Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/00 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 11 December
  • Beke e Qalang ka la 18 December
  • Beke e Qalang ka la 25 December
  • Beke e Qalang ka la 1 January
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 12/00 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 11 December

Pina 50

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. “Na U ka Sebeletsa Ntlong ea Molimo?” E fanoe ke moholo. Haeba phutheho e e-na le libuka tsa Motho e Moholo kapa Mosuoe e Moholo setokong, bontša hore na li ka sebelisoa hamolemo joang tšebeletsong nakong ea matsatsi a phomolo.

15 mets: “Tšaba Jehova Letsatsi Lohle.”a Kopanyelletsa le tlhaloso ea tšabo ea bomolimo e fanoeng leqepheng la 26 la Tsoha! ea January 8, 1998. Hatisa melemo e hahang ea ho tšaba Jehova.

20 mets: “Khatello ea Lithaka le Tokelo ea Hao ea ho Bolela.” Puo le lipuisano. Kōpa batho ba bileng le khatello ea lithaka hore ba phete kamoo ba ileng ba khona ho ipoloka ba le mafolofolo mosebetsing oa ho bolela ho sa tsotellehe khatello eo.

Pina 78 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 18 December

Pina 94

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Tlaleho ea lichelete. Bolela litokisetso tse khethehileng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa la 25 December le la 1 January. Araba potso ena: Na ho na le khanyetso ea ho kopanela meketeng e ka ’nang eaba e qalehile boheteneng hafeela e sa etsoe ka mabaka a bolumeli?—Buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 289-91.

12 mets: “Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2001.” Puo ka molebeli oa sekolo. Khothalletsa bohle hore ba tsamaisane le ’malo oa Bibele oa beke le beke le ho ba mafolofolo ho phetha likabelo sekolong.

18 mets: “Na U Bolela ka Sebete?”b Kōpa bamameli hore ba fane ka maikutlo mangolong a sehloohong sena. U sebelisa buka ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 86, bontša kamoo re ka fumanang sebete haholoanyane le ho atleha haholoanyane tšebeletsong ea tšimo.

Pina 124 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 25 December

Pina 126

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo leha e le life tsa morao-rao tseo ba bileng le tsona tšebeletsong ea bona ea ho paka. Hlahloba lingoliloeng tseo ho nehelanoang ka tsona ka January.

20 mets: Litlhoko tsa phutheho.

15 mets: Lebokose la Lipotso. Moholo o tšohla lintlha le bamameli. Akarelletsa lintlha leha e le life tse amehang tse tsoang lengolong la Mokhatlo la la 15 October, 1999. Hopotsa phutheho hore kamehla e hlahlobe tataiso e fanoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso mabapi le tokisetso e ncha ea ho aba libuka e le hore bohle re ka bua ka tumellano.

Pina 151 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 1 January

Pina 171

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Haeba phutheho ea lōna e tla fetola linako tsa liboka selemong se secha, ka mosa khothalletsa e mong le e mong hore a be teng kamehla libokeng ka linako tsena tse ncha. Tsebisang liithuti tsa Bibele le batho ba bang ba thahasellang ka liphetoho leha e le life, ’me le qale ho sebelisa limemo tse bontšang kemiso e ncha. Bua ka tlaleho ea morao-rao ea tšebeletso ea tšimo ea naha le ea phutheho ea lōna. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa December.

20 mets: Mokhoa oa ho Lokisetsa Maeto a ho Boela. Ntate o buisana le lelapa la hae ka hore na ba ka beha litholoana haholoanyane joang tšebeletsong ea bona. O hatisa mabaka a Mangolo bakeng sa ho latella thahasello e fumanoeng. Ba sebelisa tataiso e fanoeng ho Molula-Qhooa oa July 1, 1999, leqepheng la 22, serapeng sa 18, ba lokisetsa ho etsa maeto a ho boela. Bohle baa lumela hore ba teane le batho ba lokelang ho eteloa hape. E mong le e mong o hlalosa karabelo eo a ileng a e fumana leetong la pele ’me ba bang ba etsa tlhahiso ea khopolo e itseng le lengolo le ka sebelisoang leetong la ho boela. Ba fumana lintlha bukaneng ea Seo a se Hlokang tse ka sebelisoang ka katleho. Batsoali ba re e mong oa bana a itlhakise ka seo a tlang ho se bua. Ba beha nako e tobileng eo ba tla khutlela ka eona bekeng e tlang.

15 mets: Re Lumela Eng? Mor’abo rōna o khutlela ho motho ea ileng a botsa, “Lipaki tsa Jehova li ruta’ng e li etsang tse fapaneng le malumeli a mang?” Tšohla lintlha tse akarelitsoeng lebokoseng le leqepheng la 6 la Molula-Qhooa oa October 1, 1998. Hlalosa kamoo malumeli a mang a hlokomolohang kapa a hanang linnete tsena tsa Bibele tsa motheo ’me a amohela lithuto tsa batho.

Pina 212 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela