Ho Hlokomela Liholo Tsa Rōna Tsa ’Muso
1 Feela joalokaha Baiseraele ba tšepahalang ba ile ba sebetsa ho boloka tempele ea Jehova e le boemong bo botle, le kajeno liphutheho tsa batho ba Jehova li hlokomela boemo ba Holo ea ’Muso hore bo se ke ba senyeha. (2 Likron. 24:13) Le hoja ho hlōleha ho hlokomela Holo ea ’Muso ho ka fella ka ho lahleheloa ke chelete e ngata, habohlokoa le ho feta ke hore na Holo ea ’Muso e hlahisa Jehova, batho ba hae le molaetsa oa ’Muso joang. Batho ba bang teng libokeng tsa phutheho ka lekhetlo la pele hangata ba etsa liphetoho motheong oa seo ba se bonang. Boikutlo ba bona e tla ba bofe ka Holo ea lōna ea ’Muso?
2 Liphutheho tsohle li filoe tataiso mabapi le ho hlokomela le ho lokisa Liholo tsa ’Muso. Ho phaella moo, nako le nako Mokhatlo o buisana le sehlopha sa baholo ho hlahloba litlhoko tsa bohlokoa tsa ho e hlokomela. Ke ’nete hore ho na le lintho tseo baholo ba lokelang ho li ela hloko kamehla. Na marulelo a boemong bo botle? Ho thoe’ng ka tsamaiso ea lipeipi tsa metsi, ea ho fehla moea, ea ho futhumatsa le ea motlakase? Na kaofela lia sebetsa? Baholo ba lokela ho hlahloba lintho tsena ka hloko bonyane hang ka selemo. Ka kakaretso ponahalo ea Holo ea ’Muso e lokela ho behoa leihlo. Na e hloka ho pentoa hape ka hare kapa ka ntle? Na ho na le lintho tse hlokang ho lokisoa? Litulo, k’hapete le likharetene li boemong bofe? Litšenyehelo tsa ho e hlokomela li tla fokotseha haholo haeba e mong le e mong a hlokomela hore ha a robe lisebelisoa kapa ha a senye thepa e ka hare. Na jarete kapa moo ho pakoang likoloi teng ho hloka ho hloekisoa? Haeba ho e-na le mohloa kapa limela tse lenngoeng, li hloka ho hlokomeloa kamehla. Na ho na le litsela tseo ka tsona ho ka etsoang hore holo e bohehe hantle haholoanyane ka hare ka chelete eo phutheho e ka e khonang? Hangata ho ka etsoa lintho tse nyenyane tse batlang li sa je chelete e ngata empa e le tse etsang hore mokhabiso e be o ipiletsang haholoanyane. Hopolang hore sebaka seo ho kopaneloang ho sona se hloekileng, se khabisitsoeng hantle, le ho hlokomeloa ka tsela e nepahetseng ke sona se hlahisang Jehova le batho ba hae hantle.
3 Hoa thabisa ho bona bacha Holong ea ’Muso. Ba lokela ho ba haufi le batsoali ba bona ha ba amohela taeo e tsoang Lentsoeng la Jehova le ha ba ithuta hore na e ka ba barorisi ba atlehang ba Jehova joang. Ho ba Holong ea ’Muso ho fapane le ho ba lapeng kapa ka mor’a ntlo ea motho. Boikarabelo bo holim’a batsoali hore ba behe bana ba bona leihlo le ho ba laola ha ba le holong. Ho ea matloaneng ho sa hlokahale kapa ho bapala pele kapa ka mor’a liboka ho lokela ho thibeloa. Bana ba sa laoleheng ha ‘ba tlohetsoe feela’ ba hlabisa lihlong. (Liprov. 29:15, BPN) Ha baholo ba bua le uena ka litaba tsena, arabela hamolemo ’me u lebohe, kaha ba thahasella ho boloka Holo ea ’Muso e emela borapeli bo hloekileng ba Jehova ka ho feletseng sebakeng seo.
4 Litokisetso Tsa ho Hloekisa: Kaha Holo ea ’Muso e sebelisoa makhetlo a ’maloa beke le beke, ha ho pelaelo hore e tla hloka ho hloekisoa le ho hlokomeloa. Na le ananela tokelo eo le nang le eona ea ho thusa ho e boloka e le makhethe e bile e hloekile? Holo ea ’Muso e lokela ho hloekisoa ho latela kemiso ea kamehla, ho itšetlehiloe ka ho sebelisoa ha eona le hore na e hloka eng. Bohle ba lokela ho kopanela, esita le bana. Ka tsela ena bohle ba tla ithuta boikarabelo bo tsamaeang le ho hlokomela Holo ea ’Muso, ’me ba tla e ananela le ho feta. Ho monate hakaakang ho kena ka Holong ea ’Muso e hloekileng le e makhethe le ho memela ba bacha holong e joalo! Hangata ho hloekisa ho etsoa ka lihlopha tsa thuto ea buka. Baholo (le Komiti e Sebetsang ea Holo ea ’Muso, haeba e se phutheho e le ’ngoe e sebelisang holo) ba ka ’na ba lakatsa ho etsa kemiso ea hore lihlopha li fapanyetsane ka libeke mabapi le ho hlokomela ho hloekisa tlas’a tataiso ea mokhanni oa thuto ea buka kapa mor’abo rōna e mong sehlopheng seo. Lethathamo la lintho tse lokelang ho hloekisoa le ka behoa lematjaneng la litsebiso. Thepa ea lintho tse sebelisoang bakeng sa ho hloekisa e lokela ho ba teng. Mohlanka e mong ea sebeletsang a ka abeloa ho ikarabella ho hlokomela Holo ea ’Muso ka kakaretso, linthong tse kang ho odara thepa le ho hlahloba lintho tse hlokang ho hlokomeloa. Bohle ba tla rata ho etsa bonnete ba hore ba latela ka hloko kemiso e fanoeng e le hore ho hlokomeloa ha holo ho ka etsoa “ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakor. 14:40) Ho phaella moo, ho ka boela ha etsoa kemiso ea letsatsi le khethehileng la ho e hloekisa ka ho keneletseng.
5 Ha Holo ea ’Muso e sa sebelisoe ke phutheho e le ’ngoe, ke habohlokoa ka ho khethehileng ho ba seli ka boikarabelo ba rōna ba ho hlokomela holo. Mabakeng a joalo, mohaho o senyeha kapele, empa likabelo tsa rōna tsa ho e hloekisa ha li tle hangata. Re lokela ho tšoaea almanaka ea rōna hore re tle re hopole likabelo tsa ho hloekisa. Bakhanni ba thuto ea buka le batlatsi ba bona ba lokela ho ba seli ho hopotsa lihlopha tsa bona esale pele ka kabelo ka ’ngoe.—Bona Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 61, serapeng sa 2.
6 Kaofela ha rōna re tla rata ho tšehetsa sehlopha sa rōna ha se abetsoe ho ea hloekisa Holo ea ’Muso. Ho etsa sena ho tiisa hore mojaro o se oele holim’a ba seng bakae feela, ’me re rua molemo tšebeletsong e hahang le botsoalleng bo monate. Empa ha rea lokela ho letela nako ea rōna ea ho hloekisa hore e fihle. Re le batho ka bomong le malapa, re ka thusa ka ho hloekisa holo ka mor’a liboka. Haeba re bona pampiri fatše, re ka e thonaka; haeba litulo li sa behoa hantle, re ka thusa ka ho li beha hantle moleng. Ke ntho e khotsofatsang hakaakang ho bona sebaka sa Jehova sa borapeli se phatsima ka lebaka la boiteko ba rōna!
7 Nehemia o ile a hlokomela bohlokoa ba ‘ho se hlokomolohe ntlo ea Molimo oa rōna.’ (Neh. 10:39, NW; 13:11, NW) Rea hlokomela hore Holo ea rōna ea ’Muso ke setsi sa borapeli ba ’nete motseng oa habo rōna ’me ka lebaka leo e lokeloa ke tlhokomelo ea rōna e lerato. Ka boitšoaro ba rōna le ka ho tšehetsa litokisetso tsa ho hloekisa, e se eka kaofela ha rōna re ka phahamisa seriti sa sebaka sa Jehova sa borapeli.
8 Le ka mohla lichepisi ha lia lokela ho lahloa ka ho khomaretsoa ka tlas’a setulo. ’Me lea tseba hore ho lahlela chepisi kapa lipompong k’hapheteng kapa fatše, kapa lebese le qhalaneng la ngoana le sa hloekisoeng kapele-pele, kapa ho hlokomoloha ho hlakola maoto ha ho kenoa ka holong, kaofela ke lintho tse etsang hore ho be thata haholo ho hlokomela hore fatše ho lula ho hloekile. Mabota a mang le litulo li ka silafatsoa habonolo kapa tsa senyeha. Bohlasoa bo ka etsa hore ntho e shebahale hampe, ’me ho e lokisa ho ka ’na ha hloka nako e eketsehileng le litšenyehelo. Bohle ba tla ananela ha e mong le e mong a ka nka metsotsoana hore a be hlokolosi.
9 Ho Lebisa Tlhokomelo Tšireletsong ea Holo ea ’Muso: Ka lebaka la linako tsena tse mahlonoko, ho hlokahala hore re sebelise kahlolo e molemo mabapi le tšireletso ea Holo ea ’Muso. Feela joalokaha re nka mehato esale pele ho bona hore malapa a rōna a sireletsehile, re lokela ho etsa se tšoanang ka Liholo tsa rōna tsa ’Muso. Ke boikarabelo ba baholo ho bona hore Holo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’Muso e na le tšireletso e lekaneng. Sena sea hlokahala kaha re bona tšenyo ea thepa le bosholu tse eketsehang li tlalehoa liholong libakeng tse sa tšoaneng. Ke bohlale ho kenya thepa ea molumo ka har’a k’habinete ea tšepe e notleloang. Haeba ho utsuoa likharetene haholo, li ka chenchoa ’me ha kenngoa li-blind tse otlolohileng kapa ho seng joalo, ho ka kenngoa litšepe tse thibelang masholu ka ntle ho lifensetere.
10 Ntho e ka sehloohong tabeng ea tšireletso e ntle ke ho ela hloko ho koala le ho notlela mamati kaofela, likeiti le lifensetere ka mor’a hore ho sebelisoe Holo ea ’Muso lekhetlo ka leng. Barab’abo rōna ba nang le boikarabelo le ba tšepahalang ba lokela ho ikarabella litokisetsong tse joalo tsa tšireletso lekhetlo le leng le le leng ha holo e sebelisoa. Makhetlo ana a lokela ho akarelletsa le ao holo e sebelisetsoang morero o mong ka ’ona ntle ho liboka tse tloaelehileng tsa phutheho, a kang ha ho e-na le lechato kapa ha ho hloekisoa.
11 Haeba Holo ea ’Muso e e-na le moo ho pakoang likoloi, ho etsoa tlhahiso ea hore e bonesoe hantle ka linako tse loketseng. Hona ho tla fokotsa ho senngoa ha thepa likoloing le ho fokotsa monyetla oa hore bara le barali babo rōna ba tsoe likotsi ha ba tloha holong. Liphutheho tse ling li ho fumane ho le bohlale hore barab’abo rōna ba chenchane e le bahlokomeli ka ntle ho holo nakong ea liboka e le hore ba ka bona likoloi tse pakiloeng ho thibela bosholu le tšenyo ea thepa.
12 Liphutheho tse ling li fumana ho hlokahala ho notlela mamati nakong ea liboka. Maemong a feteletseng moo sena se hlokahalang, bahlokomeli ba tšepahalang ba lokela ho ema monyako ka linako tsohle ho bona ba kenang ka holong. Sehlopha sa baholo se lokela ho lekanyetsa hore na ke mehato efe e loketseng tumellanong le melao ea sebaka seo e laolang libaka tsa liboka tsa phatlalatsa. Haeba ho sebelisoa tokisetso e joalo, phutheho e lokela ho tsebisoa pele e le hore e ka tseba hore monyako oa Holo ea ’Muso o tla lula o notletsoe.
13 Re batla hore barab’abo rōna le batho ba sa tsoa thahasella ba ikutloe ba sireletsehile ha ba ea libokeng Holong ea ’Muso hape re batla ho sireletsa thepa hore e se senngoe le ho utsuoa. Kahoo baholo phuthehong ka ’ngoe ba lokela ho nahanela maemo a atileng sebakeng seo ’me ba nke bohato tumellanong le ’ona e le hore ba ka sireletsa thepa le ho tiisa hore ba leng sebokeng ba sireletsehile.