Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/01 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 12 March
  • Beke e Qalang ka la 19 March
  • Beke e Qalang ka la 26 March
  • Beke e Qalang ka la 2 April
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 3/01 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 12 March

Pina 112

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “April—Nako ea ‘ho Sebetsa ka Thata le ho Ikitlaetsa.’” (Serapa sa 1-13) E fanoe ke molebeli ea okamelang. Puisano e chesang ea seo re lakatsang ho se finyella ka April. Khothalletsa e mong le e mong ka phuthehong ho phetha karolo ea hae hore a finyelle pakane ea hore bohle ba kopanele ka ho feletseng tšebeletsong khoeling eo.

Pina 147 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 19 March

Pina 166

8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: “Thusang ba Bang ho ba Teng Libokeng.”a Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, serapeng sa 14-16, e fana ka litlhahiso tse eketsehileng bakeng sa ho lebisa liithuti tsa Bibele mokhatlong o hlophisitsoeng. Bontša kamoo bukana ea Seo a se Hlokang (thutong ea 5 serapeng sa 7) le buka ea Tsebo (khaolong ea 5, serapeng sa 22) li ka sebelisoang kateng qalong ho khothalletsa ho ba teng libokeng. Ho etsa mohlala oa sena, e-ba le pontšo e lokiselitsoeng hantle ea mohoeletsi ea tšoanelehang eo ka mofuthu a khothalletsang seithuti ho nahana ka ho teba ka ho ea libokeng.

22 mets: “April—Nako ea ‘ho Sebetsa ka Thata le ho Ikitlaetsa.’” (Serapa sa 14-30) E fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Puo le likarolo tse khethiloeng ka lipotso le likarabo. E mong le e mong o lokela ho iketsetsa kemiso e sebetsang bakeng sa ho kopanela ka hohle kamoo a ka khonang tšebeletsong ka April. Bolela kemiso e feletseng ea liboka tsa tšebeletso ea tšimo e reretsoeng khoeli eo. Khothalletsa bohle ba ka khonang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang le ho fumana foromo ea kōpo ka mor’a seboka.

Pina 188 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 26 March

Pina 204

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlalosa hore e sa ntse e le nako ea ho fana ka foromo ea kōpo ea ho ba pula-maliboho ea thusang ka April. Khothalletsa bohle ho latela kemiso ea ’malo oa Bibele oa Sehopotso bakeng sa la 3-8 April, joalokaha o boletsoe ho Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2001. Etsa tsebiso ea hore na Thuto ea Molula-Qhooa e tla tšoaroa neng bakeng sa beke ea Sehopotso. U se ke ua lebala puo e khethehileng ea phatlalatsa Sontaheng sena sa la 1 April, e nang le sehlooho se reng “Ke Mang ea ka Bolokehang?” Khothalletsa e mong le e mong hore a kopanele tšebeletsong letsatsing leo, ba qale April hantle.

20 mets: “Kaofela a re Hlompheng Jehova le Mora oa Hae.” Puo e susumetsang ea Mangolo ka moholo. Khothalletsa e mong le e mong ho kopanela ka botlalo tšebeletsong e khethehileng e reretsoeng April ’me a etse boiteko bo eketsehileng ho memela batho Sehopotsong.

15 mets: Ho Lokisetsa Linehelano Tsa Rōna Tsa Limakasine. Re tla fana ka Molula-Qhooa le Tsoha! ka April. Hlahloba leqephe la 8, serapeng sa 3 le sa 10, ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1996. Totobatsa (1) sehlooho, (2) ntlha e thahasellisang e loketseng, (3) potso e susumetsang thahasello le (4) lengolo le nakong le ka sebelisoang ka katleho ho nehelaneng ka limakasine tsa morao-rao. Ikemisetse ho sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo ho qala thuto ea Bibele le batho ba thahasellang. Qetella ka pontšo e lokiselitsoeng hantle ea hore na sena se ka etsoa joang leetong la pele.

Pina 207 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 2 April

Pina 220

9 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa March. Hlahloba “Likhopotso Tsa Sehopotso.”

18 mets: “Lerato le re Susumelletsa ho Bolela.”b Totobatsa mangolo a sehloohong seo. Kopanyelletsa le likhopolo tse hlahisitsoeng ho Insight, Moqolo 2, leqepheng la 673, serapeng sa 1. Mema mohoeletsi ea ’nileng a ba mafolofolo ka lilemo tse ngata hore a phete kamoo lerato ho Molimo le mo susumelitseng kateng hore a phehelle mosebetsing oa ho bolela. Khothalletsa bahoeletsi bohle hore ba kopanele mosebetsing oa ho paka ka April ’me ka mor’a moo e be khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.

18 mets: Sebelisa Buka ea Selemo ea 2001 Hamolemo. Puo le puisano le bamameli. Hlahloba “Lipalo-Kakaretso tsa 2000,” leqepheng la 31. Tšohla “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang,” leqepheng la 3-5. E-re ba bang ho bamameli ba phete tlaleho kapa phihlelo e tsoang ho Buka ea Selemo e ncha e bileng e khothatsang ka ho khethehileng le e ba matlafatsang tumelo. Khothalletsa malapa hore a bale Buka ea Selemo a le hammoho kaofela, joalokaha ho etsa lelapa la Bethele lefatšeng ka bophara ho pholletsa le selemo. Totobatsa lipotso tse leqepheng la 255, e leng tse ka sebelisoang ho hlahloba se ithutiloeng. Batla litlhahiso tsa mokhoa oa ho sebelisa Buka ea Selemo ho thusa liithuti tsa Bibele hamolemo hore li ananele mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le tokelo ea ho ba karolo ea oona.

Pina 47 le thapelo e koalang

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela