Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/00 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 14 February
  • Beke e Qalang ka la 21 February
  • Beke e Qalang ka la 28 February
  • Beke e Qalang ka la 6 March
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 2/00 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 14 February

Pina 113

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

15 mets: “U Bolele Lentsoe . . . ka ho Phehella ka Potlako.” Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo. Akarelletsa le litlhaloso tse bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 170. Fana ka litlhahiso tse sebetsang mabapi le mokhoa oa ho eketsa tšebeletso ea boboleli nakong e setseng ea selemo.

20 mets: “Kamoo re ka Ntlafatsang Tsebo ea Rōna ea ho Beha Mabaka.” Puo le pontšo. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha tsebo ea ho beha mabaka e le ea bohlokoa hakana tšebeletsong le mokhoa oa ho e fumana. E-re bahoeletsi ba babeli ba tšoanelehang ba buisane ka mokhoa oa ho lokisetsa tšebeletso ka ho latela mehato e thathamisitsoeng serapeng sa 3 sa sehlooho sena ebe joale ba etsa pontšo ea nehelano ea bona.

Pina 182 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 21 February

Pina 17

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: “Basali ba Sebetsang ka Thata Moreneng.” Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo. Akarelletsa litlhaloso tse ho Molula-Qhooa oa September 15, 1996, leqepheng la 14-15, serapeng sa 18-19. Ka mofuthu babatsa baralib’abo rōna ka tšehetso ea bona ea boithaopo, litšebeletso tse molemo tseo ba li etsetsang ba bang le tšebeletso ea bona e chesehang ea ho bolela.

20 mets: “Ke Eng e ka re Thusang ho Ema re Tiile Tumelong?” Puo ka moholo. Re phela mehleng e thata, ’me kaofela ha rōna re hloka thuso ka tsela e ’ngoe e itseng. Hlahloba seo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka se etsang ho matlafatsa ba hlasetsoeng ke mathata a nyahamisang. (Bona sehlohoana se reng “Kaloso e Hahang” ho Molula-Qhooa oa September 15, 1993, leqepheng la 21-3.) Hlalosa kamoo re ka khothatsanang kateng ka litsela tse tla re boloka re tsitsitse moeeng.—Baroma 1:11, 12.

Pina 82 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 28 February

Pina 46

17 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa February. Ka bokhutšoanyane hlahloba “Mehato e Bonolo e Mene” ea ho sebelisa lipampitšana bakeng sa ho qalisa moqoqo, e thathamisitsoeng leqepheng la 4 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea khoeli e fetileng. Etsa pontšo ea kamoo pampitšana ea Lefatše le Lecha la Khotso e ka sebelisoang kateng ho kenyelletsa buka ea Tsebo. Ka mor’a ho botsa lipotso serapeng se qalang sa pampitšana, bala serapa sa pele leqepheng la 3, ho akarelletsa le Pesaleme ea 37:29. Haeba ho bontšoa thahasello, phetla buka ea Tsebo leqepheng la 5, ebe u bala lebokose, ’me u buelle thuto. Khoeling ena, bohle ba lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tse ncha tsa lehae tsa Bibele.

10 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo.

18 mets: “Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka Kholiseho e Matla.” Etsa kenyelletso e tlohang botebong ba pelo ea metsotso e ’meli kapa e meraro e thehiloeng boitsebisong bo serapeng sa 1 le sa 2 le mangolo a qotsitsoeng. E be u akaretsa serapa sa 3-12 ka puisano ea lipotso le likarabo.

Pina 61 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 6 March

Pina ea 116

5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho.

10 mets: “Ela Hloko Tsela eo U Mamelang ka Eona.” Hlooho ea lelapa e buisana le mosali oa eona le bana ka seo ba ka se etsang hore ba ruoe molemo ka botlalo haholoanyane libokeng tsa phutheho, likopanong tse nyenyane le tse khōlō. E na le maikutlo a hore bohle ka lapeng ba ka tsepamisa mehopolo haholoanyane tabeng. Ba hlahloba litlhahiso tse thathamisitsoeng hape ba hlahloba mokhoa oa ho sebelisa e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa le tlhokahalo ea ho buisana ka ho eketsehileng ka lintho tse ithutiloeng. Ba hlahloba mokhoa oa ho phelela qeto ea bona ea ho se fosoe ke liboka leha e le life kapa lenaneo leha e le lefe la kopano e khōlō kapa e nyenyane haeba ho khoneha.

20 mets: “Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka Kholiseho e Matla.” Ka mor’a tlhahlobo e khutšoanyane ea puisano ea beke e fetileng ea lirapa tse 12 tsa kenyelletso, e-ba le puisano ea lipotso le likarabo serapeng sa 13-24. Sebelisa mangolo a qotsitsoeng le a boletsoeng hamolemo.

Pina 186 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela