Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/98 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 8/98 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla nehelanoa ka August: Bukana leha e le efe ho tse latelang tse maqephe a 32 e ka nehelanoa ka monehelo oa R1,20 e le ’ngoe: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Libukana tsa Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? le Will There Ever Be a World Without War? li ka nehelanoa moo ho loketseng. September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 bakeng sa e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e sekoahelo se bonolo. October: Likopi ka bomong tsa Molula-Qhooa le Tsoha! November: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 bakeng sa e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e sekoahelo se bonolo.

◼ Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e tla amohela liforomo tse tharo tsa Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka (S-AB-18). Mongoli oa phutheho o lokela ho kopana le mohlanka oa libuka mathoasong a August ’me a behe letsatsi la ho bala lingoliloeng tse setokong sa phutheho mafelong a khoeli. Ho lokela hore ho hle ho baloe lingoliloeng tsohle tse setokong, ’me palo-kakaretso e kenngoe foromong ea Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka. Palo-kakaretso ea limakasine tse teng e ka fumanoa ho mohlanka oa limakasine. Ka kōpo tiisang hore sena se etsoa pele ho la 1 September ’me le romele leqephe le ka holimo ho Mokhatlo kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a ho fumana setatemente sa lōna sa August. Le ipolokele kopi ea k’habone lifaeleng tsa lōna. Kopi ea boraro e ka sebelisoa e le leqephe leo ho sebeletsoang ho lona. Ho tlatsoa ha leqephe la manane a libuka ho lokela ho okameloa ke mongoli, ’me foromo e tlatsitsoeng e lokela ho hlahlojoa ke molebeli ea okamelang. Mongoli le molebeli ea okamelang ba tla tekena foromo ena.

◼ Libeche tsa kopano ea setereke ea 1998 li lokela ho odaroa ’me li tla lefisoa ak’haonteng ea libuka ea phutheho ka lisente tse 10 e le ’ngoe. Liphutheho tse se nang ak’haonte ho Mokhatlo, kapa tseo ak’haonte ea tsona e nang le sekoloto, li lokela ho romella chelete le odara ea tsona. Moo ho khonehang, re kōpa le odare ka lihlopha tsa tse 20. Libeche li fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Ka kōpo le odare ka foromo ea Literature Order (S-14). Liodara tsena li lokela ho fihla ho Mokhatlo pele ho la 1 November, 1998. Ka mor’a moo re ke ke ra hlola re sebetsa liodara tsa libeche.

◼ Ho tloha ka la 28 August, 1998, ho ea ho la 31 August, 1998, Mokhatlo o tla be o bala manane a lingoliloeng tsohle tse teng Bethele. Ka lebaka la ho bala manane hona, ha ho na liodara tsa lingoliloeng tsa liphutheho tse tla sebetsoa e le hore li ka romelloa kapa tsa latoa ka matsatsi ao.

◼ Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho potlakela ho sebetsa likōpo tsohle tsa tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla. Komiti ea tšebeletso ha ea lokela ho boloka kōpo bakeng sa ho bona hore na ebe mokōpi o khona ho finyella lihora tse hlokahalang. Nako ea ho khethoa e ka ’na ea fetoloa likōpong tse amohetsoeng ka mor’a nako e kōpiloeng. Ha ho khethoa pula-maliboho ha ho balelloe nako e fetileng ntle leha ho e-na le mabaka a khethehileng a ho etsa mokhelo boemong boo. Haeba ho e-na le maemo a joalo, ho lokela ho be le lengolo le tsamaeang le kōpo eo.—Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1986, serapeng sa 24-6.

◼ Ho tla ithutoa letoto la libukana tse itseng Thutong ea Buka ea Phutheho ha ho qetoa Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Tsebiso e neng e le tokollong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May 1998 e ile ea bolela hore ho tloha ka beke ea la 21 September ho tla sebelisoa bukana ea Seo a se Hlokang. E tla lateloa ke ho hlahlojoa ha Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang? le Na Ruri Molimo oa re Tsotella?

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

New World Translation of the Holy Scriptures (E tloaelehileng; phutheho le batho bohle: R20,00; bo-pula-maliboho: R15,00)—Segerike, Sepolishe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela