hore ho be le litholoana tse molemo. E-re bahoeletsi ba bararo ba sa tšoaneng ba bontše ka bokhutšoanyane kamoo ho ka qaloang meqoqo le motho ea sebetsang moo ho tšeloang peterole, moeti ho lipalangoang tsa sechaba le motho ea emeng moleng suphamaketeng. Hopotsa bahoeletsi hore ba boloke tlaleho ea ba bontšang thahasello le hore ho etsoe litokisetso tsa motho ea ka ba etelang hamorao.

15 mets: “Re Ameha ka Uena!” Puo e fanoang ke moholo e akarelletsang bamameli. Bolela hore na ka karolelano ke ba bakae ba bang teng libokeng tsa phutheho. Kōpa ba bang hore ba bolele mabaka a hore na ke hobane’ng ha ba khatholloa ke ho ba libokeng le ba bang.

Pina 172 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 December

Pina 63

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Fana ka litlhahiso tsa hore na ho ka arabeloa joang ka bohlale litumelisong tsa matsatsi a phomolo a lefatše. Lokolisa litokisetso tse khethehileng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa la 25, 26 December le la 1 January.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho.

25 mets: “Re Tšoanela ho ba Matichere, Eseng Baboleli Feela.” Lipotso le likarabo. Ha u akaretsa serapa sa 11, bala Buka ea Tataiso ea Sekolo, thutong ea 15, serapeng sa 11.

Pina 174 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 December

Pina 138

8 mets: Litsebiso tsa phutheho.

17 mets: “Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1998.” Puo e fanoang ke molebeli oa sekolo. Hlahloba litsela tseo ka tsona bohle ba ka ruang molemo ka ho feletseng sekolong selemong se tlang. Khothalletsa hore beke e ’ngoe le e ’ngoe ho nkoe leoto le “Kemiso e Tlatsetsang ea ’Malo oa Bibele” e ncha.

20 mets: Bolela Litaba Tse Molemo Hohle. Puo e akarelletsang bamameli e thehiloeng bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 92-7, ho sebelisoa lipotso tsena: (1) Ke hobane’ng ha tšebeliso ea lingoliloeng tsa rōna e le molemo bakeng sa ho hasa litaba tse molemo? Ke hobane’ng ha re lokela ho fana ka lingoliloeng ha monyetla o hlaha? (2) Ke hobane’ng ha re lokela ho falimehela bopaki bo sa reroang? Litsela tse ling tsa ho paka re sa rera ke life? (Kōpa ba bang hore ba phete liphihlelo tsa ho paka ba sa rera.) (3) Ke hobane’ng ha phutheho e lokela ho loanela ho akaretsa tšimo eo e e abetsoeng? Moo tšimo e leng khōlō haholo, molemo oa hore motho a be le tšimo ea hae ke ofe? (4) Re rua molemo joang litokisetsong tsa ho paka ka sehlopha? Re ka hlophisa mosebetsi oa rōna oa ho paka joang ho tiisa hore re sebelisa nako ea rōna hamolemohali?

Pina 222 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 December

Pina 181

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo. Haeba phutheho ea lōna e tla fetola linako tsa liboka bakeng sa selemo se secha, fana ka khothatso e mosa e phehellang bohle hore ba ’ne ba be teng kamehla phuthehong linakong tsa eona tse ncha.

15 mets: Hlahloba Mpho ea Buka Bakeng sa January. Bontša buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa le ea Ho Batla Molimo ’me u bolele lintlha tsa bohlokoa tsa puisano tse tla thusa ha ho lokisetsoa linehelano. Akarelletsa pontšo e le ’ngoe. Re lokela ho tsoela pele ka boiteko ba ho qala lithuto ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa ka buka ea Tsebo.

20 mets: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tlaleha se Fosahetseng? Puo e fanoang ke moholo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa August 15, 1997, leqepheng la 26-30.

Pina 215 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela