Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 9 April
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Tsebisa phutheho hore na ke ba bakae ba bileng teng Sehopotsong. Mema bamameli hore ba phete lipolelo tsa kananelo tse builoeng ke ba neng ba le teng ka lekhetlo la pele.
15 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo. Akarelletsa le lintlha tse nahaneloang ha ho khethoa mahae a sebelisoang e le litsi tsa thuto ea buka.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1983, Lebokose la Lipotso.
15 mets: “Fana ka Bopaki Joaloka Moahelani ea Molemo.”a Bolela litsela tse eketsehileng tseo re ka fanang ka bopaki ka tsona ka boitšoaro ba rōna.—Bona Molula-Qhooa oa November 1, 1997, leqepheng la 18, serapeng sa 16.
Pina 80 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 16 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Ho setse mafelo-beke a mabeli feela ka April, kahoo khothalletsa e mong le e mong hore a kopanele tšebeletsong pele khoeli e fela.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “Tse Bonolo ke Tsona Tse Molemohali.”b Kopanyelletsa le likhopolo tse tsoang sehloohong se reng “A re ‘Keneng Tabeng!’” ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 1999, leqepheng la 4. Ka bokhutšoanyane etsa pontšo ea nehelano e le ’ngoe kapa tse peli tse bonolo.
Pina 146 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 23 April
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: “Ho Rera Esale Pele—Bakeng sa Eng?” Puo. Akarelletsa lintlha tse loketseng tse tsoang ho Molula-Qhooa oa November 1, 2000, leqepheng la 18-21.
25 mets: “‘Tšoareha ka Matla Haholo’ ka Tšebeletso ea Hao.”c Mema bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo hore ba phete liphihlelo tseo ba li thabetseng ha ba thusa ba bang joalokaha ho khothalelitsoe serapeng sa 3-5.
Pina 202 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 30 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba ise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa April ho bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho. Bakhanni bohle ba thuto ea buka ba lokela ho bonana le e mong le e mong ea sehlopheng sa bona e le hore litlaleho tsohle li be li bokeletsoe ka la 6 May.
10 mets: Liphihlelo. Lokisetsa esale pele le ba neng ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka March le April hore ba phete tse ling tsa liphihlelo tse thahasellisang, tse khothatsang tseo ba li thabetseng tšimong.
25 mets: Lelapa la Rōna le ka Bontša Khalalelo Joang? Moholo le lelapa la hae ba buisana ka Molula-Qhooa oa August 1, 1996, leqepheng la 17-20. Hlahloba litsela tsa ho bonahatsa khalalelo lapeng, ho ba seng, ka phuthehong le ho baahelani, le sekolong le mosebetsing.
Pina 216 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 7 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
20 mets: Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang. Puo le lipuisano ka molebeli oa tšebeletso. Hlahloba lenaneo la Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang joalokaha le thathamisitsoe ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1998, leqepheng la 4. Pheta lintho tse hahang tse finyeletsoeng sebakeng seo. Buisana le pula-maliboho ea thusitseng e mong le mohoeletsi ea thusitsoeng. Bontša kamoo ka bobeli ba ruileng molemo ka ho sebetsa hammoho tšebeletsong. Mema ba bang hore ba sebelise monyetla oa tokisetso ena likhoeling tse tlang.
15 mets: “Lintho Tsohle Lia Khoneha ho Molimo.”d Ka bokhutšoanyane hlalosa se tlalehiloeng bukeng ea Baboleli, leqepheng la 443, ho bontša hore na boboleli bo ile ba etsoa ho isa bohōleng bofe ka 1935 ha ho bapisoa le litlaleho tsa Buka ea Selemo ea morao-rao. Totobatsa kamoo katoloso ena e khōlō e kileng ea bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala kateng.
Pina 70 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.
d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.