Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/99 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa November

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa November
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 1 November
  • Beke e Qalang ka la 8 November
  • Beke e Qalang ka la 15 November
  • Beke e Qalang ka la 22 November
  • Beke e Qalang ka la 29 November
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 11/99 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa November

Beke e Qalang ka la 1 November

Pina 156

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hlahloba sehlooho se reng, “Bona Matla a Bibele!” Hopotsa ba e-s’o nehelane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo hore ba nehelane ka tsona kajeno pele tlaleho ea phutheho e romeloa ho Mokhatlo.

15 mets: “Boboleli Boa re Khetholla.” Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo. U sebelisa buka ea Tsebo, leqepheng la 173, serapa sa 8, bontša hakhutšoanyane seo re ka se buang ho khothalletsa seithuti sa Bibele ho hahamalla ho kopanela tšebeletsong.

20 mets: “Ke Mang ea ka ’Nang a Amohela Thuto ea Bibele?” Puo le lipontšo. Tumellanong le serapa sa 4, bontša litsela tse sa tšoaneng tsa ho hlaolela thahasello ea ho ithuta se fuperoeng ke lingoliloeng tsa rōna. E-re ho etsoe lipontšo tse peli tse khutšoanyane tse bontšang kamoo seo se ka etsoang kateng. Mema bamameli hore ba bolele kamoo ba ileng ba atleha kateng ho qalisa lithuto.

Pina 198 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 8 November

Pina 204

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Hopotsa barab’abo rōna ho lokisetsa puisano ea beke e tlang lirapeng tse 18 tse qalang kenyelletsong ea November.

15 mets: Lebokose la Lipotso. Puo. Hlalosa litokisetso tse entsoeng ke phutheho bakeng sa ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile ebile e le boemong bo botle.

20 mets: “U Tla Re’ng ho Momosleme?” Lipotso le likarabo. Totobatsa tlhokahalo ea ho sebelisa temoho ha ho buisanoa le batho ba litso tse ling. E-re ho etsoe pontšo ea nehelano e lokiselitsoeng hantle. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Boislamo, bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1998; buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 23-4; le Moloko oa Batho o Batla Molimo, khaolong ea 12.

Pina 208 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 November

Pina 211

8 mets: Litsebiso tsa phutheho.

25 mets: “Ho Sebelisa Internet—Falimehela Likotsi!” Puisano ka lipotso le likarabo serapeng sa 1-18. Bala serapa sa 4-7, 12, 16, 17. Khothalletsa bohle hore ba lokisetse hantle bakeng sa puisano ea beke e tlang serapeng sa 19-36.

12 mets: Batsoali—Na le Khanna Thuto ea Lelapa Kamehla? Puo le puisano le bamameli. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha malapa a lokela ho ithuta a le ’moho. (Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 37-8.) Bua ka litšitiso tse latelang tsa thuto ea lelapa: (1) boikutlo ba hore bana ba sa le banyenyane haholo hore ba ka rua molemo, (2) ho nahana hore ho ba teng libokeng tsa phutheho ho lekane, (3) ho khathala ka lebaka la kemiso e phathahaneng le (4) ho sitisoa ke ho shebella thelevishene. (Bona Molula-Qhooa oa May 15, 1994, leqepheng la 11-12.) Kōpa lihlooho tsa malapa ho bolela kamoo li hlōlang litšitiso kateng e le hore li lule li e-na le kemiso e ntle e sa fetoheng ea thuto ea lelapa. Totobatsa hore sena se hloka boiteko, boikemisetso le tšebelisano-’moho.

Pina 217 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 November

Pina 158

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bua ka tlaleho ea mosebetsi o entsoeng tšimong e sa abuoang ’me u phete liphihlelo leha e le life tse thahasellisang.

10 mets: Boikutlo ba Hao ke Bofe ka Likabelo? Puo ka moholo. Ho na le lethathamo le lelelele la mesebetsi e lokelang ho etsoa e le hore lintho li ’ne li tsamaee hantle ka phuthehong: ho lokisetsa likabelo tsa lenaneo; ho lata ba bang ho ea libokeng kapa ho ea le bona tšebeletsong; ho thusa ba hōlileng; le ho hloekisa, ho lokisa le ho hlokomela Holo ea ’Muso, ho akarelletsa le ho hlokomela mohloa. U itšoara joang ha u kōpuoa ho thusa? Ba bang ba ka ’na ba hana, ba lumela ka monyebe, kapa ba hlōleha ho phetha seo ba se qalileng. Bontša hore na ke hobane’ng ha ho amohela likabelo le ho li phetha e le tokelo e thabisang. Khothalletsa bohle ka phuthehong ho bontša moea oa boithaopo le boithatelo.—Pes. ea 110:3, NW, ftn.; Esa. 6:8.

25 mets: “Ho Sebelisa Internet—Falimehela Likotsi!” Puisano ka lipotso le likarabo serapeng sa 19-36. Bala serapa sa 23-5 le sa 34-6.

Pina 223 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 November

Pina 215

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi bohle hore ba nehelane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa November.

15 mets: Khothalletsa ba Bacha ho ba Teng Libokeng. Puisano pakeng tsa moholo le mohlanka ea sebeletsang a le mong kapa ba babeli, e thehiloeng bukaneng ea Li Etsa Thato ea Molimo, leqepheng la 14-15. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ba bacha ba be teng libokeng. Ke hona moo ba tla fumana karolo e khōlō ea taeo, khothatso le thuso. Hlahloba liboka tse hlano tsa beke le beke, u hlalose melemo ea se seng le se seng. Bolela kamoo liboka li khothalletsang boitšoaro ba bomolimo kateng, li hahang moeeng, li re hulelang mokhatlong o hlophisitsoeng, li re thusang ho matlafatsa maqhama a rōna le ba bang le ho re thusa ho utloisisa morero oa tšebeletso ea rōna. Khothalletsa bamameli ho sebelisa bukana ena ho susumelletsa ba bacha ho tla libokeng.

20 mets: Khetho ea Rōna—Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Puo le lipontšo. Har’a mekhatlo e meng ea bolumeli, oa rōna ke o ikhethang ka ho hatisa, ho sebelisa le ho aba phetolelo ea Bibele e hlahisitsoeng ke barapeli ba tlotsitsoeng ba Jehova. Hase hore re lakatsa ho fumana phaello ea chelete kapa ho jala litumelo tsa lequloana le itseng la bolumeli. Ho e-na le hoo, re susumetsoa ke takatso ea ho hlompha lebitso la Molimo le ho thusa ba bang ho mo tseba hamolemonyana. Liphetolelo tse ling li atisa ho fetolela Lentsoe la Molimo ka tsela eo ho leng thata ho e utloisisa, kahoo hlahloba melemo e totobetseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha. (Bona buka ea “Lengolo Lohle,” leqepheng la 327-31. Hlokomela litlhaloso tse serapeng sa 3, u bontše mehlala ea liphetolelo tse ntlafalitsoeng e serapeng sa 6, ’me u totobatse melemo e akarelitsoeng serapeng sa 22-3.) E-re ho etsoe lipontšo tse peli tse khutšoanyane tse bontšang kamoo re ka ’nang ra arabela kateng ha ba bang ba re, “Le na le Bibele ea lōna.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 347-8.

Pina 205 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela