Liboka Tsa Tšebeletso Tsa July
Beke e Qalang ka la 6 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Litaba tsa Puso ea Molimo.
15 mets: “Ho Hotle Hakaakang ho ba Teng Kamehla!” Lipotso le likarabo. AkarelIetsa le litlhaloso tsa Tsoha! ea June 8, 1988 leqepheng la 20-2, ho khothalletsa bacha hore ba be teng libokeng kamehla.
20 mets: “Ho Hlokahala Hore Baahelani ba Rōna ba Utloe Litaba Tse Molemo.” Lokisetsa hore bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba hlahlobe litlhahiso tsa ho nehelana ka libukana tse seng kae tseo phutheho e nang le tsona setokong. Hlalosa lebaka leo ka lona li ka bang molemo tšimong ea phutheho. Hatella pakane ea ho qalisa lithuto tsa Bibele ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa ka buka ea Tsebo. Etsa pontšo ka nehelano ea pele ’me e lateloe ke leeto la ho boela le ho khothalletsa thuto.
Pina 73 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 13 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Khothalletsa bohle ho nahana ka botebo ka ho ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka August, kaha e tla be e e-na le mafelo beke a mahlano a tletseng.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: Na U Hahlameloa ke Moea o Chefo oa Lefatše? Puo ka moholo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa October 1, 1997, leqepheng la 25-9.
Pina 182 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 20 July
8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba lebokose le nang le sehlooho se reng “Likete Tse Mashome a Tšeletseng a Metso e Mehlano!”
12 mets: “Ketelo eo e ka Bang Tlhohonolofatso.” Puisano pakeng tsa baholo ba babeli. Hlalosa morero oa mosebetsi oa bolisa joalokaha o boletsoe ho Molula-Qhooa oa September 15, 1993, leqepheng la 20-3. Ka mofuthu khothalletsa phutheho ho lebella ketelo ea baholo.
25 mets: “Tšebeletso ea Bopula-maliboho—Na e U Loketse?” (Serapa sa 1-14) Molebeli oa tšebeletso o fana ka litlhaloso tse khutšoanyane tsa selelekela, a khothalletsa bohle ho nahana ka botebo ka bopula-maliboho ba kamehla. Joale o tšohla potso ea 1, ho akarelletsa le litlhaloso sehloohoaneng se reng “Moea o Chesehang oa Bopula-maliboho” ho Buka ea Selemo ea 1998, leqepheng la 103-5. Litho tse peli kapa tse tharo tsa phutheho tse nang le phihlelo ea bopula-maliboho li kopanela le eena sethaleng ho ea buisana ka potso ea 2. Ba arolelana maikutlo a sebetsang, a sebele mabapi le kamoo ho ka khonehang kateng ho tsoella ka lintho tse bonahalang joaloka bo-pula-maliboho. Joale batsoali ba babeli ba kopanela le sehlopha seo ho buisana ka potso ea 3. Ba fana ka mabaka a utloahalang hore na ke hobane’ng ha bacha ba lokela ho nahana ka botebo ka tšebeletso ea nako e tletseng. Khothalletsa bohle ho ba teng Sebokeng sa Tšebeletso sa beke e tlang ha ho tla be ho tšohloa lipotso tse setseng.
Pina 80 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 27 July
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ea July. Bolela litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa mafelo-beke a pele ka August, ’me o khothalletse bohle ho kopanela. Hlahloba “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho.”
30 mets: “Tšebeletso ea Bopula-maliboho—Na e U Loketse?” (Serapa sa 15-25) Puo le puisano tse tsamaisoang ke moholo. Lokisetsa esale pele hore bo-pula-maliboho le bao e neng e le bo-pula-maliboho nakong e fetileng ba fane ka litlhaloso tse tsoang pelong ho arabela potso ea 4 le ea 5. Ba hatella tlhokahalo ea kemiso e ntle le ho e khomarela, ba fana ka mehlala e sebetsang, e sebetsang e le kannete ea kemiso ea beke le beke. Moholo o phethela ka puo e susumetsang e arabelang potso ea 6. Ho qala ha selemo sa tšebeletso ka la 1 September ke nako e loketseng ea hore bo-pula-maliboho ba bacha ba qalise tšebeletso ea bona ea nako e tletseng. Liforomo tsa kōpo li ka fumanoa ho setho leha e le sefe sa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho.
Pina 51 le thapelo e koalang.