Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/00 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 5/00 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka May: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Lulang le e-na le bukana ea Seo a se Hlokang bakeng sa batho ba thahasellang, ’me le leke ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. June: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Tsepamisang mohopolo tabeng ea ho qala lithuto tsa lehae tsa Bibele. July le August: Bukana leha e le efe ho tse latelang tse nang le maqephe a 32 e ka sebelisoa: Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha Re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Libukana tsa Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? le Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? li ka fanoa moo ho loketseng.

◼ Re fumana ho hlokahala hore re hopotse bahoeletsi hore ha ba ngola mangolo leha e le afe a botho, le ka mohla ba se ke ba sebelisa aterese ea Mokhatlo bakeng sa aterese ea mangolo a khutlang. Sena se akarelletsa mangolo ’ohle le libuka tse romeloang e le ho fana ka bopaki ho batho ba thahasellang, malapeng ao ho se nang batho ho ’ona, kapa libakeng tseo ho tsona ho sa keneheng habonolo. Ha le paka ka poso, sebelisang aterese ea lōna kapa aterese ea Holo ea ’Muso ea habo lōna bakeng sa aterese ea lengolo le khutlelang ho lōna. Ka kōpo le se ke la sebelisa aterese ea Mokhatlo.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 June kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se se se entsoe, tsebisang phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho ea liak’haonte e latelang.

◼ Lingoliloeng tse Ncha tse Fumanehang:

Apply Yourself to Reading and Writing—Setswana

Jehova—Ke Mang? (Pampitšana No. 23)—Seafrikanse, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu

Jesu Kreste—Ke Mang? (Pampitšana No. 24)—Seafrikanse, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu

The Guidance of God—Our Way to Paradise—Sepotoketsi

◼ Lik’hasete Tsa Video Tse Ncha Tse Fumanehang:

Young People Ask—How Can I Make Real Friends?—Senyesemane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela