Kemiso Ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 8 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 1, etsa lipontšo tse peli tse khutšoanyane tsa limakasine, ho e ’ngoe u sebelise Molula-Qhooa oa October 15 ’me ho e ’ngoe u sebelise Tsoha! ea November 8.
18 mets: “Likopano—Nako ea ho Thaba!” Puo ka moholo. Hlalosa lebaka leo ka lona linakong tsa Bibele batho ba Jehova ba neng ba e-ba le likopano tse khōlō le hore na ke hobane’ng ha kajeno li le molemo ka tsela e tšoanang. Likopanong ho ba le botsoalle bo matlafatsang le lijo tsa moea tse matlafatsang. Hatisa hore ke habohlokoa hore e mong le e mong a be teng ka matsatsi ’ohle a mararo a kopano ea setereke.
17 mets: “Li Lokiselitsoe ‘ka Mokhoa o Hlomphehang le ka Tlhophiso.’”a Hlalosa litokisetso tse ling tse pharaletseng tse lokelang ho etsoa e le hore kopano e hlophisehe. Hatisa bohlokoa ba ho latela ka ho feletseng litaelo tse fanoeng molemong oa rōna. Hlahloba litsela tseo ka tsona kaofela ha rōna re ka bontšang tlhompho e loketseng le ho qoba mathata a sa hlokahaleng.
Pina 151 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 15 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Litaba tsa Puso ea Molimo. Bua ka litokisetso tsa tšimo e sa abuoang ’me u khothalletse bohle ho e tšehetsa ka botlalo kaha ena ke khoeli ea ho qetela ea phutuho.
15 mets: Na U na le “Pelo e Mamelang”? (1 Mar. 3:9) Puo ka moholo, e thehiloe tokollong ea Molula-Qhooa oa July 15, 1998, leqepheng la 29-31. Bolela litsela tseo ka tsona re ka bontšang hore rea mamela ha re sebetsa le phutheho.
20 mets: Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo. Molebeli oa tšebeletso le mohlanka oa limakasine ba buisana ka lintho tseo ba amehileng ka tsona tabeng ea kabo ea limakasine ea phutheho. Ba bolela hore na phutheho e amohela limakasine tse kae khoeli ka ’ngoe ha ba li bapisa le lenane leo ho tlalehoang hore le tsamaisitsoe. Ka sebele, limakasine tse ngata li bolokiloe kapa li lahluoe. Bahoeletsi ba ka sebelisa limakasine tsa rōna hamolemo joang? Bara bana babo rōna ba buisana ka lintlha tse supileng karolong ea Seboka sa Tšebeletso sa beke ea la 4 October, 1999, e reng “Ameha ka Limakasine!” Ba pheta phihlelo e tokollong ea Molula-Qhooa ea February 15, 1998, leqepheng la 28-9, ’me ba hlahloba litsela tse ling tseo ka tsona litlhahiso tse buelloang li ka sebelisoang phuthehong. Ho khothalletsoa e mong le e mong hore a leke ho sebelisa linehelano tse bontšoang tokollong ea khoeli ka ’ngoe ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
Pina 156 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 22 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 1, etsa lipontšo tse peli tsa linehelano tsa limakasine, ho e ’ngoe u sebelise Molula-Qhooa oa November 1, ’me ho e ’ngoe u sebelise Tsoha! ea November 8.
17 mets: ‘Mamela ’me U Amohele Taeo e Eketsehileng.’ Puo le puisano le bamameli. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha se rutoang likopanong e le lijo tsa moea tse matlafatsang tseo re li hlokang. Bua ka nako e ngata e sebelisoang le boiteko bo hlokahalang ho etsa hore lenaneo le joalo le be teng. Mema bamameli hore ba bolele seo e mong le e mong a ka se etsang ho tiisa hore o ruisa eena le ba bang molemo o fetisisang. Totobatsa mabaka ao ka ’ona kaofela re lokelang ho ba litulong tsa rōna ha lenaneo ka leng le qala.
18 mets: “U Iphepa Hantle Hakae Moeeng?”b Kōpa bamameli hore ba hlalose ka ho eketsehileng taba e tokollong ea Molula-Qhooa oa April 15, 1997, leqepheng la 28-31, ba hlalose lebaka leo ka lona re tlamehang ho ikitlaelletsa ho lula re iphepa hantle moeeng le kamoo re ka ho etsang kateng.
Pina 47 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 29 October
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fe batsamaisi ba Thuto ea Buka ea Phutheho litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ea October. Ka November ho tsamaisoa bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo. Etsa pontšo ena e khutšoanyane: “Linakong tsena tseo ho tsona mathata a lichelete a iphileng matla, batho ba bangata ba thatafalloa ke ho iphelisa. Na u nahana hore mebuso ea batho e tla rarolla bothata boo ka tsela e sa belaetseng ho bohle? [Mo fe nako oa ho araba.] Ke bone tšepiso ena e ka Bibeleng e khothatsa ka ho fetisisa.” Bala Pesaleme ea 72:12-14. Joale buella bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo, u kenyelletse ntlha e loketseng e ka har’a sengoliloeng.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
18 mets: “Etsang se Molemo le Tle le Rorisoe!”c Hlalosa hore na ke hobane’ng ha re khahla batho ba bangata ha re le kopanong e khōlō. Lipolelo tse molemo tsa ba shebeletseng li eketsa ho hong bopaking ba ’Muso, ha ka lehlakoreng le leng, lipolelo tse tšoaeang liphoso li ka etsa hore batho ba bo hlokomolohe. Bontša lintho tse tobileng tseo re lokelang ho li etsa ho bontša hore re na le litšoaneleho tsa Bokreste tse akarelletsang ho ameha ka ba bang e le kannete.
Pina 181 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 5 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba Lebokose la Lipotso, u etse hore taba eo e sebetse phuthehong.
18 mets: Lelapa le Lokisetsa Liboka. Ntate o buisana le lelapa la hae ka kamoo e mong le e mong a ka lokisetsang ho ba le karolo e molemo kateng libokeng. Ba sebelisa tataiso e tokollong ea Molula-Qhooa oa July 1, 1999, leqepheng la 19-20, serapeng sa 9, ba lokisetsa likarabo tseo ba tla fana ka tsona Thutong ea Molula-Qhooa ea beke ena. (1) Setho ka seng sa lelapa se khetha potso e le ’ngoe kapa tse peli tseo se tla li araba. (2) Ka mor’a ho hlahloba lirapa tse itseng, ba lokisetsa ho araba ka mantsoe a bona. (3) Ba khetha mangolo a sehlooho a bontšitsoeng, ba buisana hore na lengolo ka leng le amana joang le taba, ’me ba lokisetsa seo ba tla se bua e le hore a sebetse thutong eo. Bohle ba thahasella ho nka karolo sebokeng.
17 mets: “Morero ke Ofe?”d Hatisa bohlokoa ba ho thusa liithuti ho bona molemo oa ho ba teng libokeng. Kopanyelletsa le pontšo e lokiselitsoeng hantle ea kamoo sena se ka etsoang, u sebelisa buka ea Tsebo khaolo ea 17 serapeng sa 6-8.
Pina 186 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
d Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.