Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/02 leq. 1
  • Re Thabela ho ba Bonngoeng le Jehova le Mora oa Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Thabela ho ba Bonngoeng le Jehova le Mora oa Hae
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re ea Sehopotsong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Hopola Thekollo le ho e Ananela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Jehova oa re Hlohonolofatsa ha re Leka Kahohle ho Ikhopotsa Lefu la Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • “Le ’ne le Etse Sena ho Nkhopola” Sehopotso sa Lefu la Jesu se Tla ba ka la 2 April
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 3/02 leq. 1

Re Thabela ho ba Bonngoeng le Jehova le Mora oa Hae

Ketsahalo ea Bohlokoahali Selemong Sena e Tla Ketekoa ka la 28 March

1 Ka ho keteka Lijo tsa Shoalane tsa Morena ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 28 March, 2002, re bontša hore re thabela ho ba bonngoeng le Jehova Molimo le Jesu Kreste. Ketsahalong eo e khethehileng, masala a Bakreste ba tlotsitsoeng a tla thabela “kabelo” e khethehileng eo a nang le eona le majalefa a mang a ’Muso, le Ntate le Mora oa hae. (1 Joh. 1:3; Baef. 1:11, 12) Ba “linku tse ling” ba limilione ba tla nahanisisa ka tokelo ea bona e babatsehang ea ho ba bonngoeng le Jehova le Mora oa hae, ba le pelo e le ’ngoe le kelello e le ’ngoe ha ba etsa mosebetsi oa Molimo!—Joh. 10:16.

2 Ho Sebetsa Hammoho Kamanong e Haufi: Jehova le Jesu ba ’nile ba thabela ho ba bonngoeng kamehla. Ba ne ba thabela botsoalle bo haufi ka lilemo-lemo pele motho a bōptjoa. (Mik. 5:2) Ka tsela eo ho na le kamano e matla ea lerato le mofuthu pakeng tsa bona ka bobeli. Joaloka bohlale bo mothofalitsoeng, Mora enoa oa letsibolo pele e e-ba motho o ne a ka re: “Ke ile ka ba eo [Jehova] a neng a mo rata ka ho khethehileng letsatsi le letsatsi, ke ntse ke nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle.” (Liprov. 8:30) Ho qeta lilemo-lemo a le haufi-ufi le Mohloli oa lerato ho bile le tšusumetso e tebileng ho Mora oa Molimo!—1 Joh. 4:8.

3 A nahanne ka hore moloko oa batho o hloka topollo, Jehova o ile a khetha Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, eo ka ho khetheha a neng a rata batho, hore a fane ka sehlabelo sa thekollo, seo e leng eona feela tšepo eo re nang le eona. (Liprov. 8:31) Hantle feela joalokaha Jehova le Mora oa hae ba le bonngoeng ha ba phetha morero o le mong, re lula re le bonngoeng le bona, hape re lula re le bonngoeng e mong ho e mong kamanong ea lerato le matla, re etsa thato ea Molimo ka thabo.

4 Ho Bontša Kananelo ea Rōna e Tlohang Pelong: Ka ho ba teng Sehopotsong le ho mamela ka hloko le ka tlhompho, re ka bontša kananelo ea rōna ea sebele bakeng sa lerato la Jehova le sehlabelo sa Mora oa hae molemong oa rōna. Ho tla totobatsoa mohlala oa Jesu o lerato, botšepehi ba hae ho isa lefung ha a fana ka thekollo, le bobusi ba hae e le Morena oa ’Muso oa Molimo o hlomiloeng, hammoho le litlhohonolofatso tseo ’Muso o tla li tlisetsa moloko oa batho. Re tla boela re hopotsoe hore ho hlokahala hore re bontše tumelo ea rōna re sa khaotse, re sebetsa ka cheseho tumellanong le thato ea Jehova re le “basebetsi-’moho ’neteng.”—3 Joh. 8; Jak. 2:17.

5 Ho Thusa ba Bang Hore ba Kopanele le Rōna: Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho khothalletsa Lipaki tsohle tse tšimong ea tsona tse sa kopaneleng tšebeletsong hore li be teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. (Mat. 18:12, 13) Etsang lethathamo la ba lokelang ho eteloa e le hore ho se be le ba hlokomolohuoang le hore bohle ba mengoe ka ho toba.

6 Na u tseba ba bang ba ka ’nang ba tla Sehopotsong? Nka bohato ba ho haha kananelo ea bona bakeng sa ketsahalo ena. Ba meme ka mofuthu, ’me u etse hore ba ikutloe ba amohelehile. A re etseng sohle seo re ka se khonang ho memela liithuti tsohle tsa rōna tsa Bibele ketsahalong ena ea bohlokoahali selemong, hammoho le batho ba bang ba thahasellang, le litho tsa lelapa le metsoalle. Melemo ea thekollo e lula e fumaneha ho bohle ba ithutang “bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu.” (Bafil. 3:8) Ba sebelisang tumelo sehlabelong sa Kreste ba ka ba le tšepo e tiileng ea bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16.

7 Le ka mohla u se ke ua khella fatše phello eo Sehopotso se ka bang le eona ho batho ba tšepahalang. Lilemong tse peli tse fetileng naheng ea Papua New Guinea e sehlekehlekeng, batho ba 11 ba thahasellang ba ile ba tsamaea ka seketsoana lihora tse 17 leoatleng le befileng e le hore ba ka ba teng. Hobane’ng? Ba itse: “Re ne re batla ho keteka Sehopotso sa Kreste le bao re rapelang Jehova le bona; ka hona re ne re loketse ho nka leeto lena.” Nahana ka cheseho e bontšitsoeng ke batho bao ba thahasellang le kananelo ea bona bakeng sa ho thabela ho ba bonngoeng le Jehova, Mora oa hae le mokhatlo oa bara ba motho ba Bakreste!

8 Buella thuto ea Bibele ho bohle ba thahasellang. Ba khothalletse ho ba teng kamehla libokeng tsa phutheho le ho bolella ba bang linnete tseo ba ithutang tsona. Ba thuse ho “tsamaea leseling” le ho ‘sebelisa ’nete’ ka ho latela melao-motheo ea Bibele bophelong ba bona. (1 Joh. 1:6, 7) Ba thuse ho hlaolela kamano e haufi le Jehova le ho tsoela pele ho hōlisa kananelo tokelong ea ho etsa thato ea hae re le bonngoeng.

9 Ke tokelo e babatsehang hakaakang ho thabela ho ba bonngoeng ‘ka moea o le mong re loana re bapile ka mahlakore bakeng sa tumelo ea litaba tse molemo’! (Bafil. 1:27, 28) A re lebelleng ka thabo ho ba le botsoalle bo monate re le hammoho Sehopotsong ka la 28 March, kamehla re lebohe Jehova le Mora oa hae!—Luka 22:19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela