Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. February: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele.
◼ Ka kōpo hlokomelang hore Sehopotso selemong sa 2003 se tla ba ka Laboraro la la 16 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Tsebiso ena e etsoa esale pele tjena e le hore barab’abo rōna ba ka beheletsa liholo kapa ba etsa kōpo ea ho li sebelisa haeba ho e-na le liphutheho tse ’maloa tse sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe ’me ho tlameha hore ho fumanoe libaka tse ling. Baholo ba lokela ho lumellana le baokameli ba kholisehe hore ha ho na ho ba le litšitiso tse bakoang ke litšebeletso tse ling tse etsetsoang mohahong oo e le hore mokete oa Sehopotso o tsoele pele ka khotso le ka tsela e laolehileng. Ka lebaka la bohlokoa ba ketsahalo ena, ha sehlopha sa baholo se khetha sebui sa Sehopotso, se lokela ho khetha e mong oa baholo ba tšoanelehang haholoanyane ho e-na le hore feela ba chenchane kapa ba sebelise mor’abo rōna a le mong selemo se seng le se seng. Haeba ho e-na le moholo oa motlotsuoa ea tšoanelehang ea ka fanang ka puo, ho lokela ho khethoe eena.
◼ Bara le barali babo rōna ba Afrika Boroa le linaheng tse ahelaneng le eona ba hloka ho apoleloa liaparo tse boemong bo botle, tse hloekileng le lieta tse boemong bo botle. Ka kōpo arolang liaparo tsa banna, basali le bana, ngolang mokotla ka mong ka ho hlaka ’me le e romele ofising ea lekala.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Likopano tsa setereke tse latelang li hlakotsoe, ntle le ha ho ka fanoa ka boitsebiso bo bong:
La 14-16 December: Soweto (Sezulu 1)
La 21-23 December: Soweto (Sezulu 2)
La 4-6 January, 2002: Roodepoort Athletics Stadium (Sezulu; kopano e ncha)