Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/01 maq. 5-6
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 4/01 maq. 5-6

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 1 January ho ea ho la 23 April, 2001. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le tsa serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Le hoja ho se mohla re lokelang ho lumella maikutlo hore a re foufaletse liphoso tse tebileng, re ka etsisa mohlala oa Josefa ka hore ka mohau re tšoarele motho ea bakileng ea re sitetsoeng. (Gen. 42:21; 45:4, 5) [1, w99-SU 1/1 leq. 31 lir. 2-3]

2. Ntle ho lethathamo la eona la meloko, 1 Likronike ke pheta-phetane feela tjee ea taba e fumanoang bukeng ea Samuele le ea Marena. [4, si-SU leq. 75 ser. 1]

3. Bibele e bua ka “antikreste” a le mong, ea tla hlaha nakong e tlang. [4, rs-SU leq. 27]

4. Jesu o bontšitse boikokobetso ba hae ka ho amohela kabelo e khethehileng ea ho tla lefatšeng a e-tsoa leholimong le ka ho ba motho ea tlaase, ea tlaasana ho mangeloi. (Bafil. 2:5-8; Baheb. 2:7) [5, w99-SU 2/1 leq. 6 ser. 3]

5. Ho hlaseloa ha Juda ke Shishake le ho tlatlapa ha hae “matlotlo a ntlo ea Jehova le matlotlo a ntlo ea morena” ho tiisoa ke baepolli ba lintho tsa khale. (2 Likron. 12:9) [11, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 2/1 leq. 26 ser. 4.]

6. Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba sa kolobetse masea. [12, rs-SU leq. 206]

7. Motho ha aa lokela ho sebeletsa Molimo a lebeletse moputso. [13, w99-SU 4/15 leq. 16 ser. 1]

8. Ha Davida a ne a bua ka “liketso” tsa Jehova, joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 103:2, o ne a hopotse ka pōpo e bonahalang ea Jehova. [15, w99-SU 5/15 leq. 21 lir. 5-6]

9. Litempele tse ileng tsa hahoa ke Solomone, Zorobabele le Heroda, hammoho le tabernakele e neng e hahiloe ke Moshe, kaofela li tšoantšetsa ntho e le ’ngoe. [17, si-SU leq. 87 ser. 16]

10. Lethathamo la meloko le fumanoang ho 1 Likronike le ne le se molemo hakaalo ho phutheho ea pele ea Bokreste. [8, si-SU leq. 78 ser. 23]

Araba lipotso tse latelang:

11. Ke hobane’ng ha kahlolo ea Jehova e ile ea e-ba matla holim’a ntlo ea Akabe? (1 Mar. 16:31; 2 Mar. 9:7, 26) [3, si-SU leq. 74 ser. 34]

12. Joalokaha ho bontšitsoe ho Matheu 24:45-51, bakoenehi ba khetholloa ka eng? [4, rs-SU leq. 68]

13. Re ka ithuta eng e tebileng ka makhabane tabeng ea Morena Uzia oa Juda? (2 Likron. 26:15-21) [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w99-SU 12/1 leq. 26 lir. 1-2.]

14. Ho e-na le ho qala moetlo oa ho hlatsoana maoto, Jesu o re file thuto efe ea bohlokoa ha a hlatsoa maoto a baapostola ba hae? (Joh. 13:4, 5) [7, w99-SU 3/1 leq. 30 ser. 7]

15. Ke hobane’ng ha tlaleho e ho 1 Likronike 14:8-17 e ne e thahasellisa mehleng ea Esaia, ’me ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo lokela ho e thahasella kajeno? (Esa. 28:21) [6, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 6/1 leq. 21 lir. 2-3.]

16. Ke litšobotsi life tsa borapeli ba Baale tse ileng tsa khahla Baiseraele ba bangata? [12, w99-SU 4/1 leq. 29 lir. 3-6]

17. Ke thuto efe e molemo e ka ithutoang mosebetsing oa Ezekiase oa ho sireletsa le ho eketsa mohloli oa metsi oa Jerusalema? (2 Likron. 32:3, 4) [15, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 8/15 leq. 6 lir. 1-2.]

18. Mohlala oa Josiase e ka ba khothatso joang ho bacha kajeno hore ba sebeletse Molimo le ho ema ba tiile khahlanong le borapeli ba bohata? (2 Likron. 34:3, 8, 33) [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 8/1 leq. 5 ser. 2.] 19. Na Bajuda bohle ba ileng ba sala Babylona ba ne ba sa tšepahale, ’me ke thuto efe e molemo e ka ithutoang ho see? (Esdr. 1:3-6) [17, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 1/15 leq. 8 lir. 4, 7.]

20. Tlalehong e ho 2 Likronike 5:13, 14 ke eng e bontšang hore Jehova o ne a mametse ’mino o mathe-maloli oa thoriso oa batho ba hae le hore o ile a o thabela? [9, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w94-SU 5/1 leq. 10 ser. 7.] Ngola lentsoe(ma) kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Motho ea eletsang Mokreste-’moho le eena o lokela ho tiisa hore o theha seo a se buang ․․․․․․․․ ba bomolimo, eseng ․․․․․․․․ le ․․․․․․․․ tsa batho. (Bakol. 2:8) [2, w99-SU 1/15 leq. 22 ser. 1]

22. Ho ke ke ha e-ba bonolo ho se ․․․․․․․․ ntoeng ea ․․․․․․․․. (Mat. 12:30; 2 Bathes. 1:8) [9, rs-SU leq. 124]

23. Ho tšoana le meutloa e ka sitisang limela tse nyenyane ho hōla, ․․․․․․․․ ho sa laoloeng le matla a thetsang a ․․․․․․․․ li ka sitisa motho ho nka mehato e etsang hore a hōle moeeng. (Mat. 13:19, 22) [10, w99-SU 3/15 leq. 22 ser. 5]

24. Ho “kolobetsoa ka morero oa ho ba ba shoeleng,” joalokaha Pauluse a boletse ho 1 Bakorinthe 15:29, ho bolela ho qoelisoa tseleng ea bophelo e tla isa ․․․․․․․․ joaloka Kreste ebe ka mor’a moo motho o ․․․․․․․․ bophelong ba leholimo joaloka eena. [13, rs-SU leq. 208]

25. E le hore Mokreste oa ’nete a atlehe moo Solomone a ileng a hlōleha teng, o lokela ho tlohela sohle se amanang le ho etsa lintho ka ․․․․․․․․ kapa ho ba ․․․․․․․․ borapeling ba hae ’me a lumellane le mantsoe a ․․․․․․․․ a hore a ‘rate Jehova Molimo oa hae ka pelo ea hae eohle.’ (Mat. 22:37; 1 Likron. 28:9) [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 6/1 leq. 19 lir. 17-18.]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Tlaleho e ho 2 Marena 17:5, 6 e bolela kamoo (Tiglathe-pilesere; ․․․․․․․․; Esare-hadone) a ileng a futuhela ’muso o ka leboea oa meloko e leshome oa Iseraele eaba o qala tlhaselo ea lilemo tse tharo ea Samaria, e ileng ea qetella e oetse ho Baassyria ka (740; 607; 537) B.C.E. [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 2/15 leq. 27 ser. 1.]

27. Ka ho pheta liketsahalo tse etsahetseng Jerusalema hoba kholeho e qale Babylona, 2 Marena khaolo ea 25 e bua ka mokhoa o sa tobang ka (Daniele; Ezekiele; Jeremia) e le eena mongoli oa buka ena ’me e boetse e bontša hore ho ngoloa ha eona ho ile ha phethoa hoo e ka bang ka (580; 537; 455) B.C.E. (2 Mar. 25:27) [3, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona si-SU leq. 64 ser. 3.]

28. Joalokaha Exoda 4:11 e bontša, Jehova Molimo o ‘etsa limumu, bo-tsebe-tutu, ba bonang hantle le lifofu’ ka hore (ke eena ea ikarabellang ka ho holofala ha batho; o khethela ba sa tšoaneng litokelo tsa tšebeletso; o lumelletse kholofalo hore e bonahale har’a batho). [14, w99-SU 5/1 leq. 28 ser. 2]

29. Nako ea lilemo tse 70 e boletsoeng ho 2 Likronike 36:17-23 e ile ea fela ka (537; 607; 677) B.C.E. [16, si-SU leq. 84 ser. 35]

30. Libaka tse peli tseo ho tsona Bibele e buang ka ho toba ka matsatsi a tsoalo (e a hlahisa hantle; e a hlahisa hampe; ho hang ha e fane ka leseli ka mekete ea matsatsi a tsoalo). (Gen. 40:20-22; Mat. 14:6-10) [17, rs-SU leq. 237]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Ex. 21:22, 23; Liprov. 25:11; Bar. 12:2; 2 Pet. 3:15, 16; Tšen. 16:13, 14

31. Ho hlokahala boiteko bo etsoang ka boithatelo ho fetola monahano oa rōna le ho tlatsa likelello tsa rōna ka ’nete ea Molimo. [Bar. 12:2] [11, w99-SU 4/1 leq. 22 ser. 2]

32. Ha u fana ka keletso, ke habohlokoa hore u khethe mantsoe a nepahetseng. [Liprov. 25:11] [2, w99-SU 1/15 leq. 23 ser. 1]

33. Jehova o bontšitse hore motho o ne a tla nkoa a ikarabella ka ho ntša ngoana ea e-s’o tsoaloe kotsi. [Ex. 21:22, 23] [1, rs-SU leq. 162]

34. Tšusumetso ea Satane Diabolose e sutuletsa lichaba boemong ba lefatše bo tla fella ka ho loantša Molimo. [Tšen. 16:13, 14] [9, rs-SU leq. 125]

35. Ho sotha Mangolo hore a lumellane le maikutlo a rōna ho ka fella ka kotsi ea ka ho sa feleng. [2 Pet. 3:15, 16] [16, rs-SU leq. 61]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela