Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/01 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 4/01 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka April le May: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Fana ka buka ea Tsebo kapa bukana ea Seo a se Hlokang, ka sepheo sa ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele. June: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Tsepamisang mehopolo tabeng ea ho qala lithuto tsa mahae tsa Bibele. July: Bukana leha e le efe ho tse latelang tse nang le maqephe a 32 e ka sebelisoa: Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha Re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Libukana tse kang Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? li ka fanoa moo ho loketseng.

◼ Kabelo ea puo ea No. 3 le ea No. 4 e leqepheng la “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2001” e nkiloe maqepheng le lirapeng tse khethiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka. Ha ho baloa hore na serapa ke sa bokae bukeng ena, ke tse keneletseng ka hare feela tse lokelang ho baloa.

◼ Hoa hlokahala hore Mokhatlo o boloke tlaleho ea liaterese tse nakong le linomoro tsa thelefono tsa balebeli bohle ba okamelang le bangoli. Haeba ho e-na le phetoho leha e le neng, mongoli o lokela ho tlatsa le ho romela foromo ea Phetolo ea Aterese ea Molebeli ea Okamelang/Phetolo ea Aterese ea Mongoli (S-29) ho Mokhatlo hang-hang. Sena se akarelletsa liphetoho leha e life tsa linomoro tsa poso.

◼ Bangoli ba liphutheho ba lokela ho boloka phepelo e lekaneng ea liforomo tsa Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho ba Kamehla (S-205) le Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang (S-205b). Tsena li ka odaroa ka Literature Request Form (S-14). Bonyane le be le tsa selemo se le seng. Hlahlobang liforomo tsohle tsa kōpo ea bopula-maliboho ba kamehla ho etsa bonnete ba hore li tlatsitsoe ka botlalo. Haeba ba kōpang ba sa hopole hantle hore na ba kolobelitsoe neng, ba lokela ho hakanya ’me ba boloke tlaleho eo.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa meqolo ea Watchtower le Awake! ea 2000. Meqolo ena e tla fumaneha ka Sejeremane, Senyesemane le Sepotoketsi. Ho fihlela ha meqolo eo e fumaneha ’me e romeloa, e tla hlaha e le “Pending” lethathamong la phutheho la thomello ea lintho. Meqolo ke lintho tse kōptjoang ka ho khetheha.

◼ Ho qala ka beke ea la 30 July, 2001, re tla ithuta Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I Thutong ea Buka ea Phutheho.

◼ Neng le neng ha litokisetso tsa motho tsa ho tsamaea li akarelletsa ho ba teng libokeng tsa phutheho, kopanong ea potoloho, kapa kopanong ea setereke naheng e ’ngoe, ha u batla boitsebiso mabapi le matsatsi, linako le libaka, lebisa likōpo tse joalo ofising ea lekala e hlokomelang mosebetsi naheng eo. Liaterese tsa liofisi tsa makala li thathamisitsoe leqepheng la ho qetela la Buka ea Selemo ea morao-rao.

◼ Molula-Qhooa ka Sepotoketsi o tla fumaneha ka lik’hasete ho qala ka tokollo ea April 1, 2001.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela