Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/99 leq. 3
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 5/99 leq. 3

Lebokose la Lipotso

◼ Batsoali ba lokela ho hlokomela eng ha bana ba bona ba banyenyane ba kopanela tšebeletsong?

Ka nepo, batsoali ba Bakreste ba tsamaea le bana ba bona tšebeletsong ea tšimo, ba ba koetlisetsa ho kopanela litaba tse molemo tsa ’Muso le ba bang. Ha ba etsa joalo, ho hlokahala hore bana ba bona ba banyenyane ba behoe leihlo ka lebaka la likotsi tse ka ’nang tsa e-ba teng tšimong, esita le tikolohong ea boahisani e “sireletsehileng.” Bana ba eketsehileng ke liphofu tsa pefo le tlhekefetso ka lebaka la ho eketseha ha meharo le ho hlepha ha boitšoaro ba botona le botšehali ‘linakong tsena tse mahlonoko’ tseo re phelang ho tsona. (2 Tim. 3:1-5) Ho hlokahala hore batsoali ba nke mehato e loketseng ho sireletsa bana ba bona ba banyenyane ho batho ba ka ba hlaselang. Ho ka etsoa eng?

Ka bohlale Bibele e eletsa hore re be masene ’me re shebele pele hore re bone kotsi esale pele. (Liprov. 22:3; Mat. 10:16) Sepheo sa sena hase ho etsa melao, empa ke bohlale hore motsoali kapa motho e mong e moholo a tsamaee le ngoana ha ba e-ea tšebeletsong ea tšimo. Haeba bahoeletsi ba banyenyane ba babeli ba nang le boikarabelo ba sebetsa hammoho, ke bohlale hore motsoali kapa motho e mong e moholo a be moo a ba bonang ka linako tsohle. Leha ho le joalo, ha ngoana a hōla ’me a ipaka a e-na le boikarabelo haholoanyane, batsoali ba ka etsa qeto mabapi le hore na o ntse a hloka tlhokomelo e tobileng ea batsoali kapa che.—Bona le Lebokose la Lipotso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1992.

Hape ke bohlale hore re lule re hopola tšireletseho ha re nka leeto ka koloi le ha re itsamaela feela. Ho nka mehato e loketseng ea ho itšireletsa hangata ho thibela likotsi le meroalo e tšabehang ea bohloko, litšenyehelo tsa meriana le likoloto tse molaong tse ka ’nang tsa e-ba teng ka liqoso tse ntseng li eketseha ho re potoloha.

Ke ho loketseng hore ba banyenyane ba “rorise lebitso la Jehova.” (Pes. 148:12, 13) Mantsoe a bona a monate le boitšoaro ba bona bo botle ha ba le tšebeletsong ea tšimo ke tse khahlang ba bang haholo ’me ho tlisa thoriso ho Jehova. Batsoali thusang bana ba lōna ka litsela tsohle hore ba kopanele kamehla ho boleleng litaba tse molemo, kamehla le ntse le le hlokolosi ho ba sireletsa likotsing leha e le life tse teng tse ka ’nang tsa ba hlahela!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela