Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/02 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 11 February
  • Beke e Qalang ka la 18 February
  • Beke e Qalang ka la 25 February
  • Beke e Qalang ka la 4 March
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 2/02 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 11 February

Pina 6

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.

20 mets: “Bolela Lentsoe la Molimo ka Botlalo.”a (Serapa sa 1-13) E lokela ho behoa ke molebeli ea okamelang. E be puisano e etsoang ka cheseho ea seo re lakatsang ho se finyella ka March le ho ea pele. E mong le e mong o lokela ho sebelisa k’halendara e lokiselitsoeng kenyelletsong ha a lokisetsa kemiso e sebetsang ea ho kopanela ka hohle kamoo a ka khonang tšebeletsong ea tšimo ka March. Khothatsa bohle ba ka khonang hore ebe bo-pula-maliboho ba thusang khoeling eo. Ha u hlahloba serapa sa 7-8, kōpa hore ho boleloe litlhohonolofatso tse ileng tsa fumanoa ke ba ileng ba bula maliboho nakong ea Sehopotso selemong se fetileng. Etsa tsebiso ea hore lifomo tsa kōpo ea bopula-maliboho bo thusang li tla fumaneha ka mor’a seboka sena.

13 mets: “Tsela ea ho Buella Limakasine.” Botsa bahoeletsi hore na tšobotsi ee e Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso e ba thusitse joang hore e be ba loketseng hamolemo ho amahanya lihlooho le liketsahalo tse tšoenyang tsa linako tsena tse mahlonoko. Ba bang ba bile le liphihlelo life ha ba khothatsa batho le ho ba thusa ho fumana likarabo tse thehiloeng Bibeleng tsa lipotso tse tšoenyang? Ka lipontšo tse peli tse khutšoanyane, bontša tsela ea ho tsamaisa Molula-Qhooa oa February 15 ka mor’a moo e be Tsoha! ea March 8.

Pina 49 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 18 February

Pina 95

8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

12 mets: “Batho ba Thabileng ka ho Fetisisa Lefatšeng.”b Ka bokhutšoanyane kenyelletsa “Mehato e Lebisang Thabong,” leqepheng la 6 la Molula-Qhooa oa October 15, 1997.

25 mets: “Bolela Lentsoe la Molimo ka Botlalo.”c (Serapeng sa 14-23) E behoe ke molebeli oa tšebeletso. Bolela litokisetso tse khethehileng tse etsoang phuthehong ea heno bakeng sa tšebeletso e eketsehileng ka March. Lokolisa kemiso e feletseng ea liboka tsa tšebeletso ea tšimo e lokiselitsoeng khoeling eo. Lebisa tlhokomelo tabeng ea ho tsosolosa ba khaolitseng ho kopanela tšebeletsong le ho thusa bana le liithuti tsa Bibele ho tšoanelehela ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Bala mabitso a ba ngoliselitseng ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka March, ’me u khothalletse ba eketsehileng hore ba nahane ka ho teba ka taba ea ho sebetsa le bona.

Pina 143 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 25 February

Pina 174

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Etsa lipontšo tse peli tse khutšoanyane tsa linehelano tsa limakasine—ho e ’ngoe u sebelise Molula-Qhooa oa March 1 ’me ho e ’ngoe u sebelise Tsoha! ea March 8. Sebelisa mocha ho e ’ngoe ea tsona. Hopotsa bahoeletsi hore ba fe batsamaisi ba thuto ea buka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ea February.

35 mets: “Na U Sebelisa Seo U Ithutileng Sona Kopanong ea Setereke ea ‘Mesuoe ea Lentsoe la Molimo’?” Puisano le bamameli ka lenaneo la kopano, e behoe ke mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa. Ka mor’a kenyelletso ea motsotso, sebelisa metsotso e 10-12 bakeng sa lenaneo la letsatsi ka leng. Hlahisa lintlha tse ka sehloohong ka bokhutšoanyane tlas’a sehloohoana ka seng, ebe u kōpa hore bamameli ba hlalose mabapi le (1) kamoo ba lekileng ka matla ho sebelisa taeo eo, (2) kamoo ba ruileng molemo ka ho etsa joalo le (3) hore na ba ikutloa hore ba batla ho etsa eng hape. Botsa lipotso tse fatang maikutlo ho etsa hore puisano ena e be e hlasimollang. Thusa bohle ho utloisisa hore ho hlokahala hore ba sebelise seo ba ithutileng sona.

Pina 215 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 4 March

Pina 207

5 mets: Litsebiso tsa phutheho.

12 mets: Litlhoko tsa phutheho.

12 mets: Sebelisa Buka ea Tsebo Bakeng sa ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele. Ka March re batla ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele. Pheta hakhutšoanyane phihlelo e Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea August 1998 leqepheng la 4, serapeng sa 8. Haeba ho e-na le motho ea sa tsoa qalisa thuto bukeng ea Tsebo, etsa pontšo e bontšang hore na o finyeletse sena joang. Hopotsa e mong le e mong ka “Litlhahiso Tsa ho Tsamaisa Buka ea Tsebo,” kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002. U sebelisa buka ena, etsa pontšo ka e ’ngoe ea litlhahiso tse leqepheng la 6 la kenyelletso eo tlas’a sehloohoana se reng “Katamelo e Tobileng.”

16 mets: “Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tsoela Pele U Bolela?”d Phetha ka ho buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba ’nileng ba bolela ka lilemo-lemo. E-re ba bolele maikutlo a bona mabapi le hore na ke hobane’ng ha ba phehelletse ho etsa mosebetsi ona le hore na o ba ruisitse molemo joang.

Pina 223 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela