Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo e ngoloang ho sa phetloe libuka tse nang le boitsebiso bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa beke ea la 3 September ho ea ho ea la 24 December, 2001. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e fanoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Kaha tumelo ke tholoana ea moea oa Molimo, batho ba se nang tumelo ha ba batle moea oo, kapa ba o batla ka morero o fosahetseng kapa ba o hanela ho sebetsa bophelong ba bona. (Luka 11:13; Bagal. 5:22) [1, rs-SU leq. 434 ser. 4]
2. Ke ka nepo Pesaleme ea 58:4 e bontšang hore masumu e na le “litsebe” tse sa utloeng hobane ke setholo ka tlhaho. [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona Rbi8 leq. 1583; it-1 leq. 428; g93 7/22 leq. 31.]
3. “Lebotho le leholo” la basali leo ho buuoang ka lona ho Pesaleme ea 68:11 e ne e le makhoba a basali a neng a lokolotsoe botlamuoeng ke banna ba Baiseraele ha ba ne ba hapa ba lireng. [3, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 10/15 leq. 30 ser. 6.]
4. Haeba ha motho a hlaha kapa pejana ho moo a se a ntse a behetsoe nako ea ho shoa le mokhoa oo a tla shoa ka oona, ho ne ho ke ke ha hlokahala hore a qobe maemo a kotsi kapa hore a baballe bophelo ba hae, ’me mekhoa ea boipaballo e ne e sa tl’o theola palo ea mafu. [5, rs-SU leq. 355 ser. 1]
5. Polelo ea Pauluse e reng “ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang bocha ba hao tlaase” e bontša hore Timothea o ne a se a le haufi le ho ba lilemo li 20 kapa a sa tsoa li feta. (1 Tim. 4:12) [6, w99-SU 9/15 leq. 29 lir. 1-3; leq. 31 ser. 2]
6. Joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 110:1, “Morena oa ka” e bolela Jesu. [10, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w94-SU 6/1 leq. 28 ser. 5.]
7. Bukeng ea Lipesaleme, lebitso Jehova le hlaha ka makhetlo a ka bang 700, ’me sebōpeho se khutsufalitsoeng “Jah,” se hlaha ka a ka bang 43, ho bolelang hore ka karolelano, ho buuoa ka lebitso la Molimo makhetlo a ka bang mahlano Pesalemeng e ’ngoe le e ’ngoe. [12, si-SU leq. 104 ser. 23]
8. Le hoja Mangolo a bolela hore Jesu ke “molimo,” ebile ke “Molimo ea Matla,” ha ho kae kapa kae moo a bolelang hore ke ea matla ’ohle. (Joh. 1:1; Esa. 9:6; Gen. 17:1) [12, rs-SU leq. 334 ser. 3]
9. Ha e le hantle ho ithuta buka ea Liproverbia ke ho ithuta bohlale ba Solomone. [14, si-SU leq. 106 ser. 1]
10. Keletso ea Bibele e fumanoang ho Liproverbia 21:17, ea ho qoba ‘ho rata menyaka’ e bontša hore ho ithabisa ho fosahetse hobane ho nka nako ea lintho tse bohlokoa haholoanyane. [17, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w97-SU 10/1 leq. 27 ser. 7.]
Araba lipotso tsena tse latelang:
11. Ha Jesu a khalemela Maretha ka bonolo, see se ne se bolela eng? (Luka 10:40, 41) [3, w99-SU 9/1 leq. 30 ser. 7]
12. Jehova o ile a isa mopesaleme “khanyeng” efe? (Pes. 73:24) [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 12/15 leq. 28 ser. 3.] 13. Mopesaleme o bontša hore o na le pono efe ka litokelo tsa tšebeletso joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 84:1-3? [6, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w97-SU 3/15 leq. 8 lir. 5-7.]
14. Tšenolo 22:17 le Baroma 2:4, 5 li bontša joang hore Jehova ha a tsebe esale pele kapa hona ho lokisetsa sohle seo batho ba se etsang? [7, rs-SU leq. 357 lir. 3-4]
15. Kaha Bakreste ba pele ba ne ba lumela Pusong ea Jesu ea Lilemo tse Sekete joalokaha ho buuoe ka eona bukeng ea Tšenolo, ke litšusumetso life tse ileng tsa etsa hore thuto ee ea bomolimo e qetelle e hannoe ke Bakreste ba bakoenehi? [10, w99-SU 12/1 leq. 6 ser. 3–leq. 7 ser. 5]
16. Bakreste ba lokela ho ipehela meeli efe tabeng ea ho bontša ‘thahasello ea botho’ ho batho ba bang? (Bafil. 2:4) [11, w99-SU 12/1 leq. 29 ser. 1]
17. Ho fetisoa maikutlo afe ho Pesaleme ea 128:3 ha ho thoe bara ba “joaloka mahlōmela a lifate tsa mohloaare” a pota-potileng tafole ea monna? [12, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w00-SU 8/15 leq. 30 ser. 4.]
18. Haeba re fumana hore mosebetsi oa Molimo o susumetsa tšabo, see se tla re ama joang? (Pes. 139:14) [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 10/1 leq. 15 ser. 18.]
19. Ke hobane’ng ha Liproverbia 5:3, 4 e bua ka litholoana tsa boitšoaro bo bobe e le tse ‘babang joaloka lengana’ le tse “bohale joaloka sabole e sehang ka nģa tse peli”? [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w00-SU 7/15 leq. 29 ser. 2.]
20. Tumellanong le Liproverbia 14:29, temoho e ka re thusa joang ho qoba liphello tsa ho hloka mamello le bohale bo sa laoloeng? [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w97-SU 3/15 leq. 13 lir. 7-8.]
Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
21. Baprofeta ba ’nete ba ne ba bua ․․․․․․․․ ’me ba tsebahatsa ․․․․․․․․. (Deut. 18:18-20; 1 Joh. 4:1-3) [3, rs-SU leq. 44 lir. 1, 3]
22. Morero oa Liproverbia o habeli—e leng ho fana ka ․․․․․․․․. (Liprov. 1:1-4) [5, w99-SU 9/15 leq. 13 ser. 1]
23. ‘Sebaka se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa’ ke sebaka sa ․․․․․․․․ ho ba ka lehlakoreng la Molimo tsekong ea ․․․․․․․․; ke ‘sephiri,’ kapa taba e sa tsejoeng ke batho ba ․․․․․․․․. (Pes. 91:1) [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 12/15 leq. 29 ser. 6.]
24. Ho hlakile hore ‘ho se lebale liketso tsohle tsa Jehova’ ho amana le ho ․․․․․․․․ ka ‘liketso tsa hae,’ tsa mosa o lerato joalokaha li hlalositsoe Pesalemeng ea 103. (Pes. 103:2) [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w99-SU 5/15 leq. 21 lir. 5-6.]
25. Liproverbia ke lipolelo tseo hangata li sebelisang ․․․․․․․․ ho etselitsoeng hore ․․․․․․․․. [15, si-SU leq. 107 ser. 6]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
26. Le hoja Davida a ne a e-na le lebaka la ho halefisoa ke tsela eo Saule a neng a mo tšoere ka eona, o ile a laola moea oa hae hobane (o ile a hlokomela hore Saule o ne a sa phethahala le hore bahlanka ba Molimo ba lokela ho tšoarela; ka ho hlakileng o ne a nahanne ka kamano ea hae le Jehova; o ne a tseba hore ho ahlola ho fosahetse). (1 Sam. 24:6, 15) [1, w99-SU 8/15 leq. 8 ser. 7]
27. (Bohlale; Taeo; Ho loka) ke motsoako oa litšobotsi tse ngata, ho akarelletsa le kutloisiso, temohisiso, masene le matla a ho nahana; (molemo; kutloisiso; kahlolo e molemo) ke matla a ho bona taba le ho lemoha hore na e bōpiloe ka eng ka ho hlokomela hore na e hokahantsoe ka eng e le eona e feletse, ka lebaka leo re e utloisise. (Liprov. 1:1-4) [5, w99-SU 9/15 leq. 13 ser. 2]
28. Matla a Josefa a ho hana ha mosali oa Potifaro a mo hoka-hoka hore a kopanele boitšoarong bo bobe a ne a tsoa (tsebong ea hae ea Molao oa Moshe o neng o nyatsa bohlola; tšabong e tebileng ea boemo bo phahameng boo monna oa hae neng a le ho bona; ho nkeng ha hae kamano ea hae le Jehova e le ea bohlokoa). (Gen. 39:7-9) [7, w99-SU 10/1 leq. 29 ser. 3]
29. Ho totobetse hore mongoli oa Pesaleme ea 119 o ne a e-na le kananelo e tebileng ka (lentsoe la Molimo, kapa molao oa hae; mpho ea bophelo; tebello ea ho pholoha), e leng sona se hlahang hoo e ka bang litemaneng tsohle tsa pesaleme eo. [11, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w99-SU 11/1 leq. 10 ser. 5; w87-SU 3/15 leq. 24 ser. 2.]
30. Likhaolong tsa pele tse peli tsa lengolo la Pauluse le eang ho (Baroma; Bagalata; Baheberu), re fumana litšupiso tse ’maloa tse qotsitsoeng ho Lipesaleme tse buang ka (boemo bo phahameng ba; kolobetso ea; tšebeletso ea lefatšeng ea) Jesu Kreste. [13, si-SU leq. 105 ser. 28]
Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
Liprov. 2:19; 14:15; 18:17; Bar. 10:17; Baheb. 13:18
31. Hore a be le tumelo, motho o lokela hore a qale ka ho tseba hore na Bibele e re’ng a be a e hlahlobe ka hloko. [Bar. 10:17] [2, rs-SU leq. 436 ser. 1]
32. Bakreste ba ke ke ba sebelisa mekhoa ea khoebo e sa tšepahaleng kapa e hlokomolohang lithahasello tse loketseng tsa ba bang. [Baheb. 13:18] [4, w99-SU 9/15 leq. 10 ser. 2]
33. Ba kopanelang boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali ba ka ’na ba fihla moo ho seng bokhutlo, e leng lefung, pele ba ka hlaphoheloa. [Liprov. 2:19] [9, w99-SU 11/15 leq. 27 lir. 4-5]
34. Motho ea bohlale le ea hlalohanyang o nahanela liphello tsa liketso tsa hae ’me ha a latele ka bofofu mokhoa o itseng o mocha hobane feela o tumme. [Liprov. 14:15] [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona g94-SU 12/8 leq. 18 ser. 1.]
35. Le hoja taba ea motho e ka ’na ea e-ba e kholisang le e nepahetseng, ke bohlale ho utloa mahlakore ka bobeli a taba pele ho fihleloa qeto. [Liprov. 18:17] [17, si-SU leq. 111 ser. 36]