Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 3 January ho ea ho la 17 April, 1999. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Ka linako tse ling re lokela ho leta e le hore re fumane litlhohonolofatso tsa Jehova, kaha Jehova o tseba boemo ba rōna ’me o hlokomela tlhoko ka ’ngoe ka nako eo e tla re tsoela molemo ka ho fetisisa. (Pes. 145:16; Jak. 1:17) [1, w98-SU 1/1 leq. 23 ser. 6]
2. Ho ba teng ha areka ea selekane ka bohona e ne e se tiiso ea hore Baiseraele ba tla atleha. Litlhohonolofatso tsa Jehova li ne li itšetlehile ka bomoea le kutlo e bontšang botšepehi tsa ba nang le areka. (Josh., khao. 7) [10, ’’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona it-1 leq. 167 ser. 2.]
3. Kajeno re matlafatsoa moeeng ke ho bala lipolelo tsa Jehova feela. (Deut. 8:3) [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w85-SU 6/15 leq. 17 lir. 15, 17.]
4. Molao-motheo o totobalitsoeng Molaong oa Moshe ho Deuteronoma 23:20 o bontša hore ke ho hloka lerato hore Mokreste a lefise tsoala ha a alimana ka chelete. [5, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona it-1 leq. 1212 lir. 5-6; it-2 leq. 259 ser. 12; w86-SU 10/15 leq. 12 ser. 9.]
5. Tlaleho ea Joshua le Kalebe e bontšang ho ba le tšepo e ne e thehiloe tumelong ea bona e tiileng ea hore Baiseraele ba matla hape ba ikemiselitse ho hlōla litšitiso leha e le life tse ka ba sitisang ho hapa Naha e Tšepisitsoeng. (Num. 13:30) [6, w98-SU 2/1 leq. 5 ser. 4]
6. Ha Pauluse a ne a bua ka “mpho” ho 1 Timothea, o ne a hopotsa Timothea ka ho tlotsoa ha hae ka moea o halalelang le ka moputso oa leholimo o mo emetseng. (1 Tim. 4:14) [11, w98-SU 2/15 leq. 25 ser. 1]
7. Buka ea Joshua ha e fane ka kamano leha e le efe ea bohlokoa tlalehong e lebisang ho hlaheng ha Peō ea ’Muso. [14, si-SU leq. 46 ser. 24]
8. Buka ea Baahloli ke tlaleho ea banna bao Iseraele e ileng ea ba khetha le ho ba beha hore ba buse sechaba pele ho mehla ea marena. [15, si-SU leq. 46 ser. 2]
9. Kōpo ea Gideone, joalokaha e hlalositsoe ho Baahloli 6:37-39, e bontša hore o ne a le hlokolosi a bile a belaella lintho ka tsela e feteletseng. [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 4/1 leq. 30 ser. 6.]
10. Ka ho laela barutuoa ba hae hore ‘ba se ke ba kopa leha e le mang ka tumeliso tseleng,’ Jesu o ne a hatisa ho potlaka ha mosebetsi oa boboleli le tlhokahalo ea ho lebisa tlhokomelo e feletseng kabelong ena ea bohlokoa ka ho fetisisa. (Luka 10:4) [16, w98-SU 3/1 leq. 30 ser. 5]
Araba lipotso tse latelang:
11. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore mantsoe a Jehova a ipake a le lipelong tsa batsoali? (Deut. 6:5, 6) [1, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w98-SU 6/1 leq. 20 ser. 4.] 12. Hlooho ea lelapa e ka sebelisa molao-motheo o boletsoeng ho Deuteronoma 11:18, 19 joang? [3, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona fy-SU leq. 70 ser. 14.]
13. Ke pontšo efe ea Mangolo e totobatsang hore lekhoba le balehileng, Onesimase, le ne le bile le moapostola Pauluse ka nakoana pele Pauluse a ngolla Filemone? [4, w98-SU 1/15 leq. 30 ser. 2]
14. Ha re bona ho hloka toka kapa rōna ka borōna re tšoaroa ka ho hloka toka, ke’ng seo re ka se etsang ho qoba boikutlo ba ho tepella kapa ba ho felloa ke tšepo? [6, w98-SU 2/1 leq. 6 lir. 2-3]
15. Joshua le Gideone ba ile ba bontša ho hlompha molao oa Molimo joang? (Deut. 20:8, 15-18) [8, si-SU leq. 41 ser. 32]
16. Liketsahalo tse hlalositsoeng ho Joshua 10:10-14 li bapa joang le tse ka lebelloang ka Armagedone? [11, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 12/15 leq. 23 ser. 12–leq. 24 ser. 14.]
17. Bolela melemo e meraro ea thoriso e tsoang botebong ba pelo bakeng sa boitšoaro bo tšoanelehang. (Bapisa le Liproverbia 15:23.) [5, w98-SU 2/1 leq. 31 lir. 5-6]
18. Tumellanong le Joshua 20:4, ke joang motho a balehelang motseng oa setšabelo o neng o tšoantšetsoa ke oa boholo-holo? [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 12/15 leq. 24 ser. 16.]
19. Baahloli 5:31 e bontša joang hore ho hlōla ha Moahloli Barake mabotho a maholohali a Sisera phuleng ea Kishone ho na le moelelo oa bohlokoa mehleng ee ea rōna? [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 2/15 leq. 21 ser. 4.]
20. Re ka bontša joang hore re hlompha molao-motheo o tšehetsang polelo e reng “ba ema e mong le e mong bakeng sa hae,” joalokaha o tlalehiloe ho Baahloli 7:21? [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w82-SU 11/15 leq. 25 ser. 17.]
Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
21. E le hore re latsoe tlhohonolofatso ea Jehova ka ho feletseng haholoanyane, re lokela ho tsoela pele ho ․․․․․․․․ le ho kōpa Jehova ka matla hore a re thuse ho ․․․․․․․․ lithuto tse Lentsoeng la hae le bululetsoeng. (1 Tim. 4:8, 9) [1, w98-SU 1/1 leq. 24 ser. 6]
22. Thoriso e phoqang ha e khahlise Jehova hobane e susumetsoa ke ․․․․․․․․, ha e ․․․․․․․․, ’me ka holim’a tsohle, e bontša ․․․․․․․․. [5, w98-SU 2/1 leq. 30 lir. 2-3]
23. Lebitso Joshua le bolela “․․․․․․․․” ’me o ne a tšoantšetsa ․․․․․․․․ ka tsela ea boprofeta. [9, si-SU leq. 42 ser. 5]
24. Tumellanong le papiso ea Jesu e ho Matheu 7:24-27, batsoali ba masene ba ka thusa bana ba bona ho talimana le likhatello tse kang sefefo ka ho ba fa ․․․․․․․․ tse tla ba thusa hore ba lule ba ․․․․․․․․. [10, w98-SU 2/15 leq. 9 ser. 1]
25. Tlaleho ea histori e bukeng ea Baahloli e akaretsa nako ea ho tloha lefung la ․․․․․․․․ ho fihlela nakong ea ․․․․․․․․. e leng ho akaretsang lilemo tse ka bang ․․․․․․․․. [15, si-SU leq. 47 ser. 5]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
26. Ho etsa litokisetso tse itseng bakeng sa ho aba thepa ea hao haeba ho ka etsahala hore u shoe ke (taba e amang phutheho; taba ea botho; tlhokahalo bakeng sa Bakreste ba ’nete). (Bagal. 6:5) [3, w98-SU 1/15 leq. 19 ser. 6]
27. Pauluse o ile a khothalletsa Filemone hore a amohele (Oname; Onesiforase; Onesimase) ka mosa empa ha aa ka a sebelisa matla a hae a boapostola ho mo laela hore a etse joalo kapa hore a lokolle lekhoba leo la hae. (Filem. 21) [4, w98-SU 1/15 leq. 31 ser. 1]
28. Bofokoli bo tebileng bo hlahellang tlalehong ea balepera ba ileng ba phekoloa ke Jesu ke ba (ho hloka tumelo; ho hloka kutlo; ho hloka teboho) ha bona. (Luka 17:11-19) [7, w98-SU 2/15 leq. 5 ser. 1]
29. Kaha Molimo o ile a amohela tsela eo Rahaba a ileng a e nka, mantsoe a hae ho banna ba Jeriko ba neng ba phalletse lihloela tsa Baiseraele a bontša hore (taba ea ho bua leshano kapa ho se le bue ke qeto ea botho; motho ha aa tlameha ho senola boitsebiso ba ’nete ho batho ba se nang tokelo ea ho bo tseba; o ne a e-s’o fetole litsela tsohle tsa hae tsa lefatše). (Josh. 2:3-5; bapisa le Baroma 14:4.) [9, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 12/15 leq. 25 ser. 1.]
30. Joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 13:5, thuto ea mohlala eo Jesu a ileng a fana ka eona e totobatsa tšobotsi ea (mosa; kutloelo-bohloko; boikokobetso), e etsang hore motho a be le tšekamelo ea ho etsetsa ba bang mesebetsi e tlaase ka ho fetisisa. [13, w98-SU 3/15 leq. 7 ser. 6]
Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
Deut. 7:3, 4; 17:7; 25:11, 12; 28:3; Jer. 15:20
31. Ho hlompha ha ’Mōpi matla a ho ba le bana ho lokela ho susumetsa qeto eo Mokreste a e etsang mabapi le mokhoa o loketseng oa thero ea lelapa. [Deut. 25:11, 12] [6, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w99-SU 6/15 leq. 28 lir. 3-6.]
32. Re ka kholiseha hore Jehova o tla re tšehetsa ha re ntse re phethahatsa thōmo ea rōna ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. [Jer. 15:20] [12, w98-SU 3/1 leq. 28 ser. 1]
33. Ho ela temoso ea Bibele hloko ho re qobisa liphello tse bohloko tse atisang ho hlaha ha Mokreste a ikenya jokong le motho ea sa lumelang. [Deut. 7:3, 4] [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 11/1 leq. 20 ser. 11.]
34. Ho thabela litlhohonolofatso tsa Molimo ha hoa itšetleha ka hore na re lula hokae kapa hore na re sebeletsa hokae leha e le hore na re filoe kabelo efe tšebeletsong ea Molimo. [Deut. 28:3] [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 6/15 leq. 15 ser. 15.]
35. Pauluse o qotsa Molao oa Jehova e le ’ona matla a tšehetsang litaelo tsa hae tse ho 1 Bakorinthe khaolo ea 5 mabapi le ho khaola. [Deut. 17:7] [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona si-SU leq. 213 ser. 24.]