Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka April le May: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Lulang le e-na le bukana ea Seo a se Hlokang bakeng sa batho ba thahasellang, ’me le leke ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. June: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Tsepamisang mohopolo tabeng ea ho qala lithuto tsa lehae tsa Bibele. July le August: Bukana leha e le efe ho tse latelang tse nang le maqephe a 32 e ka sebelisoa: Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha Re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Libukana tsa Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? li ka fanoa moo ho loketseng.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa meqolo ea Watchtower le Awake! ea 1999. Meqolo ena e tla fumaneha ka Senyesemane, Sejeremane le Sepotoketsi. Ho fihlela ha meqolo eo e fumaneha ’me e romeloa, e tla hlaha e le “Pending” lethathamong la phutheho la thomello ea lintho. Meqolo ke lintho tse kōptjoang ka ho khetheha.
◼ E le ho le thusa hore le etse litokisetso tsa ho ba teng kopanong ea setereke ea 2000, re thabela ho le fa matsatsi a sa tiisoang.
La 24-26 NOVEMBER:
Empangeni (Sezulu)
KaNyamazane (Sezulu)
Manzini (Seswati)
Newcastle (Sezulu)
Springs (Sezulu)
Vereeniging (Sesotho/Sezulu)
La 1-3 DECEMBER:
Francistown (Setswana)
Nelspruit (Seafrikanse/Senyesemane)
Pietersburg (Seafrikanse/Senyesemane)
Pietersburg (Sepedi)
Soshanguve (Sesotho)
Soweto (Sesotho)
Springs (Sesotho)
Thohoyandou (Sevenda)
La 8-10 DECEMBER:
Bisho (Sexhosa)
Bloemfontein (Seafrikanse/Senyesemane)
Cape Town (Sexhosa)
Durban (Seafrikanse, Senyesemane, Puo ea Matsoho)
East London (Senyesemane)
Ermelo (Sezulu)
Gaborone (Senyesemane)
Gaborone (Setswana)
Johannesburg (Senyesemane, Puo ea Matsoho)
Johannesburg (Sepotoketsi)
Klerksdorp (Setswana)
Kokstad (Sexhosa)
Soweto (Sezulu)
St. Helena (Senyesemane)
Windhoek (Seoshiwambo, Sepotoketsi)
La 15-17 DECEMBER:
Bloemfontein (Sesotho)
Butterworth (Sexhosa)
Cape Town (Seafrikanse, Senyesemane, Puo ea Matsoho)
Durban (Sezulu)
George (Seafrikanse/Senyesemane)
Johannesburg (Seafrikanse)
Lebowakgomo (Sepedi)
Mamelodi (Sezulu)
Maseru (Sesotho)
Phalaborwa (Setsonga)
Pietermaritzburg (Sezulu)
Port Elizabeth (Seafrikanse/Senyesemane)
Port Elizabeth (Sexhosa)
Pretoria (Senyesemane)
Soweto (Sezulu)
Walvis Bay (Seafrikanse/Senyesemane, Sekwangali, Puo ea Matsoho)