Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/00 leq. 2
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 9/00 leq. 2

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka September: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. October: Likopi tsa makasine ea Molula-Qhooa le Tsoha! Ho elella qetellong ea khoeli ho tla ajoa Kingdom News No. 36, “Lilemo Tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?” November: Ho ajoa ha Kingdom News No. 36 ho tla tsoela pele. Liphutheho tse akarelitseng masimo a tsona ka ho finyella ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ka kopi ea Kingdom News No. 36 li ka ’na tsa fana ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo. Haeba batho ba se ba ntse ba e-na le tsona, ho ka sebelisoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se se se entsoe, ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.

◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele litaelo tse fanoeng leqepheng la 21-3 ho Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le batho leha e le bafe ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba sekamela ho khutlisetsoeng ka phuthehong.

◼ Mokhatlo ha o sebetsane le kōpo ea mohoeletsi ka mong ea libuka. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli e ’ngoe le e ’ngoe pele phutheho e romela kōpo ea eona ea libuka ea khoeli le khoeli ho Mokhatlo e le hore bohle ba thahasellang ho iphumanela libuka ba ka tsebisa mor’abo rōna ea tšoarang libuka. Kamehla ho lokela hore ho be le libuka tse lekaneng tseo bo-pula-maliboho ba ka li sebelisang tšimong. Ka kōpo hopolang hore na ke lingoliloeng life tseo e leng thepa e kōptjoang ka ho khetheha.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2001 ha li kōpa libuka ka September. Lialmanaka li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Sexhosa le Sezulu. Ena ke thepa ea lintho tse kōptjoang ka ho khetheha.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Watchtower Publications Index 1999—Senyesemane

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:

Ho Bina Lipina Tsa ’Muso (No. 1, No. 2; k’hasete e le ’ngoe)—Setsonga

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela