Liboka Tsa Tšebeletso Tsa April
Beke e Qalang ka la 6 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hopotsa bohle ka sebaka le nako tsa mokete oa Sehopotso ka Moqebelo, la 11 April. Litaba tsa Puso ea Molimo.
15 mets: “Tšebeletso ea Rōna—Pontšo ea Lerato la ’Nete.” Lipotso le likarabo. Akarelletsa le litlhaloso tse khutšoanyane tse tsoang ho Molula-Qhooa oa February 1, 1987, leqepheng la 16-17, serapa sa 3-7.
20 mets: “Limakasine li Tsebahatsa ’Muso.” Moholo o tšohla sehlooho sena le sehlopha sa bahoeletsi ba bararo kapa ba bane ba nang le bokhoni ba ho tsamaisa limakasine. Tšohla litšobotsi tse ipiletsang tsa limakasine tsa morao-rao, u nehelane ka litlhahiso mabapi le kamoo lintlha tsena li ka sebelisoang kateng linehelanong tsa rōna. Hlahloba kamoo kabo ea limakasine e ka eketsoang kateng tšimong ea phutheho. U sebelisa litokollo tsa morao-rao, bontša lihlooho tse ka tsosang thahasello, tse kang tse buang ka mathata a kahisano, a lelapa kapa a sechaba. Etsa lipontšo tse peli kapa tse tharo tse khutšoanyane ka linehelano.
Pina 205 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 13 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “E-ba Teng Libokeng ‘Haholoanyane.’” Lipotso le likarabo. Ha nako e lumela, hlahloba keletso e fumanoang bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 64-5. Fana ka pabatso e mofuthu ho bohle ba bang teng kamehla libokeng.
Pina 119 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 20 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlalosa hore nako e sa le teng bakeng sa ho etsa kōpo ea bopula-maliboho bo thusang ka May.
10 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo eo ka mosa a bontšang litsela tse tobileng tseo phutheho e ka ntlafatsang ka tsona.
25 mets: “Ho Batleha Lithuto Tse Eketsehileng Tsa Bibele.” Puo ea molebeli oa tšimo le bamameli. Hlahloba mosebetsi oa phutheho tabeng ea lithuto tsa Bibele. Fana ka pabatso moo phutheho e entseng hantle teng. Bontša se eketsehileng se ka etsoang ho qalisa le ho khanna lithuto tsa Bibele, ho akarelletsa le lithuto tsa malapa. Etsa pontšo serapeng sa 5 ka ho buisana ka lipotso le motsoali ea tšoarang thuto ea lelapa kamehla. Bala serapa sa 8, ’me u hatelle lintlha tse robeli tse thathamisitsoeng moo. Hlalosa serapa sa 13 ka ho mema mohoeletsi ea atlehang ho khanna lithuto ho bolela kamoo ho khonehang kateng ho akaretsa boitsebiso ntle ho tšenyo ea nako. Akarelletsa le phihlelo e lokiselitsoeng hantle e bontšang kamoo ho finyeletsoeng liphello tse ntle kateng phuthehong.
Pina 109 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 27 April
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa April. Bolela mabitso a ba tla nka bopula-maliboho bo thusang ka May. Bolela litokisetso tse eketsehileng tse entsoeng phuthehong ea lōna bakeng sa liboka tsa tšebeletso. Pheta litlhahiso tse tla thusa ha ho lokisetsoa linehelano tsa limakasine tsa morao-rao.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1996, leqepheng la 12.
15 mets: Kamoo Balisa ba Bakreste ba U Sebeletsang. Puo ka moholo, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa March 15, 1996, leqepheng la 24-7.
18 mets: Boloka Boikutlo bo Botle ha U Bolela Tšimong e Sebetsoang Khafetsa. Moholo o buisana ka tlhoko ena le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba nyahamisitsoeng ke karabelo e fokolang tšimong e sebetsoang khafetsa. O hlahloba le bona Molula-Qhooa oa July 15, 1988, leqepheng la 16-19, serapa sa 4-14. Ba bua ka boikutlo bo botle ka hore ba tla sebelisa litlhahiso tsena tšimong ea sebaka seo.
Pina 191 le thapelo e koalang.