Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/00 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 10 April
  • Beke e Qalang ka la 17 April
  • Beke e Qalang ka la 24 April
  • Beke e Qalang ka la 1 May
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 4/00 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 10 April

Pina 122

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Le se ke la lebala puo ea phatlalatsa e khethehileng ka la 16 April, e nang le sehlooho se reng “Lebaka Leo ka Lona Moloko oa Batho o Hlokang Thekollo.” Khothalletsa bohle hore ba latele kemiso ea ’malo oa Bibele oa Sehopotso oa la 14-19 April, joalokaha o bontšitsoe ho Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2000. Hlahloba “Likhopotso Tsa Sehopotso,” leqepheng la 4 la kenyelletso ena.

15 mets: “Na U Arabela Leratong la Kreste?” Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo. Akarelletsa le mehopolo e tsoang ho Molula-Qhooa oa May 1, 1998, leqepheng la 16-17, serapeng sa 12-13. Khothalletsa e mong le e mong hore a etse boiteko bo khethehileng ba hore a memele batho Sehopotsong.

20 mets: “April—Nako ea ho Chesehela Mesebetsi e Metle!” Lipotso le likarabo. Puisano e chesehang ka seo re lakatsang ho se finyella ka April. Sebelisa metsotso e meraro kapa e mene e qetellang ho hlahloba “Cheseho e Susumetsang Bongata.”

Pina 199 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 17 April

Pina 25

13 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Ho setse mafelo-beke a mabeli feela ka April, kahoo khothalletsa e mong le e mong hore a kopanele tšebeletsong pele khoeli e fela. Etsa pontšo e khutšoanyane ea nehelano ea limakasine u sebelisa litokollo tsa morao-rao. Kaha re ka ’na ra tlameha ho arabela batho ba batlang hore re kopanele litloaelong tsa bona tsa Easter, hlahloba se boletsoeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 290-1.

16 mets: “Na U na le Moea oa Boitelo?” Lipotso le likarabo. Ho hlokahala hore re tsebe hore na lintho tse tlang pele ke life, re behe ka pele lintho tse tlang pele. Ho hlokahala hore re ikhanne le ho ba le boitšoaro hore re phehelle ho etsa se tlang ho re ruisa molemo moeeng. Hlalosa seo re ka ithutang sona mohlaleng oa Jesu.—Bona Insight, Moqolo 2, leqepheng la 68, serapeng sa 3-5.

16 mets: Tsamaisa Limakasine Moo li Tlang ho Atleha. Puo, bamameli ba kopanele. Hlahloba litlhahiso tse ho Tsoha! (ea Senyesemane) ea January 8, 1995, leqepheng la 22-4. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho le hotle ho batla batho ba ka ’nang ba arabela lihloohong tse khethehileng tse hlahang limakasineng. Hlahloba mehlala litokollong tse fetileng le mefuta ea batho, likhoebo kapa mekhatlo eo e ka ’nang eaba lihlooho tseo li ipilelitse ho eona tikolohong ea heno. Mema bamameli hore ba phete liphihlelo tse bontšang kamoo ba fumaneng litholoana tse ntle kateng ka ho sebelisa mokhoa ona.

Pina 71 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 24 April

Pina 137

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tsebisa hore na phutheho e ne e e-na le ba bakae Sehopotsong. Mema bamameli hore ba phete lipolelo tse builoeng ke ba neng ba le teng ka lekhetlo la pele.

17 mets: Thusa ba Bacha Hore ba be Teng Libokeng. Puo e thehiloeng bukeng ea Tsebo, leqepheng la 161-3, serapeng sa 5-8. Ka mor’a ho ithuta ka nakoana, ke habohlokoa hore ba bacha ba qale ho tla libokeng. Ho etsa hore ba be teng e ka ba phephetso. U ka etsa eng ho ba susumetsa? Ba khannang lithuto ba lokela ho ipha nako ea ho hlahloba boitsebiso bona bo bukeng ea Tsebo le liithuti tsa bona ’me ba etse litokisetso tse tobileng tsa ho ba thusa hore ba ikopanye le rōna borapeling ba ’nete.

18 mets: “Na U ’Moleli oa ’Muso oa Kamehla?” Puo le puisano le bamameli, e fanoe ke mongoli. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha re tlaleha mosebetsi oa rōna oa tšebeletso ea tšimo. (Bona Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 106-8.) Pheta a mang a mathata a hlahang ha re hlōleha ho tlisa litlaleho tsa rōna hang-hang. Mema bamameli hore ba bolele hore na ba etsa eng ho etsa bonnete ba hore ba tlisa litlaleho tsa bona ka nako. Totobatsa kamoo bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba ka thusang kateng. Ho setse mafelo-beke a le mang feela ka April, kahoo hatisa bohlokoa ba hore e mong le e mong a kopanele tšebeletsong ’me a tlalehe tšebeletso qetellong ea khoeli.

Pina 200 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 1 May

Pina 213

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa April. Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba lokela ho bonana le e mong le e mong ea sehlopheng sa bona e le hore litlaleho tsohle li ka kopanngoa ka la 6 May. Hlahloba Litaba tsa Puso ea Molimo.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

18 mets: “Etsa Bonnete ba Hore ua Khutlela!” Puisano le bamameli. Hlahloba mabaka a ka ’nang a etsa hore re sitoe ho etsa maeto a ho boela. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha lintlha tse ngotsoeng le ho ikemisetsa ho khutlela e le tsa bohlokoa. Etsa tlhahiso ea ho behella ka thōko nako e itseng beke le beke ho etsa maeto a ho boela. Hlahloba se boletsoeng bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 88-9. Pheta phihlelo e tlalehiloeng ho Buka ea Selemo ea 1995 (ea Senyesemane) leqepheng la 45.—1 Bakor. 3:6, 7.

Pina 68 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela