Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/98 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 9/98 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 bakeng sa buka e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e nang le sekoahelo sa pampiri. October: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! November: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 bakeng sa buka e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e nang le sekoahelo sa pampiri. December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng hammoho le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R9,00 ha ho nehelanoa ka buka e sekoahelo se thata le R7,75 ha ho nehelanoa ka buka e nang le sekoahelo sa pampiri.

◼ Molebeli ea okamelang kapa motho e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba litlaleho tsa lichelete tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Tsebisa phutheho ha sena se entsoe.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kenyelletsa odara ea Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999 odareng ea tsona ea libuka ea September. Lialmanaka li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Sexhosa le Sezulu. Ena ke thepa ea setoko se laoloang. Liphutheho tse se nang ak’haonte ho Mokhatlo kapa tse nang le khaello ak’haonteng ea tsona li lokela ho romela chelete le odara ea tsona.

◼ Baholo ba hopotsoa hore ba nke bohato ka litaelo tse fanoeng leqepheng la 21-3 ho Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le batho leha e le bafe ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng bao e ka ’nang eaba ba sekametse ho khutlisetsoeng.

◼ KA KŌPO HLOKOMELA: Ha u founela Mokhatlo, ka kōpo hopola lintlha tse latelang: (1) Ntle le maemong a tšohanyetso, ha u letsetsa litho tsa lelapa la Bethele ka litaba tsa botho, ka kōpo letsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi kaha mehala ea rōna ea thelefono e lula e tšoarehile haholo nakong ea motšehare. (2) Haeba u letsa mabapi le bothata kapa potso, ka kōpo bolela ka ho hlaka moo u letsang u le teng le ntlha eo u lakatsang ho e tšohla. Ha re khothalletse baholo ho kōpa mor’abo rōna ea itseng ka ho khetheha kaha e ka ’na eaba o se a abetsoe lefapheng le leng kapa mohlomong ha a fumanehe bakeng sa ho fana ka thuso. Motho ea arabelang lifono o tla khona ho u fetisetsa lefapheng le loketseng. Ka kōpo leka ho bua ka bokhutšoanyane kamoo ho ka khonehang kateng molemong oa ho baballa nako ea bohlokoa. (3) Haeba u e-na le bothata ba botho boo u lakatsang ho bo tšohla, ka kōpo bo tšohle le baholo ba phutheho ea heno pele u founela Mokhatlo. Ba boemong bo molemo ka ho fetisisa ba ho u thusa ka lipotso kapa mathata. Ntle le haeba e le taba e potlakileng, re khothalletsa BOHLE, ho akarelletsa le baholo, hore ba mpe ba ngole lengolo le hlalosang bothata. Re tla thabela ho lebisa tlhokomelo ea rōna bothateng boo hang-hang.—Bona Lebokose la Lipotso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea December 1992, leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela