Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/99 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa March

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa March
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 1 March
  • Beke e Qalang ka la 8 March
  • Beke e Qalang ka la 15 March
  • Beke e Qalang ka la 22 March
  • Beke e Qalang ka la 29 March
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 3/99 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa March

Beke e Qalang ka la 1 March

Pina 33

8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle ho fana ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa February.

17 mets: “Mokete oa Sehopotso sa Lefu la Kreste Lefatšeng ka Bophara.” Lipotso le likarabo. Kopanyelletsa le litlhaloso tse ho Molula-Qhooa oa February 1, 1997, leqepheng la 11-12, serapeng sa 10-14. Hatisa kamoo lerato la Jehova le leholo le ileng la mo susumelletsa ho re lokisetsa thekollo.

20 mets: Mabaka a Susumetsang ho Nka Bopula-maliboho bo Thusang ka April le May. Puo le puisano le bamameli ka molebeli oa tšebeletso, e khothalletsang bohle ho nahanela ho nka bopula-maliboho bo thusang ka ho teba. Hlahloba liphetoho tse mabapi le lihora tseo bo-pula-maliboho ba kamehla le ba thusang ba lebeletsoeng ho li sebetsa, joalokaha li bontšitsoe ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 1999 leqepheng la 3. Phetoho ena e lokela ho nolofalletsa ba eketsehileng ho thabela tokelo ea tšebeletso ea nako e tletseng. Hlalosa kamoo kananelo ea rōna bakeng sa sehlabelo sa Kreste e re susumetsang kateng ho ikitlaelletsa ho bolela ho ba bang. (2 Bakor. 5:14, 15) Selemong sena Sehopotso se letsatsing la pele la April ’me la 10 April ke Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Ke khothatso e kaakang ho bahoeletsi bohle ba ’Muso hore ba nehele khoeli eohle ho etseng tšebeletso e eketsehileng! Hlahloba lintlha tsa sehlooho kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1997 le March 1998 tse buang ka tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang. Hlahloba mekhoa ea ho lumellanya likemiso tsa mohlala tse fanoeng le maemo a hao. Hlahloba litokisetso tsa tšebeletso tsa phutheho, tse fanang ka monyetla o motle oa ho kopanela tšebeletsong le ba bang. Khothalletsa bahoeletsi ho fumana liforomo tsa kōpo ea bopula-maliboho bo thusang ka mor’a seboka.

Pina 44 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 8 March

Pina 52

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

20 mets: “Ba Memele ho Tla.” Lipotso le likarabo. Hatisa tlhokahalo ea hore kamehla ho lebisoe ba sa tsoa thahasella libokeng tsa phutheho. Etsa pontšo ea puisano e etsoang le motho ea thahasellang, u sebelisa boitsebiso bo bukeng ea Tsebo, leqepheng la 159, serapeng sa 20 le leqepheng la 161-3, serapeng sa 5-8. Khothalletsa bohle ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho thusa liithuti tsa Bibele le ba bang ba thahasellang ho ba teng Sehopotsong ka la 1 April. Ba bontše kopi ea sememo se hatisitsoeng, ’me u hlalose kamoo e ka sebelisoang ka katleho kateng. Bohle ba lokela ho qala ho aba limemo tsa Sehopotso bekeng ena.

15 mets: “Kamoo Litho Tsa Malapa li Sebetsang Hammoho Hore li Nke Karolo ka ho Feletseng—Libokeng Tsa Phutheho.” Puisano ea litho tsa lelapa. Ha li bua ka lintlha tsa bohlokoa sehloohong, li buisana ka kamoo li ka lokisetsang liboka e le lelapa kateng. Li buisana ka mekhoa eo ka eona li ka thusanang ho kopanela, le se lokelang ho etsoa hore lelapa le fihle libokeng ka nako.

Pina 62 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 March

Pina 56

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: “Bahlanka ba Sebeletsang ba Etsa Tšebeletso ea Bohlokoa.” Puo ka mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang. Hlahloba lintlha tsa sehlooho tse akarelitsoeng bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 57-9. Hlalosa kamoo bahlanka ba sebeletsang ba sebelisoang kateng ka phuthehong ho thusa phutheho.

20 mets: Re Lokela ho Itšoara Joang ha re Fuoa Keletso? Puo ka moholo. Kaofela ha rōna re hloka keletso mabapi le boikutlo ba rōna, boitšoaro, metsoalle kapa ho nka karolo mesebetsing ea phutheho. Ka linako tse ling re sekamela ho hana keletso kapa ho khopeha. Ho ikemisetsa ho amohela keletso le ho e sebelisa e ka ba habohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna bo botle ba moea. Hlahloba mabaka a motheo a totobatsang hore na ke hobane’ng ha re lokela ho amohela keletso le ho e ananela.—Bona Molula-Qhooa oa April 1, 1987, leqepheng la 27-30.

Pina 68 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 March

Pina 162

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Phatlalatsa mabitso a bao e tla ba bo-pula-maliboho ba thusang ka April. Hlalosa hore ha e e-s’o be morao haholo bakeng sa ho etsa kōpo. Bolela kemiso eohle ea liboka tsa tšebeletso ea tšimo tse lokiselitsoeng bakeng sa April. Khothalletsa bohle ho bala ’malo oa Bibele oa Sehopotso o lokiselitsoeng bakeng sa la 27 March ho ea ho la 1 April, joalokaha o bontšitsoe ho Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1999 le ho Almanaka ea 1999.

15 mets: Lokisetsa Sehopotso. Puo. Bohle ba lokela ho etsa litokisetso tsa ho thusa liithuti tsa Bibele le ba bang ba thahasellang ho ba teng Sehopotsong. Ba bacha ba bang teng ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hore na ke bo-mang ba lokelang ho ja litšoantšiso kapa hore na mokete ona o bolela’ng. Hlahloba se bontšitsoeng tokollong ea Molula-Qhooa oa April 1, 1996, leqepheng la 6-8, ’me u bontše kamoo re ka thusang motho ea sa tsoa thahasella ho utloisisa se boleloang ke mokete ona le morero oa oona. Phetha ka ho hlahloba “Likhopotso Tsa Sehopotso” le ho hlalosa litokisetso tsa phutheho tsa Sehopotso.

20 mets: Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa? Moholo o buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba tšoanelehang ka molemo le tšebeliso ea bukana ena. Re ile ra tloaelana hamolemo le bukana ena ha re ne re ithuta eona Thutong ea Buka ea Phutheho. Na re e sebelisa ka katleho tšebeletsong ea tšimo? Bahoeletsi bana ba buisana ka lintho tse latelang: Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba thahasella taba ee? Ho fapana le lithuto tsa bolumeli ba bohata, bukana ee e lebisa tlhokomelo tšepong efe? Re ka sebelisa lipotso tse leqepheng la ho qetela joang ho tsosa thahasello? Ho na le menyetla efe ea ho fana ka bukana ee? Etsa pontšo ea nehelano ho sebelisoa mangolo a serapeng sa 14 leqepheng la 27. Khothalletsa bohle ho falimehela ho sebelisa bukana ena hamolemo.

Pina 92 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 March

Pina 111

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ea March. Re tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! ka April. Ba bontše litokollo tsa limakasine tsa morao-rao, bolela lihlooho tse ka ’nang tsa buelloa, ’me u bue ka lintlha tse tobileng tse thahasellisang. Bohle ba lokela ho lula ba e-na le bukana ea Seo a se Hlokang ’me ba e sebelise ho qalisa lithuto tsa Bibele le batho ba thahasellang.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: Ho thabela Buka ea Selemo ea 1999. Puisano pakeng tsa monna le mosali. Monna o hlalosa hore Buka ea Selemo e hatisitsoe e le buka ka lekhetlo la pele ka 1927 le hore e se e bile teng ka lilemo tse fetang 70, e ’nile ea kopanyelletsa tlaleho ea lefatše ka bophara ea Lipaki tsa Jehova. Ba hlahloba lintlha tse khōlō tsa “Lipalo-kakaretso Tsa 1998,” leqepheng la 31. Ebe ba buisana ka “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang,” leqepheng la 3-5, le ho bolela kamoo ba tla sebelisa khothatso e fanoeng.

Pina 118 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela