Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Afrika Boroa: Likopano tsa Setereke tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” e bile tse atlehileng haholo. Kakaretso ea ba bileng teng Afrika Boroa le linaheng tsa boahisani e bile ea ba 140 835, ha kolobetsoa ba 2 443. Re rata ho bolela kamoo re ananelang mosebetsi o thata oa Likomiti tsohle tsa Likopano le oa ba ileng ba ithaopela ho sebetsa hore likopano tsena li atlehe.
Ha selemo sa tšebeletso sa 2000 se thoasa, se fumane liphutheho tse ngata li tšoarehile ka mafolofolo ho sebetseng tšimo e sa abjoang. Re thabela ho tlaleha hore bahoeletsi ba 5 580 ka kakaretso ba siile libuka, libukana le limakasine tse 45 545 ho batho ba thahasellang, ’me ba qeta lihora tse 48 210 mosebetsing ona o putsang. Liphutheho tse leshome tsa Senyesemane li ile tsa ithaopela ho sebetsa le liphutheho tsa mahaeng tsa lipuo tse ling. Ho hlakile hore tokisetso ena e ipakile e le molemo haholo ho barab’abo rōna bohle ba amehang. Phutheho e ’ngoe e ile ea tlaleha hore “seo se bile le phello e ntle motseng oo, kaha ba ile ba bona bara le barali babo rōna, ba banyenyane le ba baholo, ba batšo le ba basoeu, ba sebetsa hammoho.” Ho tšeptjoa hore bara le barali babo rōna ba bangata ba tla boela ba itlhahisa bakeng sa phutuho ea selemo sena.