Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 8 May
15 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hlahloba “Maeto a ho Tla Bona Mehaho ea Lekala la Afrika Boroa.”
30 mets: “Ho Hlokomela Liholo Tsa Rōna Tsa ’Muso.” Puisano ea lipotso le likarabo. Etsa hore e sebetse phuthehong. Bua ka lintho tse hlokahalang bakeng sa ho hlokomela Holo ea ’Muso le kemiso ea ho e hloekisa. Khothalletsa bohle hore ba bontše tlhompho e hlokahalang bakeng sa sebaka sa bona sa borapeli ka hore kamehla ba bone hore holo ea hlokomeloa.
Pina 201 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 15 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
15 mets: “Lenaneo la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso.” Puisano ea lipotso le likarabo. Bua ka kamoo phutheho e ka thusang ba hlokang Holo ea ’Muso kateng. Haeba phutheho ea heno e le boemong ba ho thusa phutheho e ’ngoe ea boahisani, sehlopha sa baholo se ka iteanya le eona ka ho toba, kapa haeba e batla ho thusa phutheho e ’ngoe e hōle, se ka iteanya le molebeli oa potoloho kapa Mokhatlo.
20 mets: Ba Entse Khetho e Bohlale. Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa October 15, 1997, leqepheng la 19-21, serapeng sa 3-16. Pheta lipolelo tsa bo-pula-maliboho ba chesehang, tse bontšang hore na ke hobane’ng ha ba ikutloa hore ba sebelisitse bophelo ba bona ka tsela e putsang ka ho fetisisa le e molemo, le kamoo e ba tliselitseng thabo le khotsofalo kateng. Khothalletsa bohle ba teng hore ba nahane ka liphihlelo tsena le ho nahanisisa ka litebello tsa bona tsa ho ba bo-pula-maliboho.
Pina 203 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 22 May
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba Lebokose la Lipotso.
20 mets: “Lulang le Falimehile.” Puisano ea lipotso le likarabo. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho potlakile hore re lule re falimehile moeeng le hoja re sa tsebe letsatsi le hora. (Bona Molula-Qhooa oa November 1, 1995, leqepheng la 20.) Hatisa hore ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ke e ’ngoe ea litsela tse molemohali tsa ho lula u falimehetse hore na re hokae nakong ena ea bofelo.
13 mets: Litlhoko tsa phutheho.
Pina 83 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 29 May
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa May. Etsa pontšo ea nehelano e khutšoanyane ea ho tsamaisa sengoliloeng seo ho tla nehelanoa ka sona ka June. Bontša mokhoa oa ho buella thuto ea Bibele, u sebelisa thuto ea 13 bukaneng ea Seo a se Hlokang.
15 mets: “Ho Fumana Thabo Tšebeletsong ea Hao e Halalelang.” Puo. Tšohla mabaka a etsang hore re be ba thabileng tšebeletsong ea rōna. (Bona Insight, Moqolo 2, leqepheng la 120.) Hlalosa seo re ka se etsang ka litsela tse sebetsang hore re be le thabo e khōloanyane.
18 mets: ’Malo oa Bibele o Putsang. Puo le pontšo e thehiloeng ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 34-5, serapeng sa 6-7. Lenaneo le tloaelehileng la ho bala Bibele, leo lintlha tsa Bibele li thehiloeng ho lona, ke karolo ea lenaneo la thuto la Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. (Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea December 1999, leqepheng la 7) Bua ka hore na ’malo ona oa beke le beke o ka etsoa joang ka mokhoa o thahasellisang le o atlehang ke motho ka mong le joaloka lihlopha tsa malapa. Hlalosa mokhoa oa ho etsa patlisiso e le hore motho a eketse kutloisiso ea hae ea Bibele. E-re lelapa le etse pontšo ea kamoo le neng le ka hlahloba karolo ea ’malo oa beke ena kateng bakeng sa sekolo. Le qoolla ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse thahasellisang ’me le etsa patlisiso e eketsehileng ho Watch Tower Publications Index kapa Insight on the Scriptures. Bontša kamoo ho bala Bibele ho ka bang le moelelo haholoanyane kateng, ha re hlomella hamolemo hore re ‘tšoare lentsoe la ’nete ka nepo.’—2 Tim. 2:15.
Pina 95 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 5 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlalosa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo ka la 16 June.
20 mets: “Tokelo e Bulehetseng Bacha.” Puo le puisano le bamameli. Pheta liphihlelo tse fumanoang ho Molula-Qhooa oa December 1, 1996, leqepheng la 13, serapeng sa 15. Mema bacha hore ba phete kamoo ba thabetseng ho aba limakasine kateng. E-re mocha a le mong kapa ba babeli ba etse pontšo e bonolo ea nehelano ea limakasine ka ntlo le ntlo. Khothalletsa batsoali hore ba tsamaee le bana ba bona mosebetsing oa limakasine beke e ’ngoe le e ’ngoe.
15 mets: “‘Ba Lekoe Mabapi le ho Tšoaneleha’—Joang?” Puo ka moholo. Hlahloba tokisetso ea Mangolo ea ho ba le bahlanka ba sebeletsang ka phuthehong. (Bona Insight, Moqolo 2, leqepheng la 409.) Bontša hore na ba tlameha ho finyella litšoaneleho life hore ba khethoe. (Bona buka ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 55-7.) Totobatsa litsela tseo bahlanka ba sebeletsang ba ka sebeletsang ka tsona, ’me u khothalletse barab’abo rōna ba eketsehileng hore ba hahamalle tokelo ena.
Pina 82 le thapelo e koalang.