Tokelo e Bulehetseng Bacha
1 Ba bangata bao hona joale e leng batsoali ka lerato ba hopola tokelo eo ba neng ba e thabela ha e sa le bana ba ntseng ba hōla ’neteng—tšebeletso ea Letsatsi la Limakasine. Mosebetsi oo o ile oa qaloa liphuthehong tsohle ka 1949. Letsatsi le le leng ka beke, e mong le e mong o ne a lokela ho tsepamisa mohopolo ho abeng Molula-Qhooa le Tsoha! seterateng letsatsi le le leng bekeng, ka ntlo le ntlo, mabenkeleng le ka litsela tse ling. Bahoeletsi ba bacha ka ho khetheha ba ne ba lebella ho kopanela mosebetsing ona kahobane o ne o ba fa monyetla oa ho kopanela tšebetsong e tšoanang le ea batho ba baholo ba ka phuthehong. Na ho ne ho le joalo le ka uena ha u sa le ngoana?
2 Kopanyelletsa Bana ba Hao: Bana ba banyenyane haholo ba e-s’ong ho lokele ho qala puisano ea Mangolo matlung ba ntse ba ka fana ka limakasine. Hoo ho hloka hore ba ithute nehelano e bonolo ea lipolelo tse seng kae tse khutšoanyane. Mohlomong tlhaloso e khutšoanyane ea setšoantšo se sekoahelong e ka ba e lekaneng. Beng ba matlo ba bangata ba amohela likoranta ho bana habonolo, hangata ba babatsa boitšoaro le ho tiea ha bacha bana. Ka thuso e fokolang, tšebeletso ena ke ntho eo bana ba ka e etsang hantle haholo, ba tlatsetsa hamolemo ho haseng molaetsa oa ’Muso. Ke ’nete hore ha bacha ba ntse ba hōla, batsoali ba tla rata ho ba thusa hore ba ’ne ba etse tsoelo-pele ho ntlafatseng tsebo ea bona ea ho paka.
3 Manuel o ile a qala ho bolela ka ntlo le ntlo ha a le lilemo li tharo. Batsoali ba hae ba ile ba mo ruta ho hopola nehelano e khutšoanyane ka hlooho. Ka cheseho o kopanela le bona boboleling, o tsamaisa limakasine tse ngata, libukana le lipampitšana. O boetse o paka ka tsela e sa reroang. Ketsahalong e ’ngoe ha batsoali ba hae ba ne ba mo isitse serapeng sa boikhathollo, o ile a nka bohato ba pele ba ho tsamaisetsa batho ba bang ba neng ba le moo lipampitšana. Le hoja a sa le monyenyane haholo, cheseho ea Manuel tšebeletsong ke mohloli oa khothatso ea sebele ho batsoali ba hae le ho phutheho eohle.—Liprov. 22:6.
4 Moqebelo o mong le o mong o khethetsoe ho ba “Letsatsi la Limakasine” Almanakeng ea Lipaki tsa Jehova ea 2000. Batsoali, re le khothalletsa hore le tsosolose thahasello mosebetsing ona, le thuse bana ba lōna ho kopanela kamehla ka hohle kamoo ba ka khonang tokelong ena ea tšebeletso.