Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/00 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 11 September
  • Beke e Qalang ka la 18 September
  • Beke e Qalang ka la 25 September
  • Beke e Qalang ka la 2 October
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 9/00 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 11 September

Pina 139

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

15 mets: “Tlhohonolofatso ea Jehova ea re Ruisa.” Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.—Bona Moqolo oa 2 oa Insight, leqepheng la 804, serapa sa 6-7.

20 mets: “Sebelisa Liketsahalo Tsa Morao-rao ho Tsosa Thahasello.” Puisano le bamameli, le lipontšo. Bolela liketsahalo tse ’maloa tsa morao-rao tse thahaselloang sebakeng seo. Li bakile hore batho ba amehe ka eng mabapi le bokamoso? U sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 10-11, fana ka litlhahiso mabapi le hore na ho ka lokisetsoa kenyelletso e tla lebisa puisanong ea Bibele joang. Etsa lipontšo tse peli tse sebetsang le tse lokiselitsoeng hantle.

Pina 224 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 18 September

Pina 2

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Tsebisa ka litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo ka la 25 September. Puisano ka molebeli oa tšebeletso ka litokisetso tsa tšimo e sa abuoang ka October, e leng khoeli ea ho qetela ea phutuho ena. Khothalletsa bohle hore ba kopanele.

15 mets: Re Sebelitse Joang Selemong se Fetileng? Puo ka molebeli oa tšebeletso. Hlahloba lintlha tsa sehlooho tse tlalehong ea phutheho ea selemo sa tšebeletso sa 2000. Fana ka pabatso bakeng sa lintho tse ntle tse finyeletsoeng. Totobatsa libaka tseo ho ka hlokahalang ho ntlafatsa ho tsona. Tsepamisa mohopolo tabeng ea hore na phutheho e sebelitse joang mabapi le ho ba teng libokeng, ho qala le ho khanna lithuto tsa Bibele, le ho tsoa kamehla tšebeletsong ea tšimo. Thathamisa lipakane tse sebetsang bakeng sa selemo se tlang.

20 mets: “Bophelo bo Kotsing!” Puisano le bamameli. Totobatsa mangolo a bontšitsoeng sehloohong sena.

Pina 30 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 25 September

Pina 93

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa September. Hlahloba Lebokose la Lipotso.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

15 mets: Limakasine Tsa Rōna ha li Lahleheloe ke Bohlokoa ba Tsona. U etsa eng ha litokollo tsa khale tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li bokellana? Bahoeletsi ba bang ba na le tšekamelo ea ho li lahla, ba nahana hore lihlooho tseo ha li sa le nakong. Ho e-na le hoo, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1993, leqepheng la 3, e ile ea re khothalletsa ho nka litokollo tsa khale ’me re fane ka tsona ha ho loketse. U ka qoolla lihlooho tse nakong tse ka ’nang tsa ipiletsa ho banna, basali, batho ba sebetsang, ba hōlileng le bacha; ebe u lula u loketse ho fana ka limakasine tseo ha monyetla o hlaha. Bontša hore na lihlooho tseo li ka khethoa le ho buelloa joang. Pheta liphihlelo tse atlehileng tseo bahoeletsi ba bileng le tsona ha ba tsamaisa limakasine tsa khale.

Pina 115 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 2 October

Pina 169

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tsebisa phutheho ka kabo e khethehileng e reretsoeng Kingdom News No. 36, e tla qala ka ’Mantaha, oa la 16 October, ’me e tsoele pele ho fihlela ka Labohlano la la 17 November. Khothalletsa bohle, ho akarelletsa ba bacha lilemong le ’neteng, hore ba hahamalle ho kopanela ka botlalo. Bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho qala hona joale ho khothalletsa le ho hlophisa bohle ba sehlopheng sa bona hore ba kopanele ka cheseho haeba ho khoneha. Akarelletsa le liphihlelo tse hahang tse tsoang kabong ea Kingdom News e fetileng.

20 mets: “Likhopotso Tsa Kabo e Nolofalitsoeng ea Libuka.” Puisano ka lipotso le likarabo ka molebeli ea okamelang. Etsa hore e sebetse phuthehong ka ho tsebisa phutheho hore na e na le mathata lintlheng life. Bolela kananelo bakeng sa tšehetso eo phutheho e e fang Mosebetsi oa Lefatše Lohle oa Mokhatlo.

10 mets: Liphihlelo ka ho Qala Meqoqo. Lenaneong la Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke ea la 11 September, ho ile ha etsoa tlhahiso ea hore re ntlafatse likenyelletso tse buang ka liketsahalo tsa morao-rao ho hapa thahasello le ho qala moqoqo tšebeletsong. Mema bamameli hore ba phete liphello tse ntle tseo ba li thabetseng ho tla fihlela joale ka ho sebelisa litlhahiso tsena.

Pina 205 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela