Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka May: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! E-bang le bukana ea Seo a se Hlokang bakeng sa batho ba thahasellang, ’me le leke ka matla ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. June: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 e sekoahelo sa pampiri. July le August: Ho ka fanoa ka bukana leha e le efe e maqephe a 32 ka monehelo oa R1,20 bukana ka ’ngoe ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ho Rōna ha Re E-shoa?, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Libukana tsa Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? le Will There Ever Be a World Without War? li ka fanoa moo ho loketseng.
◼ Lilemong tsa morao tjena ho bulehile menyetla ea ho etela linaheng tsa mose. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba bangata ba entse litokisetso tsa ho etela linaheng tse ling. Hangata, ba iteanya le liofisi tsa makala tsa Mokhatlo ba kōpa boitsebiso. Liofisi tsa makala li thabela ho fana ka liaterese tsa Liholo tsa ’Muso le linako tsa liboka ho thusa mabapi le ho kopana le liphutheho tsa sebaka ka seng. Hape, li ka fana ka tataiso mabapi le ho etela ofising ea lekala. Leha ho le joalo, litlaleho li bontša hore ba bangata ba botsa ho eketsehileng ka litokisetso tsa maeto, libaka tsa marobalo, libaka tse thahasellisang tsa sebaka ka seng le litaba tse tšoanang le tseo. Liofisi tsa makala ha lia hlomelloa, leha e le hore li na le nako ea ho fana ka boitsebiso ba mofuta oo. Baeti ba khothalletsoa ho bonana le baemeli ba maeto kapa mafapha a tsa bohahlauli, bao ka tloaelo ba nang le boitsebiso bakeng sa bahahlauli.
◼ Phutuho ea rōna ea tšimo e sa abuoang bakeng sa 1999 e lokiselitsoe ka likhoeli tsa August ho ea ho October. Le hoja boholo ba liphutheho bo tla ea tšimong ea tsona e sa abuoang e tloaelehileng, ho tla khethoa liphutheho tse seng kae tsa Senyesemane le Seafrikanse hore li thuse liphutheho tse ling tsa lipuo tsa Seafrika hore li koahele tšimo ea tsona. Tokisetso ena ea hlokahala hobane mapolasi a mangata ha a sa na batho athe makeishene a mang a na le baahi ba bangata hoo phutheho ea sebaka ka seng e hlōloang ho hlokomela tšimo ea eona hantle. Liphutheho li khothalletsoa ho etsa litokisetso pele ho nako ho etsa hore likhoeli tseo tse tharo tsa phutuho ea tšimo e sa abuoang e be tse behang haholo.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Ho na le liphetoho matsatsing a latelang a likopano tsa setereke, ntle le ha ho bontšitsoe ka hosele:
La 10-12 December:
Durban (Senyesemane, Puo ea Matsoho)
East London (Senyesemane; kopano e ncha)
Empangeni
George
Soweto (Sezulu 1)
Walvis Bay (Seafrikanse/Senyesemane; kopano e ncha)
La 17-19 December:
Cape Town
Durban (Sezulu)
Ermelo
Mbabane (Senyesemane; kopano e ncha)
Phalaborwa
Pretoria (Seafrikanse, Senyesemane; kopano e ncha)
Pretoria (Sezulu)
Soweto (Sesotho)
Thohoyandou
Umtata
Windhoek (Sekwanyama feela)
La 24-26 December:
Lebowakgomo
Mafikeng
Newcastle
Pietermaritzburg
Soweto (Sezulu 2)
Vereeniging (Sesotho, Sezulu; kopano e ncha)