Lenaneo la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso
1 Joalokaha re balile ho Molula-Qhooa oa January 1, 2000, Afrika Boroa e bile le keketseho e ’ngoe hape e ntle ea karolo ea 3 lekholong ea bahoeletsi. Ka lebaka la keketseho ena, ho thehoa liphutheho tse eketsehileng ’me kahoo, Liholo tse eketsehileng tsa ’Muso lia hlokahala selemo le selemo. Lilemong tse fetileng tse hlano, ho thehiloe liphutheho tse ncha tse 155 Afrika Boroa, Botswana, Lesotho, Namibia le Swaziland ’me ho se ho hahiloe liholo tse 150. Sena se tlisa palo ea liholo tse nehetsoeng ho tse ka tlaase hanyenyane ho 500. Ho latela likhakanyo tsa rōna, bonyane liphutheho tse ling tse 300 li ntse li hloka liholo. Kahoo re batla ho potlakisa lenaneo lena la kaho ea Liholo tsa ’Muso. Liphutheho tse ngata, esita le tse khōlō, li kopanela mek’huk’hung ea masenke, likaracheng kapa likolong. Na u ka thusa ka tsela leha e le efe? Ke ntho e babatsehang hore ebe liphutheho tse ling li thusa tse ling ka ho fana ka lichelete tse hlokahalang, kalimo, kapa ka ho reka thepa e hlokahalang ea mohaho.—2 Bakor. 8:14.
2 Moea oa boitelo oa Likomiti tse 20 tsa Kaho tsa Libaka, ba malapa a tsona le oa basebetsi ba baithaopi o ananeloa haholo. Leha ho le joalo, ka lebaka la tlhokahalo e khōlō ea Liholo tsa ’Muso, ho ntse ho hlokahala basebetsi ba eketsehileng. Haeba u ka rata ho thusa, fumana foromo ea Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire (S-82) ho mongoli oa phutheho ’me u e tlatse hammoho le duplikeiti ea eona. Ka mor’a hore komiti ea tšebeletso e e tlatse, e tla romela kopi e ka holimo ho Komiti ea Kaho ea Libaka ’me e boloke kopi lifaeleng tsa phutheho. Molebeli oa potoloho o tla etsa bonnete ba hore foromo eo e bolokoa e le nakong hape o tla boela a khothalletse ba bang hore ba etse kōpo. Haeba u le boemong ba ho ithaopela ho thusa libakeng tseo ho nang le tlhokahalo e khōlō ho tsona, u khothalletsoa ho ngolla Mokhatlo u fane ka boitsebiso bohle ba hao.
3 Haeba phutheho e lakatsa ho ikahela Holo ea ’Muso, kapa ho nchafatsa holo ea eona e ntseng e le teng, re kōpa hore sehlopha sa baholo se iteanye le Komiti ea Kaho ea Libaka ea habo sona. Hape, pele le buisana ka kalimo ea chelete le mokhatlo oa kaho kapa banka, iteanyeng le Mokhatlo. Hopolang hore phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho ba le ak’haonte ea banka e ka thōko bakeng sa mohaho, ho nchafatsa le ho hlokomela holo ea eona. (Bonang lengolo le eang Ho Likomiti Tsohle Tse Sebetsang Tsa Holo ea ’Muso la la 15 June, 1997.) Ak’haonte ena le eona e lokela ho hlahlojoa likhoeli tse ling le tse ling tse tharo.
4 Joalokaha u ka bona litšoantšong tsena, Likomiti tsa Kaho tsa Libaka li haha liholo tse sa tšoaneng ho latela seo phutheho e se hlokang, seo e ka se khonang le tikoloho. Empa kaofela ha tsona li eme bakeng sa ho tlotlisa le ho rorisa Jehova. Le hoja re thaba ha liphutheho li “eketseha ka palo letsatsi le letsatsi,” a re boneng seo e mong le e mong oa rōna a ka se etsang ho thusa liphutheho tse eketsehileng hore li fumane Liholo tsa tsona tsa ’Muso.—Lik. 16:5.
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Bloemfontein South, Free State
Chatsworth West, KwaZulu-Natal
Khuma, North West
Zoar, Western Cape
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Hillcrest, KwaZulu-Natal
Fernie Central, Mpumalanga
Robertson, Western Cape
Worcester, Western Cape