Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/98 maq. 2-5
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 8/98 maq. 2-5

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 4 May ho ea ho la 24 August, 1998. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Ho latela tlaleho ea Bibele, Pauluse o ile a etela Korinthe ka makhetlo a mararo. [si-SU leq. 214 ser. 3]

2. Mehato e lebisang kolobetsong ea Bokreste e qala ka ho kenya tsebo ea ’nete ka Jehova Molimo le Jesu Kreste ka lipelong tsa rōna. [kl-SU leq. 173 ser. 7]

3. Cheseho e feteletseng ea ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele ha e lokafatse ho lumella ho haelloa ke masene, kutloelo-bohloko le mosa ha re ntse re sebelisana le ba bang. (1 Bakor. 13:2, 3) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 10/15 leq. 31 ser. 5.]

4. Re ka lefshoa ka bophelo ka ho sebeletsa Jehova Molimo. [kl-SU leq. 182 ser. 4]

5. Taba e ngotsoeng ho Bagalata 5:26 e thibela lipapali tsohle tsa tlhōlisano bakeng sa Bakreste ba ’nete. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona g95-SU 12/8 leq. 30 ser. 8.]

6. Ho 2 Bakorinthe 10:4, ha Pauluse a ne a bolela hore “lihlomo tsa ntoa ea rōna hase tsa nama,” o ne a hatella hore Bakreste ha baa lokela ho sebelisa libetsa tsa nama, tse kang bolotsana, puo e khahlang batho kapa libetsa tse bolaeang, ho sireletsa phutheho lithutong tsa bohata. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona rs-SU leq. 168 ser. 2]

7. Lengolo le eang ho Bafilippi le ngotsoe ke Pauluse likhoeli li se kae feela ka mor’a hore a thehe phutheho ea Filippi, ’me e ne e hlasetsoe ke mathata a tebileng a tsoang har’a eona. [si-SU leq. 224 ser. 3]

8. Jesu o ile “a boleloa a lokile moeeng,” joalokaha ho boletsoe ho 1 Timothea 3:16, ka ho putsoa ka bophelo ba moea tsohong ea hae; sena se ne se lekana le phatlalatso ea Molimo ea hore Jesu o ne a lokile ka ho feletseng ’me o ne a tšoaneleha bakeng sa litokelo tse ling tse phahameng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 1/15 leq. 13 ser. 12.]

9. “Ho lokolloa” ho boleloang ho Bafilippi 1:23 ka ho hlakileng e ne e le tebello ea Pauluse ea ho ba le Kreste kapele-pele ka mor’a hore a shoe. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 3/1 leq. 30 ser. 4.]

10. Pauluse o ngotse 1 Timothea pakeng tsa nako ea ho lokolloa ha hae teronkong Roma le ho kenngoa ha hae teronkong ka lekhetlo la ho qetela moo. [si-SU leq. 234 ser. 2]

Araba lipotso tse latelang:

11. Ke ka tsela efe ba bang Korinthe ba neng ba kopanela ho jeng litšoantšetso “ka ho sa tšoaneleheng” ha ba ne ba kopana bakeng sa ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste? (1 Bakor. 11:27) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 2/15 leq. 19 ser. 17.]

12. Ke boteng ba bo-mang bo neng bo sokela boiketlo ba phutheho ea Korinthe, e leng ho ileng ha susumelletsa Pauluse hore a ngole lengolo la hae la bobeli le eang Korinthe? [si-SU leq. 214 ser. 2]

13. Jehova o tla re buseletsa joang bakeng sa eng kapa eng eo re e tetseng ka lebaka la borapeli ba hae? [kl-SU leq. 169 ser. 20]

14. Ke eng se ’nileng sa finyelloa ka lebaka la boipiletso makhotleng a phahameng a linyeoe litabeng tse amang borapeli ba ’nete? [jv-SU leq. 683 ser. 4]

15. Tšebelisong ea hae ea Lentsoe la Molimo, ke joang Pauluse a fanang ka mohlala o motle ho basebeletsi ba Bakreste kajeno? [si-SU leq. 217 ser. 19]

16. Moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a re Molao “o ile oa eketsoa ho bonahatsa litlōlo”? (Bagal. 3:19) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona uw-SU leq. 147 lir. 3-4.]

17. Ho Bafilippi 1:3-7, ke ka mabaka afe Pauluse a babatsang barab’abo rōna, ’me re ka rua molemo joang mohlaleng oa bona? [si-SU leq. 225 ser. 12]

18. Ke hobane’ng ha basebeletsi bohle ba Bakreste ba lokela ho latela keletso e boletsoeng ho Bakolose 4:6? [si-SU leq. 228 ser. 13]

19. Moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a re o ne a lakatsa hore basali ba ‘ikhabise ka boitlhompho’? (1 Tim. 2:9) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona g90-SU 7/8 leq. 19 ser. 2.]

20. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho mamela temoso ea Pauluse ho 1 Timothea 6:4 e mabapi le “ho pheha khang ka mantsoe”? [si-SU leq. 236 ser. 15]

Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Selemong sa ․․․․․․․․, ho ile ha saenoa selekane mahareng a ․․․․․․․․ le Nazi ea Jeremane ’me Hitler o ile a etsa letšolo la ho felisa ․․․․․․․․ Jeremane. [jv-SU leq. 659 ser. 2]

22. Lengolo la pele la Pauluse le eang ho Bakorinthe le molemo haholo bakeng sa ho atolosa kutloisiso ea rōna ea ․․․․․․․․, ao le qotsang ho ’ona ka makhetlo a mangata. [si-SU leq. 213 ser. 23]

23. Lengolong la hae le eang ho Bagalata, Pauluse o paka hore tokafatso e etsoa ka ․․․․․․․․ ho Jesu Kreste, eseng ka mesebetsi ea ․․․․․․․․, le hore ka lebaka leo ․․․․․․․․ ha le hlokahale ho Bakreste. [si-SU leq. 218 ser. 6]

24. Lengolong la hae la pele le eang ho Bathesalonika, ka makhetlo a mane Pauluse o bua ka ․․․․․․․․ ha Jesu Kreste, mohlomong e le hobane phutheho e ne e thahasella thuto eo. [si-SU leq. 231 ser. 15]

25. Lengolo la bobeli le eang ho Bathesalonika le ngotsoe ke ․․․․․․․․ ha a ntse a le ․․․․․․․․ ka selemo sa ․․․․․․․․. [si-SU leq. 232 ser. 4]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Ha a tšohla tokelo ea hae ea ho phela ka tšebeletso, Pauluse o bua ka (Talmud; Mishnah; Molao oa Moshe), o bolelang hore liphoofolo tse sebetsang ha lia lokela ho tlangoa molomo le hore (Balevi; Banethinime; lelapa la boprista la Arone) ba leng tšebeletsong ea tempele ba ka amohela likabelo tsa bona aletareng. [si-SU leq. 213 ser. 24]

27. Lengolo la Pauluse le eang ho Bagalata le hlalosa Esaia 54:1-6, le khetholla mosali oa Jehova e le (Jerusalema oa lefatšeng; Jerusalema oa holimo; Jerusalema e Mocha). (Bagal. 4:21-26) [si-SU leq. 219 ser. 16]

28. Ho Baefese 1:10, “tsamaiso” e bolela (’Muso oa Mesia; Sehlopha se Busang; tsela ea Molimo ea ho laola litaba tsa ntlo ea hae). [si-SU leq. 221 ser. 8]

29. (Tsamaiso ea Sejuda; sehlopha sa baruti ba Bokreste-’mōtoana; Babylona e Moholo) se ka amahanngoa le “motho oa ho se ee ka molao” ea boletsoeng ho 2 Bathesalonika 2:3. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 1/15 leq. 18 ser. 11.]

30. Haeba u e-na le lipelaelo tse tebileng ka motho e mong nakong eo le laetsanang ka eona, ntho e bohlale eo u ka e etsang ke (ho lumella maikutlo a lerato hore a hlōle lipelaelo tsa hao; ho khaotsa kamano; ho iphoufaletsa liphoso tse tebileng ka tšepo ea hore lintho li tla ntlafala ka mor’a lenyalo). [fy-SU leq. 23 ser. 19]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

2 Bathes. 1:8, 9, 12; 1 Bakor. 10:11, 12; 2 Bakor. 4:7; Bafil. 4:6, 7; 2 Bakor. 8:14

31. Ha motho a etelletsa tšebeletso ea Bokreste pele bophelong ba hae, o fumana matla a tsoang ho Molimo. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 3/1 leq. 29 ser. 5.]

32. Re lokela ho falimehela mohlala o lemosang oa Baiseraele tlas’a boeta-pele ba Moshe le ho qoba ho itšepa. [si-SU leq. 213 ser. 23]

33. Limpho tsa seatla se bulehileng tse tsoang ho Bakreste ba nang le lintho tse bonahalang li ka thusa ho koahela litlhoko tsa ba leng libakeng tse se nang menyetla e khethehileng, ha ka cheseho ea bona le mamello e ka ba mohloli oa thabo le khothatso ho bafani. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 12/15 leq. 21 ser. 20.]

34. Ha rea lokela ho tela ho bolela litaba tse molemo hobane ho latela Bibele, batho bohle ba phelang kajeno, ba tlang ho tsoela pele ba phela ho fihlela bofelong ba tsamaiso ena e khopo ea lintho ’me ba ahloloa e le lira tsa borapeli ba ’nete ba tla ea timetsong ea ka ho sa feleng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 5/1 leq. 19 ser. 4.]

35. Jehova o fana ka khotso le khutso har’a maemo a thata ka ho fetisisa. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 11/1 leq. 30 lir. 19-20.]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela