Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/01 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 14 May
  • Beke e Qalang ka la 21 May
  • Beke e Qalang ka la 28 May
  • Beke e Qalang ka la 4 June
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 5/01 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 14 May

Pina 3

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hopotsa bohle hore ba latelle batho ba thahasellang ba neng ba tlile Sehopotsong ’me ba ba thuse ka ho eketsehileng moeeng.

15 mets: Na Maruo a ka U Etsa ea Thabileng? Puo ka moholo, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa May 15, 1998, leqepheng la 4-6.

20 mets: “Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla.”a Kopanyelletsa le lipontšo tse peli tse lokiselitsoeng hantle, tse bontšang kamoo nehelano e khutšoanyane e ka lebisang tlhokomelo Lentsoeng la Molimo.

Pina 31 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 21 May

Pina 52

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

20 mets: Ba Ile ba Etsa Khetho e Bohlale. Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa October 15, 1997, leqepheng la 19-21, serapeng sa 3-16. Pheta lipolelo tsa bo-pula-maliboho ba bang tse bontšang hore na ke hobane’ng ha ba nahana hore ba sebelisitse bophelo ba bona ka tsela e putsang, le e molemo ka ho fetisisa. Khothalletsa bohle ba teng hore ba hlahlobisise menyetla eo ba ka bang le eona ea hore e be bo-pula-maliboho.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

Pina 105 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 28 May

Pina 58

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ea May ho moqhobi oa thuto ea bona ea buka.

15 mets: U Rerile Eng Bakeng sa Likhoeli Tse Tlang? Moholo kapa mohlanka ea sebeletsang le lelapa la hae ba tšohla seo ba se rerileng bakeng sa likhoeli tse tlang. Ba bua ka ho nka karolo phutuhong ea tšimo e sa abuoang, ho ea kopanong ea potoloho kapa ea letsatsi le khethehileng la kopano le ho ba teng mananeong ’ohle a kopano ea setereke e tla tšoaroa ha selemo se fela. Lelapa le ikhopotsa liphihlelo tse monate tseo le bileng le tsona nakong ea phutuho e fetileng ea tšimo e sa abuoang le thabo eo le bileng le eona ka ho etela liphutheho tse ling. Le boetse le tšohla taba ea ho nka bopula-maliboho bo thusang, mohlomong le ho ea phomolong le ho thabela boikhathollo. Ba lumellana kaofela hore ha ba batle ho hlokomoloha mesebetsi ea puso ea Molimo e kang ho ba teng libokeng tsa phutheho, ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le ho ba le thuto ea lelapa ea Bibele, esita le ha ba ka nka leeto ho ea sebakeng se seng. Ba tla etsa bonnete ba hore ba tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo ho moqhobi oa thuto ea bona ea buka ka potlako, ho sa tsotellehe hore na ba hae kapa ba sebakeng se seng.

20 mets: “Arolelanang le ba Bang ho ea ka Tseo ba li Hlokang.” Puo ka moholo ea tšoanelehang. Etsa hore e sebetse phuthehong.

Pina 79 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 4 June

Pina 100

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le liphihlelo tsa tšebeletso ea tšimo.

15 mets: “Kopanela ka Botlalo Kotulong.”b Ha ho tšohloa serapa sa 4, kopanyelletsa mohlala o tsoang ho Molula-Qhooa oa September 15, 1996, leqepheng la 19, serapeng sa 10, ho bontša seo ba bang ba se etsang ho atolosa tšebeletso ea bona.

20 mets: “Re Sebelitse Tšimo ea Rōna ka Makhetlo a Mangata!”c E lokela ho fanoa ke molebeli oa tšimo. (Liphutheho tse nang le tšimo e sebetsoang seoelo li ka hlahloba sehlooho “Limakasine li Tsebahatsa ’Muso,” se hlahileng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1998.) Tšohla lintho tse ka etsoang ke phutheho mabapi le ho akaretsa tšimo ka ho feletseng ha e sebetsoa. Pheta liphihlelo tse hlahang ho Buka ea Selemo ea 1997, leqepheng la 204, le ho Molula-Qhooa oa February 15, 1996, leqepheng la 26. Hatisa bohlokoa ba ho boloka tlaleho e ntle ea ntlo le ntlo, ho latella ba fumanoeng ba le sieo malapeng le ho etsa maeto a ho boela ka potlako.

Pina 142 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela