Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka monehelo oa R1,20 kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 ea sekoahelo sa pampiri. Tse ling tse ka tsamaisoang: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R4,00. December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R9,00 ha e tsamaea le buka e sekoahelo se thata le R7,75 ha e tsamaea le ea sekoahelo sa pampiri. January: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R19,00 kapa le Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R11,50. February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 ha ho fanoa ka ea sekoahelo sa pampiri.
◼ Molebeli ea okamelang o lokela ho romela tlaleho ea Kabelo ea Tšimo e sa Abuoang (S-91) le liphihlelo leha e le life tse thahasellisang ho Mokhatlo pele ho la 15 November, 1999. Tiisang hore ho sebelisoa setempe se loketseng bakeng sa enfelopo e khōlō.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara limemo tsa Sehopotso tsa selemo sa 2000 odareng ea tsona ea libuka e latelang. Limemo li fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Li lokela ho odaroa ka lihlopha tsa tse 100 bakeng sa puo ka ’ngoe. Tefello ea tse 100 ke R1,80. Liphutheho tse nang le khaello ak’haonteng ea tsona ea libuka li lokela ho romela liodara tsa tsona le chelete. Ka kōpo sebelisang kahlolo e molemo ha le odara kaha limemo li reretsoe batho ba thahasellang feela, eseng ho ajoa hohle.
◼ Molebeli ea okamelang o lokela ho founela Mokhatlo haeba a sa fumane phepelo ea phutheho ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka la 20 khoeling e tlang pele ho tokollo e latelang.